Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/08 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 4/08 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo.

◼ Bangoli ba phutheho ba lokela ho lula ba e-na le liforomo tse lekaneng tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) le tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b). Liforomo tsena li ka odaroa ka Literature Request Form (S-14). Bonyane le be le tse ka qetang selemo. Etsang bonnete ba hore liforomo tsa kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla li tlatsitsoe ka botlalo pele li romeloa ofising ea lekala.

◼ Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Neng kapa neng ha ho e-ba le phetoho, kapele-pele Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tlatsa foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli (S-29), ’me e e tekene le ho e romela ofising ea lekala. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e le life tsa code ea thelefono.

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho etela naheng e ’ngoe ’me u rera ho ea libokeng tsa phutheho, kopanong e nyenyane kapa ea setereke sebakeng seo, u lokela ho kōpa boitsebiso bo mabapi le matsatsi, linako le libaka ofising ea lekala e tsamaisang mosebetsi naheng eo. Ho thathamisitsoe liaterese tsa liofisi tsa makala leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao.

◼ Ho qala bekeng ea la 9 June ho ea ho la 28 July, 2008, liphutheho tsa Sevenda li tla ithuta bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa Thutong ea Buka ea Phutheho.

◼ Ho qala bekeng ea la 4 August, 2008, liphutheho tsa Sepedi le Sevenda li tla ithuta buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela Thutong ea Buka ea Phutheho.

◼ Tlhokomeliso e eang ho bahokahanyi ba libuka le bangoli ba liphutheho: Ha le founela ofising ea lekala mabapi le lingoliloeng tse rometsoeng ka phoso, re kōpa hore ha ho khoneha le foune le tšoere (ma)lethathamo le kentsoeng ka lebokoseng la lintho tse rometsoeng. Haeba le ngolla ofisi ea lekala, re kōpa hore le romele kopi ea lethathamo la lintho tse rometsoeng.

◼ Tlhokomeliso ho balebeli ba okamelang: Mangolo ao ofisi ea lekala e a romelang ho lihlopha tsa baholo ka linako tse ling a na le litaelo tsa bohlokoa tse amang mosebetsi oa mohlanka oa limakasine kapa oa libuka. Balebeli ba okamelang ba lokela ho etsa bonnete ba hore boitsebiso bona bo fetisetsoa ho bara bana babo rōna hang ha mangolo ao a baliloe.

◼ Tlhokomeliso ho bahlanka ba lingoliloeng: Mona re hlakisa se boleloang ke lentsoe “Pending” le hlahang mathathamong a lintho tse rometsoeng. Haeba ka nakoana sengoliloeng se felile setokong se tla hlaha tlas’a “Pending.” Ha ho sa hlokahala hore le odare sengoliloeng sena hape. Hang ha setoko se fihla, lingoliloeng tseo le li odarileng tse hlahang tlas’a “pending” li tla romeloa. Hlokomelang hore ho ka ’na ha nka nako e telele hore lingoliloeng tse tsoang makaleng a mose li fihle, tse kang li-CD-ROM, li-DVD le lingoliloeng tsa lipuo tsa linaha tse ling.

◼ Ho lokiselitsoe hore ho be le kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea puo ea matsoho Holong ea Kopano Bellville ka la 26 April, 2008, le Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 4 May, 2008. Kopano ea potoloho ea puo ea matsoho e tla tšoaroa ka la 23 le la 24 August, 2008, Holong ea Kopano ea Eikenhof.

◼ Re lokiselitse hore kopano ea pele e khethehileng ea letsatsi ka Sefora e be Holong ea Kopano ea Midrand ka la 8 June, 2008.

◼ Ho tla tšoaroa kopano ea potoloho ea Sepotoketsi Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 26 le la 27 July, 2008.

◼ Re lebeletse phutuho e tlang ea tšimo e sa abuoang. Ena ke khopotso ea hore lingoliloeng li lokela ho odaroa esale pele eseng ha ho se ho setse libeke tse seng kae pele ho phutuho. Re eletsa liphutheho hore li odare lingoliloeng bonyane likhoeli tse tharo pele ho phutuho.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Lula U Hopola Letsatsi la Jehova—Mongolo o Moholo (jdlp)—Senyesemane, Sezulu

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

Lekunutu la Thabo ea Lelapa (cdfy)—Senyesemane

Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa (cdwe)—Senyesemane

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tsa MP3 Tse Fumanehang:

Atamela ho Jehova (mpcl)—Senyesemane

Ithute ho Mosuoe e Moholo (mplr)—Senyesemane

Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele (mpmy)—Senyesemane

Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela (mpgt)—Senyesemane

Lekunutu la Thabo ea Lelapa (mpfy)—Senyesemane

Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? (mprq)—Senyesemane

Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? (mpbh)—Senyesemane

Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa (mpwe)—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela