LA 4-10 MAY
ESAIA 58-59
Pina ea 21 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. U ka Etsa’ng Hore Jehova a u Hlohonolofatse?
(10 mets.)
E-ba motho ea amohelang baeti le ea fanang (Esa 58:7-9)
Etsa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hao (Esa 58:13, 14; w06 6/15 22 ¶9)
Kholiseha hore Jehova o tla u hlokomela (Esa 59:1; w13 1/15 13 ¶5-6)
IPOTSE: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a hlohonolofatsa Baiseraele, hona ke ithuta’ng ho se ba etsahalletseng?’ (Esa 58:1-5; it-E “Ho Itima Lijo” ¶3-mwbr)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 59:11—Esaia o ne a bolela’ng ha a re Baiseraele ba ne ba “rora joaloka libere”? (it-E “Bere” ¶6-mwbr)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 59:1-12 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Buisana le motho ka molaetsa o hlahang ho lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
6. Puo
(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 16—Sehlooho: Re Lokela ho Lula re Rapela. (th khaolo ea 8)
Pina ea 100
7. “Itloaetseng ho Amohela Baeti”
(15 mets.) Puisano.
Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘itloaetse ho amohela baeti.’ (Bar 12:13) Haeba re itloaetsa ho amohela baeti re tla ba batho ba thabileng.—Pr 11:25.
Shebellang VIDEO ea E-ba Motsoalle oa Jehova—E-ba le Kamohelo ea Baeti ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ho latela video ee, ho amohela baeti ho bolela’ng?
Ke melemo efe eo u e fumanang ha u amohela baeti?
Jehova o re behela mohlala o motle oa ho fana. (Lik 14:17) Bala Deuteronoma 10:17, 18 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Jehova o bontša joang hore u amohela baeti ebile oa fana?
Ke melemo efe eo re e fumanang ha re bontša kamohelo ea baeti ho batho bao re sa ba tloaelang?
Ke batho bafe ka Bibeleng ba ileng ba bontša kamohelo ea baeti, hona u ithuta’ng mohlaleng oa bona?
U ka rata ho bontša kamohelo ea baeti ho mang, hona ke’ng seo u batlang ho mo etsetsa sona?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 82-83