Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa January 1
“U nahana hore ho tla ba joang lefatšeng haeba batho kaofela ba ne ba ka phela ho latela molao-motheo oo? [Bala Baheberu 13:18 ’me u emele karabo.] Bibele e re eletsa hore re tšepahale linthong tsohle. Molula-Qhooa oa khoeling ena o hlalosa hore na re ka tšepahala joang bophelong.”
Tsoha! January
“Nka thabela ho u fa makasine ona oa Tsoha! [Mo fe limakasine.] Sheba potso e leqepheng la bobeli le likarabo tseo batho ba atisang ho fana ka tsona. Uena u ikutloa joang? [Emela karabo.] Sehlooho sena se hlalosa melao-motheo ea Bibele e ka re thusang hore re ntlafatse tsela eo re talimang bophelo ka eona.”