Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/08 maq. 2-3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 7/08 maq. 2-3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

◼ Ho qala ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se reng “Tsamaea Tseleng ea Botšepehi.”

◼ Setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng se lokela ho baloa ka la 31 August, 2008 kapa kapele ka mor’a moo. Tsela eo setoko sena se baloang ka eona e tšoana le eo mohokahanyi oa libuka a balang setoko ka eona khoeli le khoeli, ’me kakaretso e fumanoeng e lokela ho ngoloa foromong ea Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Etsang bonnete ba hore pele le bala setoko, liodara tse khethehileng li fihlile matsohong a bahoeletsi ba li odarileng. Palo-kakaretso ea limakasine tse teng e lokela ho fumanoa ho mohlanka oa limakasine. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlophisa mosebetsi oa ho bala setoko. Eena le molebeli ea okamelang oa phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo ena. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la Setoko sa Libuka ha e romeloa thepa ka July/August. Ka kōpo romelang foromo ea “original” ofising ea lekala pele ho la 6 September. Bolokang kopi e ’ngoe lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka ba eo ho sebeletsoang ho eona. Ka kōpo shebang lengolo la rōna la la 7 January, 2008 pele le qala ho bala setoko.

◼ Haufinyane phutheho ka ’ngoe e tla romeloa setoko sa selemo le selemo sa liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2009 ka lienfelopong tse khōlō, ’me li tla romeloa ka liphutheho tse hokahanyang. Kaha mabitso a liphutheho tse ling tse sehlopheng seo ha a hlahe ka holim’a lienfelopo, mohokahanyi oa libuka o lokela ho hlahloba ka hloko melaetsa ea lethathamo la lintho tse rometsoeng ’me a tiise hore thepa e rometsoeng e isoa kapele phuthehong ka ’ngoe e sehlopheng seo.

◼ Liphutheho li lokela ho odara liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2009 ha li odara lingoliloeng khoeling e tlang. Lintho tse latelang ha lia lokela ho odaroa kaha li tla kenngoa setokong sa selemo le selemo sa liforomo tsa phutheho: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Lienfelopo Tsa Karete ea Tlaleho (rce), Literature Request Form (S-14), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26) le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Re kōpa hore le sebelisetse liforomo tsohle morero oa tsona feela.

◼ Re lokela ho sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele ho e-na le ho sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang. Bukana ea Seo a se Hlokang e ka tsoela pele e tsamaisoa tšebeletsong ea tšimo ho fihlela e felile setokong.

◼ Ho tloha ka January 2008, Molula-Qhooa le Tsoha! tse rekotiloeng ka Senyesemane le Sepanishe li hlaha atereseng ea Inthanete ea www.jw.org. Ba bangata ba rata ho kopitsa limakasine tsena tse rekotiloeng, tse tsoang pele li-CD kapa li-MP3 li fihla liphuthehong. Neng le neng ha ho kopitsoa joalo, mokhatlo o lefisoa chelete e itseng. Leha ho le joalo, ho li kopitsa ka tsela eo ho bitsa chelete e nyenyane ho feta ho etsa li-disc le ho li romela. Kahoo, bahoeletsi ba kopitsang limakasine tsena tse rekotiloeng ba khothalletsoa hore ba bolelle mohlanka oa limakasine hore a se ke a hlola a ba odarela li-CD kapa li-MP3. Ha nako e ntse e ea, ho tla ba le lingoliloeng tse ngata tse rekotiloeng ka lipuo tse ling tse tla hlaha atereseng eo ea www.jw.org.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Watch Tower Publications Index 2007 (dx07)—Puo ea Matsoho ea Amerika

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tsa MP3 Tse Fumanehang:

Lula U Hopola Letsatsi la Jehova (mpjd)—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela