PHELA JOALOKA MOKRESTE
Jesu o Shoetse le Mor’eno
Jesu o tetse bophelo ba hae bakeng sa batho ba sa phethahalang. (Bar 5:8) Re le batho ka bomong, re ananela hore e be Jesu o re rata haholo hoo a ileng a fana ka bophelo ba hae molemong oa rona. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, re lokela ho hopola hore Kreste o shoetse le barab’abo rona. Re ka etsisa Jesu joang ka ho rata bara le baralib’abo rona ba sa phethahalang joaloka rona? Ha re hlahlobe litsela tse tharo tsa kamoo re ka etsang sena kateng. Ea pele, re lokela ho atoloha, re etse setsoalle le batho ba merabe e meng. (Bar 15:7; 2Ko 6:12, 13) Ea bobeli, re ka ba hlokolosi hore re qobe ho bua kapa ho etsa ntho e ka khopisang ba bang. (Bar 14:13-15) Ea ho qetela, haeba motho a re siteloa re ka potlakela ho mo tšoarela. (Lu 17:3, 4; 23:34) Haeba re tsoela pele ho sebetsa ka thata ho etsisa Jesu lintlheng tsena, Jehova o tla hlohonolofatsa phutheho ka hore e be le khotso le bonngoe.
BAPALA VIDEO EA BONA LINTHO TSE NTLE HO BA BANG E BE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Qalong Miki o ne a ikutloa joang ka phutheho eo a leng ho eona?
Ke eng e entseng hore a fetole tsela eo a neng a ikutloang ka eona?
Mohlala oa Jesu o thusitse Miki joang hore a fetole tsela eo a neng a shebang lintho ka eona? (Mar 14:38)
Liproverbia 19:11 e re thusa joang hore re be le maikutlo a nepahetseng ka Bakreste ’moho le rona?