Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 December leq. 27
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Karolo ea 1
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 December leq. 27

Na u sa Hopola?

Na u balile lihlooho tsa Molula-Qhooa tsa selemong see ka hloko?

Re ka loantša ho nyahama joang?

Re lokela ho lula re etsa lintho tse matlafatsang kamano ea rona le Molimo, re nahane ka litlhoko tsa rona re be re li rapelle, hape re etse hore thuto ea rona ea Bibele ea botho e tsamaisane le litlhoko tsa rona. Ha re etsa joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa le ho re putsa.—w26.01, maq. 10-13.

Mebuso e tla phatlalatsa “khotso le tšireletseho” neng? (1 Bathes. 5:3)

Phatlalatso ena e ka etsoa pele kapa ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe. Re tla tlameha ho leta ’me re bone hore na ho tla etsahala’ng.—w26.02, maq. 30-31.

Ke lintho life tse ka u thusang ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta hantle?

Leka ho utloisisa hore na batho bao u ba rutang ba amehile ka eng, lebisa tlhokomelo ea bona ho Jehova le Lentsoe la hae ’me u ba mamele ka hloko.—w26.03, maq. 3-6.

Ke eng e tla re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona?

Hafeela re ntse re phela lefatšeng lena, re tla hlaheloa ke mathata. Le hoja Jehova a a lumella, mathata ao a ka re ruta ho itšetleha ka eena ho e-na le ho itšepa.—w26.04, maq. 14-16.

Ho ea ka Bagalata 6:5, ke mang ea ikarabellang bakeng sa ho etsa qeto ea hore na u tla ntšetsa lithuto pele kapa che?

Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang. Empa batsoali ba tla ikarabella bakeng sa bana ba bona ba banyenyane. Nahana ka lintho tse latelang: Sepheo, kemiso ea hao, nako eo u tla e hloka, moo u tla lula teng, chelete eo u tla e hloka bakeng sa lithuto le hore na thuto eo e tla u thusa ho fumana mosebetsi.—w26.05, maq. 15-18.

Re ka rua molemo joang sehlopheng sa rona sa tšimo?

Molemo o mong ke hore re ka etsetsoa maeto a bolisa ke balebeli ba lihlopha tsa rona. Ho ekelletsa moo, re fumana tšehetso le thuso eo re e hlokang ha re etsa setsoalle le ba lihlopheng tsa rona tsa tšimo.—w26.06, maq. 18-19.

Ke hobane’ng ha mantsoe a hlahang ho Esaia 38:17 a re khothatsa?

Mona Molimo o hlalosoa a nka libe tsa rona ’me a li lahlela ka mor’a hae. Haeba re etsa libe empa re baka e le kannete ebile re kopa hore a re tšoarele, o tla lahlela libe tsa rona ka mor’a hae. A ke ke a hlola a li hopola kapa hona ho re hopotsa tsona.—w26.07, leq. 11.

Ho ne ho etsoa’ng likeiting tsa motse mehleng ea Bibele?

Ho ne ho e-na le limmaraka likeiting tsa motse, kahoo batho ba ne ba bokana teng le ho etsetsa khoebo moo. Baahloli ba ne ba tšoarela linyeoe moo ’me baemeli ba Molimo ba phatlalatsa melaetsa ea hae moo.—w26.08, leq. 31.

Pesalemeng ea 91, Jehova o tšepisa tšireletso ea mofuta ofe?

Pesalemeng ea 91, Jehova o tšepisa hore o tla sireletsa batho ba hae moeeng. O boetse o tšepisa hore o tla sireletsa batho ba hae ho lira tsa bona e le sehlopha nameng le maikutlong. Nakong ea ntoa ea Armagedone, Jehova o tla sireletsa e mong le e mong oa bahlanka ba hae ka litsela tsena.—w26.09, maq. 3, 7.

Ho hlahloba temana ea letsatsi ho re tsoela molemo joang?

Ho etsa joalo ho re thusa ho nahanisisa ka Jehova. Ke tsela e ntle ea ho sebelisa nako ea rona, ebile hoa re matlafatsa e le hore re khone ho sebetsana le mathata a letsatsi le letsatsi le ho lula re tšepahala. Ho re thusa ho hola moeeng le ho itokisetsa likabelo tseo re tla li fuoa nakong e tlang.—w26.10, maq. 25-27.

Baholo ba ka etsisa makhabane afe ao balisa ba mehleng ea Bibele ba neng ba e-na le ’ona?

Molisa o ne a sebetsa ka thata ho fepa le ho hlokomela linku tsa hae. Molisa ea tšepahalang o ne a etsa bonnete ba hore linku tsa hae li felletse le hore li phetse hantle a bile a li sireletsa ka sebete.—w26.11, leq. 9.

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re baapostola ba hae ba reke sabole? (Luka 22:36)

Bosiung ba pele Jesu a bolaoa, o ile a re baapostola ba hae ba nke sabole. O ne a tl’o sebelisetsa ho ba ruta hore ntoa ha se tharollo ha ba hlorisoa.—w26.12, maq. 16-17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela