Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 July leq. 31
  • Lokisang Bothata Kapele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lokisang Bothata Kapele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Jehova—Na ke Motho eo U mo Tloaetseng Feela Kapa ke Motsoalle oa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • Ho Hlaolela Setsoalle se Molemohali Bokahohleng Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 July leq. 31
Morali oa bo rona o kopa tšoarelo e le kannete ho morali oa bo rona e mong ba le ha e mong oa bona.

Lokisang Bothata Kapele

NA MORA kapa morali oa bo rona o u utloisitse bohloko hoo setsoalle sa lona se seng se senyehile? Le lokela ho nka khato kapele ’me le etse seo ka sepheo se nepahetseng e le hore le lokise bothata boo le hore le lule le le metsoalle.a

Nahana ka mohlala ona, lesapo le robehileng le lokela ho okoa e le hore le sebetse hantle le sa ope. Empa le tla lula le opa haeba le sa tlamisoe kapele. Ho feta moo, lesapo leo le ka ’na la se ke la sebetsa hantle hobane le sa fola hantle.

Joaloka lesapo le robehileng, haeba setsoalle sa hao le Mokreste-’moho se senyehile, le lokela ho se lokisa kapele. Ho seng joalo, bohloko ba ho senyeha ha setsoalle sa lona bo ke ke ba fela. Le ka halefa haholo hoo le seng le sa batle ho ba metsoalle hape. Jesu o ile a re: “Potlakela ho lokisa litaba.” (Mat. 5:25) Kahoo, e ea ho motsoalle oa hao ’me ka mosa u mo bolelle hore na u ikutloa joang ka bothata boo. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho etsa joalo? Nahana ka mabaka ana a mabeli.

La pele, mohlomong ha u motho ea ratang ho bua ka mathata a hao, kahoo u ka lekeha ho iphapanyetsa bothata ho e-na le ho bo rarolla.b Nahana ka Evodia le Sintike, e leng barali ba bo rona ba Bakreste ba neng ba sa khone ho rarolla bothata ba bona. Ho bonahala bothata boo bo ile ba tsoela pele ka nako e telele hoo le moapostola Pauluse ea neng a le hole Roma, a ileng a utloela ka bona. O ile a ba khothalletsa ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho bopa khotso. (Bafil. 4:2) E ne e ka boela ea e-ba metsoalle haeba ba ikokobelitse, ba buisana ka bolokolohi ba bile ba tšoarelana ho tsoa pelong.

La bobeli, u ka ’na oa lebella hore motho e mong a amohele hore o entse phoso. Empa ha u batla hore le be metsoalle hape, u se ke oa batlana le hore na ke mang ea entseng phoso. Ngaka e tlamisang lesapo le robehileng, e ameha ka ho le khutlisetsa malulong ho e-na le ho batlana le hore na ho tlile joang hore le robehe. Ha u bua le motsoalle oa hao, u se ke oa batlana le hore na ke mang ea molato. Ho e-na le hoo, hopola hore na setsoalle sa lona se bohlokoa hakae ’me u tsepamise kelello ea hao ho seo u lokelang ho se etsa hore se loke.

Haeba u na le bothata le mora kapa morali oa bo rona, bua le eena kajeno e le hore le lokise setsoalle sa lona. “Letsatsi le se ke la likela le ntse le halefile.” (Baef. 4:26) Ha le nka mehato e tla le thusa hore le lokise bothata kapele, seo se tla le thusa hore “le lule le momahane ka hore le be le khotso.”—Baef. 4:1-3.

a Le ka rarolla liphoso tse sa reng letho ka thoko moo le leng bang ’me la tšoarelana ka bolokolohi. (Mat. 5:23, 24) Haeba bothata bo tebile, le lokela ho latela keletso e hlahang ho Matheu 18:15,16. Empa haeba ka mor’a ho etsa joalo bothata bo ntse bo sa rarollehe, le lokela ho kopa thuso ho baholo.—Mat. 18:17.

b Haeba Mokreste-’moho a re khopisitse, empa setsoalle sa rona le eena se sa senyeha, re ka khetha ho tlolisa phoso eo mahlo.—Liprov. 26:20.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela