Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Haeba ho e-na le bana, ho ka tsamaisoa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Ka la 1 September, 2008, ho ile ha thehoa potoloho e ncha e tla hlokomela tšimo ea puo ea matsoho hammoho le liphutheho tsa Sechaena le tsa Sefora. Ho entsoe liphetoho tse latelang likopanong tsa potoloho le tse khethehileng tsa letsatsi: Kopano ea potoloho ea puo ea matsoho e tla tšoareloa Durban ka la 21 le 22 March, 2009, le Holong ea Kopano ea Midrand ka la 22 le 23 August, 2009. Ho lokiselitsoe kopano ea potoloho ea Sechaena Holong ea Kopano ea Midrand ka la 29 le 30 August, 2009. Ho lokiselitsoe likopano tsa potoloho tsa Sefora Holong ea Kopano ea Midrand ka la 21 le 22 February, 2009 le Durban ka la 28 le 29 March, 2009. Ho tla tšoaroa kopano e khethehileng ea letsatsi ea puo ea matsoho Holong ea Kopano ea Midrand ka la 31 January 2009, George ka la 12 April 2009 le Durban ka la 11 July, 2009. Ho lokiselitsoe kopano e khethehileng ea letsatsi ea Sechaena Holong ea Kopano ea Midrand ka la 1 February, 2009. Ho tla tšoaroa kopano e khethehileng ea letsatsi ea Sefora Holong ea Kopano ea Bellville ka la 25 April, 2009, Holong ea Kopano ea Midrand ka la 7 June, 2009, le Durban ka la 12 July, 2009.
◼ Balebeli ba okamelang ba lokela ho netefatsa hore phutheho e fumana Litšebeletso Tsa Rōna Tsa ’Muso tse lekaneng, le hore ho sala tse seng kae. Haeba li le ngata haholo, odara ea phutheho e lokela ho fokotsoa ka Foromo ea ho Odara Limakasine (M-202). Haeba li le nyenyane haholo, ho ka eketsoa odara. Mohoeletsi e mong le e mong o lokela ho ba le eona. Ba bang teng kamehla Sebokeng sa Tšebeletso ’me ba ntse ba hatela pele ka sepheo sa hore ba tšoanelehe ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le bona ba lokela ho e fuoa. Etsang bonnete ba hore le boloka e ’ngoe bakeng sa laebrari ea Holo ea ’Muso. Batho ba khaotsoeng ha baa lokela ho fuoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 1987.
◼ Ka linako tse ling ofisi ea lekala e fumana liodara tse potlakileng tsa lingoliloeng. Ka kōpo qobang ho etsa liodara tse potlakileng ntle leha ho rometsoe thepa eo le sa e odarang. Lingoliloeng tse hlokoang bakeng sa ho tsamaisoa tšimong, bakeng sa liphutuho tse khethehileng, lingoliloeng tse ithutoang libokeng, li-DVD tse lokelang ho shebelloa le liforomo li boleloa nako e sa le teng litsebisong. Ha lintho li hlophisitsoe hantle, ho ka qojoa boholo ba liodara tse potlakileng. Liodara tse tloaelehileng li lokela ho etsoa hang-hang khoeli ka ’ngoe, esita le haeba e le lingoliloeng tse seng kae feela.
◼ Ka bomalimabe, ha ho na tokisetso ea hore barab’abo rōna ba late liodara tsa liphutheho tsa habo bona Bethele. Ho lateloa kemiso e khethehileng ea ho pakela phutheho ka ’ngoe lingoliloeng tsa eona ’me liodara li romeloa ho latela kemiso eo. Ka lebaka la mosebetsi o mongata, ho ba thata haholo hore ho tloheloe mosebetsi ebe ho pakoa liodara tse tlil’o latoa. Leha ho le joalo, ha ho bothata haeba barab’abo rōna ba siea li-Literature Request Form (S-14) tsa bona ha ba etetse Bethele.
◼ Re rata ho hopotsa bangoli ba liphutheho hore ka kōpo ba tlatse foromo e tsamaeang le lengolo la la 1 October, 2008 le buang ka liodara tsa limakasine tse eketsehileng tse tla tsamaisoa phutuhong e khethehileng ea March, April le May 2009.
◼ Re kōpa hore le baballe liforomo tsa phutheho. Ho sebetsoa ka thata ho hatisa liforomo tsena ’me ho bitsa chelete e ngata. Ho ka ba molemo hore ho hopotsoe ba bang hore liforomo tsena ha lia lokela ho sebelisetsoa mabaka a mang kapa ho ngolla lintlha. Liphutheho tse ling li fana ka pampiri e ka sebelisetsoang mabaka ana e le hore ho se sebelisoe liforomo. Barab’abo rōna ba ka qoba tšenyo haeba ba lokisa liphoso ho e-na le ho lahla foromo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba lokela ho etsa bonnete ba hore liforomo tse bolokoang lifaeleng tsa phutheho kapa tse romeloang ofising ea lekala li tlatsitsoe ka makhethe ’me li hlakile. Ha ba boloka liforomo faeleng ba lokela ho etsa bonnete ba hore liforomo tse lekanang li se ke tsa sirana.
◼ Hangata ho etsoa litsebiso tsa bohlokoa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso tse amanang le tsela ea ho etsa lintho le ho odara lingoliloeng. Bahlanka ba lingoliloeng ba lokela ho bala litsebiso tsena hang ha ba fumana Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me ba etse se boletsoeng ntle ho tieho.
◼ Re lakatsa ho hopotsa bahoeletsi hore ho hatisa lingoliloeng tsa Braille ho ja chelete e ngata haholo, tse ling li bitsa liranta tse likete. Re na le boikarabelo ba ho nehela bakeng sa lingoliloeng tsena. Ha mongoli oa phutheho a hlahloba Literature Request Form (S-14), o lokela ho tiisa hore lingoliloeng tsena li odareloa bahoeletsi kapa lithuto tsa Bibele tse hatelang pele. O lokela ho bontša ka ho hlaka foromong ea Literature Request Form hore o hlahlobile odara ka hloko ’me o lumellana le eona. Ba fumanang peeletso ea The Watchtower kapa Awake! ea Braille le bona ba lokela ho nahanela litšenyehelo tsa khatiso.
◼ Ofisi ea lekala ha e sa tla ba le li-disc tsa Kingdom Melodies—MP3 tseo liphutheho li ka li odarang. Li ka fumaneha feela atereseng ea Inthanete ea www.jw.org. Le hoja mokhatlo o lefisoa chelete e itseng neng le neng ha ho kopitsoa joalo, ho li kopitsa ka tsela eo ho bitsa chelete e nyenyane ho feta ho etsa li-disc le ho li romela.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? (kt)—Seafrikanse, Sechaena (Se Nolofalitsoeng), Sechichewa, Secibemba, Sefora, Seherero, Sekhoekhoegowab, Sekwangali, Sekwanyama, Sendebele, Sendonga, Senyesemane, Senyesemane (Braille Grade 2), Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Seswati, Setsonga, Setswana, Seumbundu, Sevenda, Sexhosa, Sezulu
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? (dvkt)—Puo ea Matsoho ea Amerika, Puo ea Matsoho ea Afrika Boroa