Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 January maq. 2-16
  • La 5-11 January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 5-11 January
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 January maq. 2-16

LA 5-11 JANUARY

ESAIA 17-20

Pina ea 153 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Kabelo ea ba re Nkelang Thepa ka Mahahapa”

(10 mets.)

Bibele e tšoantša batho le leqhubu la leoatle le ntseng le e-ea koana le koana (Esa 17:12; w18.06 7 ¶16)

Re lebelletse hore batho ba re tšoare hampe ka lebaka la hore ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki (Joh 15:​18, 19; w16.04 22 ¶4)

Haufinyane Jehova o tla re pholosa ho batho “ba re nkelang thepa ka mahahapa” (Esa 17:​13, 14; ip-1 198 ¶20)

Mor’abo rona ea teronkong o rapela ka matla. Molebeli oa teronko o eme monyako a tšoere sethunya.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 20:2—Na kannete Esaia o ile a tsamaea a hlobotse a sa apara letho ka lilemo tse tharo? (w06 12/1 11 ¶1)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 19:​1-12 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ea lenyalong ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 4)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 14—Sehlooho: Molimo o Batla Hore re mo Rapele. (th khaolo ea 8)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 148

7. “Hopola Lefika la Qhobosheane ea Hao”

(10 mets.) Puisano.

Jehova ke Lefika la qhobosheane ea rona. (Esa 17:10) O sireletsa batho ba balehelang ho eena. (Ps 144:​1, 2) Ha se kamehla Jehova a thibelang batho hore ba re hanyetse empa o re fa lintho tseo re li hlokang hore re mamelle ha re hanyetsoa.—1Ko 10:13.

Setšoantšo se hlahang videong ea: “Ithute ho Metsoalle ea Jehova​—Hanania, Mishaele le Azaria.” Hanania, Mishaele le Azaria ba hana ho rapela setšoantšo sa Morena Nebukadnezare. Ka bohale Nebukadnezare o laela lesole hore le ba tšoare.

Tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re hopola Jehova ke ka hore re mo mamele. Shebellang VIDEO ea Ithute ho Metsoalle ea Jehova—Hanania, Mishaele le Azaria. Kopa bana bao u ba khethileng hore ba tle sethaleng ebe u ba botsa lipotso tsena kapa u li botse bamameli:

  • Jehova o ile a pholosa metsoalle ea hae joang?—Dan 3:​24-28

  • Hanania, Mishaele le Azaria ba ile ba bontša joang hore e ne e le metsoalle ea Jehova?

  • Uena u utloa ho le thata ho mamela Jehova linthong life?

  • U ka etsa’ng hore u mamele Jehova?

8. Iphe Nako ea ho Ithuta ho Metsoalle ea Jehova Letsatsi le Letsatsi

(5 mets.) Puisano.

Litšoantšo tsa batho bao Bibele e buang ka bona ba hlahang videong ea “Ithute ho Metsoalle ea Jehova.” Ho na le Bibele e kholo le motho ea hlalosang video ka pel’a bona.

Livideo tsa Ithute ho Metsoalle ea Jehova li etselitsoe bana ba ithutang ho bala. Li ba ruta ka batho ba ileng ba bontša hore ba rata Jehova. Video ka ’ngoe e khothalletsa bana hore ba “iphe nako ea ho ithuta ho metsoalle ea Jehova letsatsi le letsatsi.”

  • U ka etsan’g hore u be le nako ea ho ithuta ka Jehova le ka metsoalle ea hae letsatsi le letsatsi?

  • Ke batho bafe bao Bibele e buang ka bona bao u ka thabelang ho ithuta haholoanyane ka bona, hona hobane’ng?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 50, selelekela sa karolo ea 9 le thuto ea 51

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 73 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela