Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Sehlooho se reng “Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?” le se reng “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke,” tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso khoeling ena, li tla tšohloa Sebokeng se seng sa Tšebeletso ka October. Leha ho le joalo, kaha likopano tsa Namibia le Botswana li tla tšoaroa pele ho moo, liphutheho li lokela ho lokisetsa hore ho be le puisano ea metsotso e 25 ea lihlooho tsena bonyane libeke tse tharo pele ho kopano.
◼ Ho ka fetoloa kemiso ea liboka ha ho hlokahala e le ho fana ka monyetla oa ho ea Kopanong ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” Sebokeng sa Tšebeletso se etellang kopano pele, ho lokela hore ho tšohloe likeletso le likhopotso tse sebetsang sebakeng sa habo lōna. Khoeli e le ’ngoe kapa tse peli ka mor’a kopano, ho ka sebelisoa karolo ea litlhoko tsa phutheho ho ikhopotsa lintlha tsa kopano tseo bahoeletsi ba fumaneng hore li tla ba thusa tšebeletsong.