Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 July maq. 2-3
  • La 6-⁠12 July

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 6-⁠12 July
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 July maq. 2-3

LA 6-12 JULY

JEREMIA 13-15

Pina ea 123 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Litšoantšo: Jeremia o mamela litaelo tsa Jehova. 1. O tšoere lebanta la line ’me o nahanisisa ka litaelo tseo Jehova a mo fileng tsona. 2. O tsamaea lehoatateng a palame kamele. 3. O hula kamele a le lehoatateng ha letsatsi le likela.

Jeremia o nahanisisa ka litaelo tseo Jehova a mo fileng tsona

1. Re Lokela ho Lula re Mamela Jehova

(10 mets.)

Jeremia o ile a mamela le hoja a ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a re a etse lintho tseo a neng a re a li etse (Jer 13:1-7; jr 51-52 ¶17-18)

Hamorao Jeremia o ile a utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a re a etse lintho tseo (Jer 13:8-11; jr 52 ¶19)

Re batla ho etsisa Jeremia ka hore re mamele, le hoja re sa utloisise tataiso eo re e fuoang (w22.12 20 ¶16; w08 6/15 19 ¶7)

Lipaki tse ’maloa li lutse ka mokatong o ka tlase ka matšoenyeho a maholo ’me li mametse moholo ha a ntse a bala tataiso e tsoang mokhatlong. Mor’abo rona e mong o belaella ntho eo a e mametseng.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Jer 15:16, 17—Re ka etsisa Jeremia joang ha re ikutloa re nyahame? (w07 3/15 10 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Jer 13:1-14 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bontša motho sehlooho se hlahang ho jw.org se buang ka taba eo le neng le buisana ka eona nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 18—Sehlooho: Jesu o Ile a Bolela Esale Pele Lintho Tseo re Bonang li Etsahala Mehleng Ena. (th khaolo ea 7)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 49

7. “Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”

(15 mets.) Puisano.

Ka mor’a hore Morena Saule a hlolehe ho mamela litaelo tsa Jehova le hoja li ne li hlakile, Samuele o ile a mo bolella hore “ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.”

Bala 1 Samuele 15:3, 7-9, 22, 23 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Morena Saule o ile a hloleha joang ho mamela Jehova, hona e ka ’na eaba ke ka mabaka afe?

  • Ke hobane’ng ha ho mamela Jehova ho le molemo ho feta ho fana ka sehlabelo?

  • Borabele bo tšoana le sebe sa bonohe joang?

Bala Luka 16:10 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela le linthong tse bonahalang li le nyenyane?

  • Ke lintho life tseo ba bang ba ka li nkang e le tse nyenyane?

Setšoantšo se hlahang videong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova—⁠Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Mamela Molimo Empa re sa mo Bone?” Sofia o hana ho kopitsa ngoana eo a kenang tlelase le eena.

Shebellang VIDEO ea E-ba Motsoalle oa Jehova—Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Mamela Molimo Empa re sa mo Bone? ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • U ithutile’ng videong ee?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 100-101

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 61 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela