4-10 December
SOFONIA 1–HAGAI 2
Pina ea 151 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Sofonia.]
Sof. 2:2, 3—Batla Jehova, batla ho loka hape u batle bonolo (w01 2/15 18-19 ¶5-7)
[Bapala video ea Selelekela sa Hagai.]
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Sof. 1:8—Re ithuta’ng temaneng ee? (w07 11/15 11 ¶3)
Hag. 2:9—Ke ka litsela life khanya ea tempele ea Zorobabele e neng e tla ba kholo ho ea tempele ea Solomone? (w07 12/1 9 ¶3)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Hag. 2:1-14
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Lokisetsa Seo U Tla se Bua Khoeling Ena: (15 mets.) Puisano e thehiloeng ‘Mehlaleng ea Seo U ka se Buang le Batho.’ Ka mor’a ho bapala video ka ’ngoe buisana le bamameli ka lintlha tseo ba li hlokometseng. Khothalletsa bahoeletsi ho tsamaisa Tsoha! No. 6 2017. Morero oa rona ke ho buisana le batho, kahoo ha rea lokela ho siea makasine matlong ao ho se nang batho.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko tsa phutheho: (5 mets.)
Puo e hloekileng e etsa hore ho be le khotso le bonngoe (Sof. 3:9): (10 mets.) Puisano e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa August 15 2012, leqepheng la 12 ho serapa sa 4. Bapala video ea Bao e Neng e le Lira ba Fetoha Metsoalle ea Hlooho ea Khomo (Tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) kr khao. 22 ¶8-16
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 136 le Thapelo