Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Moo ho nang le bana, ho ka tsamaisoa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
◼ Kaha November e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle ea ho nka bopula-maliboho bo thusang.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng ea nako ea Sehopotso e tla ba bekeng ea la 20 April, 2009. Sehlooho sa puo se tla tsebisoa hamorao. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho kapa kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 20 April.
◼ Molebeli ea okamelang o kōptjoa hore a romele liak’haonte tsa phutheho tsa June, July le August ofising ea lekala kapele kamoo ho ka khonehang bofelong ba August. Ho ke ke ha hlokahala hore liak’haonte tseo li hlahlojoe pele li romeloa. Ho lokela hore ho kenngoe liteitemente tsohle tsa banka. Li lokela ho romeloa Accounting Office—PBO Registration.
◼ Temana ea selemo ea 2009 e tla romeloa liphuthehong ntle le hore li e odare. Leha ho le joalo, liphutheho tse ncha tse bileng teng ka mor’a la 1 September, li lokela ho romela liodara tsa tsona. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Sekwangali, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li lokela hore li be li fanyehile temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 2009.
◼ Ka linako tse ling ofisi ea lekala e amohela Literature Request Form (S-14) le Foromo ea ho Odara Limakasine (M-202) e sa ngoloang lebitso le nomoro ea phutheho e leng se etsang hore ho be thata hore e sebetsoe. Ka mosa re hopotsa bangoli hore pele ba saena liforomo tsena le ho li romela, ba hlahlobisise lintho tsena.
◼ Ha ho sa tla hatisoa Require—On Compact Disc (cdrq) ka Seafrikanse, Sepedi, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Ka lebaka leo, liodara tseo liphutheho li li entseng bakeng sa li-compact disc tsena li tla hlakoloa. Leha ho le joalo, re sa na le tse ngatanyana ka Sesotho, kahoo re kōpa hore le li odare.
◼ E le ho thusa bahoeletsi le batho ba thahasellang ba sa boneng le ba sa boneng hantle ba sebelisang mochine oa Braille o ngolang lintlha kapa lik’homphieutha tse khonang ho balla motho ka lentsoe le phahameng, ho entsoe tokisetso ea ho ba romella The Watchtower ea Braille ka e-mail. Ho na le khatiso e ithutoang le khatiso ea batho ka kakaretso ea The Watchtower ea Senyesemane ea Braille ea Grade 2 kapa Braille e khutsufalitsoeng, le khatiso e ithutoang ea The Watchtower ea Sefora le Sepanishe ea Braille ea Grade 1 kapa Braille e sa khutsufatsoang. E tla romeloa ka e-mail ho ba e odarang. Ba batlang ho romeloa The Watchtower ea Braille ka e-mail ba lokela ho kōpa mongoli oa phutheho hore a romele lengolo ho Jehovah’s Witnesses of South Africa, Literature Department, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740. Lengolo lena le lokela ho ba le lebitso la motho eo le aterese, lebitso kapa mofuta oa mochine oo a o sebelisang, aterese ea hae ea e-mail, le hore na o bala Braille ea Senyesemane, Sefora kapa Sepanishe. Haeba a se na e-mail, a fane ka aterese ea e-mail ea motho ea ka e amohelang ’me a e fetisetse ho eena.
◼ Re na le libukana tse ngata tsa Seo a se Hlokang (rq) setokong, ka lebaka leo re khothalletsa liphutheho hore li li odare e le hore li li sebelise hamolemo nakong ea phutuho ea tšimo e sa abuoang.
◼ Buka ea Lula U Hopola Letsatsi la Jehova ea Senyesemane le Sepotoketsi e fumaneha ka MP3 le M4B atereseng ena ea Inthanete ea www.jw.org. Batho ba sebelisang iPod ba ka khetha M4B (AAC), e akarelletsang litšoantšo tsa khaolo ka ’ngoe. Ho ke ke ha e-ba le disc ea MP3. E fumaneha feela atereseng ea Inthanete ea www.jw.org. Le hoja mokhatlo o lefisoa neng le neng ha ho kopitsoa, litšenyehelo tsa mokhoa ona li tlaase ho feta tsa ho etsa li-disc le ho li romela.
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Live With Jehovah’s Day in Mind (cdjd)—Senyesemane, Sepotoketsi