Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Afrika Boroa e koetse selemo sa tšebeletso sa 2012 ka tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 92 321, e leng se bolelang hore bahoeletsi ba eketsehile ka karolo ea peli lekholong selemong seo sa tšebeletso. Botswana e ile ea thabela kopano ea sechaba ka matsatsi a mararo motseng oa Gaborone. Lenaneo le ne le tšoeroe ka Setswana le Senyesemane, liholong tse peli tse khōlō. Barab’abo rōna ba ile ba thabela hore ebe ho ne ho e-na le batho ba 3 948 lenaneong ’me ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba 62. Ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa linaheng tsohle tse tlas’a lekala la rōna. Re le khothalletsa bohle hore le sebelise thuto e molemo eo le e fumaneng Likopanong Tsa Setereke Tsa “Sireletsa Pelo ea Hao!” ’me le hlomelle likelello tsa lōna bakeng sa tšebetso.—1 Pet. 1:13.