Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Le hoja khoeling ea August ho ne ho e-na le mohoanto oa ba litšebeletso tsa poso naheng ka bophara, e leng se ileng sa etsa hore litlaleho li se ke tsa fella, rea thaba hore ebe bahoeletsi ba Lesotho ba 2 963 ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 4 847. Swaziland e ile ea tlaleha tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 238. Barab’abo rōna ba Namibia le bona ba ile ba sebetsa ka thata ’me bahoeletsi ba 1 630 ba khanna lithuto tsa Bibele tse 2 764.