Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Tlaleho ea December e bontša hore bahoeletsi ba ile ba ikitlaetsa ka matla tšebeletsong, esita le nakong ena ea phomolo. Afrika Boroa ho bile le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 9 303. Ntho eo ba bangata ba ileng ba e thabela haholo ke seboka se khethehileng se ileng sa tšoareloa Soccer City ka la 18 December. Ba bangata ba sa ntse ba bua ka ketsahalo eo e sa lebaleheng ea ho ba le bara le barali babo rōna ba 78 300 esita le ho bina le bona. Tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona e ile ea fana ka bopaki bo matla ho basebetsi ba lebala leo la lipapali le ba bang bao ba ileng ba kopana le bona.