Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka December: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Moo ho bontšitsoeng thahasello, bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! January le February 2014: Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa bukana leha e le efe eo phutheho e nang le eona setokong. Ha u etsa maeto a ho boela, buella buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa ho ea ka maemo a motho eo u buang le eena, u buelle bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, ebe u leka ho qala thuto ea Bibele. March le April 2014: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa maeto a ho boela, buella buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa ho ea ka maemo a motho eo u buang le eena, u buelle bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, ebe u leka ho qala thuto ea Bibele.
◼ Sehopotso sa 2015 se tla ba ka Labohlano la la 3 April 2015.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore liphutheho tse peli li ile tsa thabela ho nehela Liholo tse ncha Tsa ʼMuso. Limpopo: Bakenberg. Mpumalanga: Nu-Ermelo.
◼ Phutuho ea tšimo e sa abuoang ea 2014 e tla ba likhoeling tsa March, April le May. Baholo ba khothalletsoa hore ba etse litokisetso esale pele ’me ba tsebise phutheho hore na e tla sebetsa tšimo e sa abuoang hokae le hore na ka linako life.
◼ Batsoali ba khothalletsoa hore nakong ea borapeli ba lelapa ba sebelise litlhahiso tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso, ea July 2013, leqepheng la 4, e le hore ba thuse bana ba bona hore ba itokisetse liteko tseo ba tla tobana le tsona sekolong, selemong se secha.