La 31 August–La 6 September
EXODA 21-22
Pina ea 141 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Nka Bophelo bo le Bohlokoa Joaloka Jehova”: (10 mets.)
Ex 21:20—Jehova o re laela hore re se ke ra bolaea (it-1-E 271)
Ex 21:22, 23—Jehova o nka bophelo ba ngoana ea e-s’o hlahe e le ba bohlokoa (lv 80¶16)
Ex 21:28, 29—Jehova o batla hore re etse sohle seo re ka se khonang ho sireletsa bophelo ba rona le ba batho ba bang (w10 4/15 29 ¶4)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Ex 21:5, 6—Ho latela litemana tsee, ho inehela ho Jehova ho ka re tsoela molemo joang? (w10 1/15 4 ¶4-5)
Ex 21:14—Re ka hlalosa temana ee joang? (it-1 E 1143)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ex 21:1-21 (th khaolo ea 5)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho ebe ka mor’a moo u memela mong’a ntlo libokeng. (th khaolo ea 2)
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Etsa eka u bontša mong’a ntlo video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? ebe ka mor’ moo le buisana ka eona. (th khaolo ea 20)
Puo: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) w09 4/1 31—Sehlooho: Jehova ke Ntate oa Bashanyana ba se Nang Bo-ntate. (th khaolo ea 19)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Nka Bophelo e le ba Bohlokoa Joaloka Jehova: (10 mets.) Puisano. Bapala video ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang: Ke mathata afe a ka hlahang ha motho e le moimana? Lengolo la Exoda 21:22, 23 le re thusa ho ba le pono efe ka ho ntša mpa? Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be le tumelo le sebete e le hore re etse liqeto tse thabisang Jehova? Ho tseba hore baratuoa ba rona ba tla tsoha ho re tšelisa joang?
Ho Inehela ho Molimo ho ka re Tsoela Molemo Joang? (5 mets.) Puo ena e thehiloe ho Molula-Qhooa oa January 15, 2010 leqepheng la 4 serapa sa 4 ho ea ho sa 7. Khothalletsa liithuti tsohle tsa Bibele hore li inehele ho Jehova li be li kolobetsoe.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) ia khao. 18 ¶1-21
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 90 le Thapelo