Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Ho ile ha fanoa ka bopaki bo boholo likarolong tsohle tse tšimong ea lekala la rōna khoeling ea July. Ha ho pelaelo hore sena se entse hore khoeli ea August e be e ’ngoe ea likhoeli tse ikhethang ka ho fetisisa joalokaha litlaleho li bontša hore barab’abo rōna ba ile ba thabela ho aba pampitšana e buang ka websaete ea JW. Ho ile ha e-ba le keketseho ea bahoeletsi linaheng tsohle khoeling ea July ’me ka ho khetheha Swaziland e ile ea e-ba le keketseho ea 10 lekholong ha Afrika Boroa e ile ea e-ba le keketseho ea 11 lekholong. Re kholisehile hore ha bahoeletsi bohle ba ea tšebeletsong ea tšimo kamehla ba bile ba fana ka litlaleho tsa bona tsa tšimo ka nako, haufinyane palo ea bahoeletsi ba Afrika Boroa e ka ’na ea e-ba ka holimo ho 100 000. Tsoela u etsa ho hongata tšebeletsong ea Jehova.—1 Bakor. 15:58.