Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/10 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 8/10 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 August, 2010. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse tšohliloeng lipuong tsa beke ea la 5 July ho ea ho ea la 30 August, 2010.

1. Ho thuisa ka mantsoe ao Solomone a a buileng thapelong ha ho khakoloa tempele ho tla etsa hore re ananele ka ho teba litšobotsi tsa botho ba Jehova joang? (1 Mar. 8:22-53) [w05 7/1 leq. 30 ser. 3; it-2-E leq. 989 ser. 4]

2. Ke hobane’ng ha ho ka thoe leha Davida a ile a etsa liphoso tse ngata, o ile a tsamaea ka pel’a Jehova “ka pelo e tšepahalang”? (1 Mar. 9:4) [w97 5/1 leq. 5 lir. 1-2]

3. Ke hobane’ng ha mofumahali oa Sheba a ile a re ka Solomone: “Ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pel’a hao kamehla, ba mametse bohlale ba hao!”? (1 Mar. 10:4-8) [w99 11/1 leq. 20 lir. 5-7]

4. Re ka etsa qeto efe ka hore ebe Jehova o laetse hore Abija a patoe ka tsela e hlomphehang? (1 Mar. 14:13) [cl leq. 244 ser. 11]

5. Ke hobane’ng ha nako eo Elia a neng a etetse Akabe ka eona ka lekhetlo la pele e ne e loketse? (1 Mar. 17:1) [w08 4/1 leq. 19, lebokose]

6. Elia o ne a bolela’ng ha a re batho ba ne ba ‘qeaqea pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng’? (1 Mar. 18:21) [w08 1/1 leq. 19 lir. 3-4]

7. Jehova o sebelisa matla a hae ka morero ofe mabapi le bahlanka ba hae, joalokaha ho bonahetse tabeng ea Elia? (1 Mar. 19:1-12) [cl maq. 42-43 lir. 15-16]

8. Ke hobane’ng ha Nabothe a ile a hana ho rekisetsa Akabe tšimo ea hae ea morara, hona see se re ruta’ng? (1 Mar. 21:3) [w97 8/1 leq. 13 lir. 18-20]

9. Mosali oa Moshuneme o ile a ‘ikhoreletsa’ ka tsela efe bakeng sa Elisha? (2 Mar. 4:13) [w97 10/1 leq. 30 lir. 6-8]

10. Ke hobane’ng ha Elisha a sa ka a amohela mpho ea Naamane? (2 Mar. 5:15, 16) [w05 8/1 leq. 9 ser. 2]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela