Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 December, 2013. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e neng e tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re ntse re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
1. Ke eng e tla re thusa ho ba bonolo ha re sebelisana le ba boholong? (Tite 3:2) [La 4 Nov, w03 4/1 leq. 25 lir. 18-19]
2. Re ka ithuta eng mantsoeng a Pauluse ho Filemone a tlalehiloeng ho Filemone 4, 5, le 7? [La 4 Nov, w08 10/15 leq. 31 lir. 1, 2; w92 4/15 leq. 25 ser. 2]
3. Re kena phomolong ea Molimo ka tsela efe? (Baheb. 4:9-11) [La 11 Nov, w11 7/15 leq. 28 lir. 16, 17]
4. Re ka ithuta eng ho Samuele, baahloli ba tšepahalang le baprofeta ba ileng ba tlisa “ho loka”? (Baheb. 11:32, 33) [La 18 Nov, w11 1/1 leq. 25 lir. 5, 6]
5. Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a ngola hore “bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso”? (Jak. 3:17) [La 25 Nov, w11 8/15 maq. 30-31 ser. 15]
6. “Bafu” ba ileng ba ‘bolelloa litaba tse molemo’ ke bafe? (1 Pet. 4:6) [La 2 Dec, w08 11/15 leq. 21 ser. 8]
7. Ho latela 1 Johanne 2:7, 8, ke taelo efe eo Johanne a reng “e ncha” ebile ke “ea khale”? [La 9 Dec, w08 12/15 leq. 27 ser. 6]
8. Litlotla tsee “Alfa le Omega” le “oa Pele le oa ho Qetela” li bua ka mang? (Tšen. 1:8, 17) [La 16 Dec, w09 1/15 leq. 30 ser. 6]
9. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘tiisoa’ ka litsela life tse peli? (Tšen. 7:3) [La 23 Dec, w07 1/1 leq. 31 ser. 2]
10. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore litlhohonolofatso tsa ’Muso tse boletsoeng esale pele li tla fela li phethahale, hona ho tseba seo ho lokela ho re ama joang? (Tšen. 21:5, 6) [La 30 Dec, re leq. 303 ser. 9]