Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb18 February leq. 7
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Botsa Lipotso
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Sebelisa Temohisiso le Tšusumetso ha U Ruta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
mwb18 February leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho

BOHLOKOA BA HO LI SEBELISA: Haeba maikutlo a motho a joaloka “metsi a tebileng”, lipotso li joaloka nkho e sebelisoang ho a akha. (Lipr 20:5) Lipotso li thusa batho bao re buisanang le bona hore ba tšoaele moqoqong. Likarobo tsa lipotso tse botsitsoeng hantle ke tsa bohlokoa hobane li re thusa ho hlokomela seo motho a se nahanang. Jesu o ile a sebelisa lipotso hantle haholo. Re ka mo etsisa joang?

Jesu o botsa e mong oa borutuoa ba hae potso

RE KA HO ETSA JOANG?

  • Botsa lipotso tse fatang maikutlo. Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae lipotso tse fatang maikutlo e le hore a tsebe seo ba se nahanang. (Mat 16:13-16; be 238 ¶3-5) Ke lipotso life tse fatang maikutlo tseo u ka li botsang?

  • Sebelisa lipotso tse thusang motho ho fumana karabo e nepahetseng. E le hore a thuse Petrose ho lokisa monahano oa hae o fosahetseng, Jesu o ile a mo botsa lipotso tse ileng tsa thusa Petrose ho etsa qeto e nepahetseng. (Mat 17:24-26) U ka sebelisa lipotso life ho thusa motho hore a etse qeto e nepahetseng?

  • Babatsa motho eo u buang le eena. Ha Jesu a hlokomela hore mongoli eo a neng a bua le eena o ‘arabile ka bohlale,’ o ile a mo babatsa. (Mar 12:34) U ka babatsa motho ea arabileng potso hantle joang?

Re lokela ho hlompha batho. Ha re na matla ao Jesu a neng a e-na le ’ona. Kahoo, re lokela ho hlompha batho ba holileng, batho bao re sa ba tsebeng le batho ba nang le matla a bolaoli.—1Pe 2:17.

SHEBELLANG KAROLO EA PELE EA VIDEO EA ETSA MOSEBETSI OO JESU A O ENTSENG—RUTA, KA MOR’A MOO LE ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobane’ng ha tsela eo ea ho ruta e fosahetse le hoja boitsebiso bo nepahetse?

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlalosa boitsebiso feela?

SHEBELLANG KAROLO EA BOBELI EA VIDEO E BE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mor’abo rona o sebelisitse lipotso hantle joang?

  • Ke mekhoa efe e metle ea hae ea ho ruta eo re ka e etsisang?

Ntate oa makala ha a rutoa ka tsela e fosahetseng empa oa thaba ha a rutoa ke tsela e nepahetseng

Ho ruta ha rona ho ka ama batho joang? (Lu 24:32)

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela