Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/08 maq. 2-3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 6/08 maq. 2-3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka June: Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

◼ Kaha August e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle ea ho nka bopula-maliboho bo thusang.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, e kang ea tokiso kapa ea kaho, le eona e lokela ho hlahlojoa. Ha (li)ak’haonte eo e se e hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa nakong ea tlaleho e latelang ea liak’haonte. Ke liphutheho tsa Afrika Boroa feela tse lokelang ho romela liak’haonte tse hlahlobiloeng tsa March, April le May ofising ea lekala ntle ho tieho. Mongoli le mohlanka oa liak’haonte ba tlameha ho etsa bonnete ba hore liak’haonte li feletse ’me li hlophisitsoe hantle le hore ho fanoe ka lintho tse latelang: Leqephe la Liak’haonte (S-26), Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30), Lirasiti (S-24), maqetšoana a litšenyehelo le seteitemente sa banka sa khoeli ka ’ngoe (haeba phutheho e e-na le ak’haonte ea banka). Ka mor’a moo, mongoli o lokela ho li romela ofising ea lekala a li ngotse ka ho hlaka hore li ea Accounting Office—PBO Registration.

◼ Ho khothalletsoa hore likōpo tsohle tsa bopula-maliboho ba kamehla li romeloe ofising ea lekala bonyane matsatsi a 30 pele ho letsatsi leo motho a kōpang ho qala ka lona. Mongoli oa phutheho o lokela ho hlahloba liforomo tsa kōpo ho tiisa hore li tlatsitsoe hantle. Haeba motho ea etsang kōpo a sa hopole hantle letsatsi leo a kolobelitsoeng ka lona o lokela ho le hakanya ebe o le ngola moo a ke keng a hlola a le lebala. Mongoli o lokela ho ngola letsatsi lena kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21).

◼ Ka kōpo hlokomelang hore ho ke ke ha e-ba le memo e khethehileng ea kopano ea setereke ea 2008. Leha ho le joalo, re lokisetsa phutuho e khōlō ea lefatše lohle haufinyane. Hamorao ho tla fanoa ka lintlha tse qaqileng mabapi le phutuho eo.

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele (cdmy)—Sechaena (Semandarine)

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tsa MP3 Tse Fumanehang:

Litšoantšiso Tsa Bibele (mpdrm)—Sepotoketsi

Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? (mpbh)—Sepotoketsi

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:

Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2006 (dvw06)—Puo ea Matsoho ea Amerika

Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2007 (dvw07)—Puo ea Matsoho ea Amerika

◼ DVD e Ncha ea Lipuo Tse Fapa-fapaneng e Fumanehang:

Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault (dvfi)—Searabia, Sedache, Semalagasy, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi (sa Brazil), Sepotoketsi (sa Europe) (Li ho DVD e le ’ngoe)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela