La 22-La 28 June
EXODA 1-3
Pina ea 7 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Exoda.]
Ex 3:13—Moshe o ne a batla ho tseba hore na Jehova ke mang le hore na lebitso la hae le bolela’ng (w13 3/15 25 ¶4)
Ex 3:14—Jehova o ba seo a batlang ho ba sona e le hore a phethahatse morero oa hae (kr 43, lebokose)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Ex 2:10—Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore morali oa Faro o ile a inkela Moshe hore ebe ngoana oa hae? (g04 4/8 21 ¶1)
Ex 3:1—Jethro e ne e le Moprista ea joang? (w04 3/15 24 ¶4)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ex 2:11-25 (th khaolo ea 11)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Araba motho ea etsang khang ka ntho eo hangata batho ba tšimong ea lona ba etsang khang ka eona. (th khaolo ea 16)
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho ebe u fa mong’a ntlo makasine ea morao-rao e buang ka taba eo le entseng le buisana ka eona. (th khaolo ea 12)
Puo: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) w02 6/15 11 ¶1-4—Sehlooho: Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a Egepeta. (th khaolo ea 13)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
E-ba Motsoalle oa Jehova—Lebitso la Jehova: (6 mets.) Puisano. Bapala video. Ha ho khoneha, bitsetsa bana sethaleng ebe u ba botsa lipotso tse latelang: Lebitso la Jehova le bolela’ng? Jehova o bopileng? Jehova a ka u thusa joang?
Lebitso la Molimo Lea Phahamisoa Scandinavia: (9 mets.) Puisano. Bapala video ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha e ne e le batho ba fokolang feela ba neng ba tseba lebitso la Molimo pele ho selemo sa 1500? Lebitso la Jehova le qalile ho sebelisoa joang Scandinavia? Ke hobane’ng ha u ananela Phetolelo ea Lefatše le lecha ea Mangolo a Halalelang?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) ia khao. 13 ¶1-12
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 89 le Thapelo