Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
◼ Puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “Hana Likhopolo Tsa Lefatše, U Hahamalle Lintho Tsa Sebele Tsa ’Muso,” ’me e tla fanoa ho tloha bekeng ea pele ea March.
◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho tšoara Sehopotso selemong sena ka Labone la la 9 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Phutheho ka ’ngoe e lokela ho leka ho itšoarela Sehopotso sa eona. Haeba ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisa Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse ’maloa li ka sebelisa sebaka se seng mantsiboeeng ao. Ha ho khoneha, re etsa tlhahiso ea hore bonyane ho be le metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka ba le monyetla o lekaneng oa ho thabela botsoalle ka mor’a Sehopotso.
◼ Bahoeletsi bohle ba khothalletsoa hore ba tlatse karete ea durable power of attorney (DPA), haeba ba e-s’o e tlatse. Karete ena ea DPA e sireletsa tokelo ea hao ea ho hana ho tšeloa mali. Baholo ba tla thusa motho ka mong haeba ho hlokahala.—Sheba kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2007.