Lengolo Le Tsoang ho Sehlopha se Busang
HO HOTLE hore batho bohle ba Molimo ba thuise ka liphetoho tsa selemo se fetileng ha re ntse re letetse se larileng ka pele. ’Me ke tebello e babatsehang hakaakang eo Jehova a e behileng ka pel’a rōna! Ho mohlatsoana, ba tlotsitsoeng ka moea oa Molimo, ho na le tokelo ea ho sebeletsa e le marena le baprista maholimong le Jesu Kreste. (Tšen. 20:6) Ho ba linku tse ling, bao hona joale palo ea bona e fetang limilione tse hlano, ho na le bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng, paradeise eo ho eona e mong le e mong a tlang ho tseba le ho rata Jehova le ho bonahatsa litšoaneleho tsa hae mabapi le ho sebetsana le batho ba bang. (Esa. 11:9; 1 Joh. 4:7, 8; Tšen. 21:4) Ke hobane’ng ha Jehova a entse see? Ka lebaka la lerato la hae hape e le pontšo ea mosa oa hae o moholo o sa tšoanelang ho ba bontšang tumelo sehlabelong sa thekollo seo a se lokiselitseng ka Mora oa hae, Jesu Kreste.—Joh. 3:16.
Hase feela moapostola Pauluse a ileng a re “litlhokofatso tsa nako ea hona joale hase letho ha li bapisoa le” seo Molimo a neng a se behile ka pel’a hae. ’Me ka ho loketseng o ile a hlalosa “tebello e nang le taba-tabelo” e neng e tla utluoa ke ba lebeletseng bopaki bo hlakileng ba hore marena a leholimo a nkile bohato ba ho hloekisa lefatše, bo tlang ho lateloa ke ho tsosoa ha bafu le ho tlisa moloko oa batho o utloang phethehong. Sena se tla nolofalletsa batho hore ba thabele “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:18-21.
Hona joale ’Muso oa leholimo o se o ntse o sebetsa. (Tšen. 11:15-17) Re filoe tokelo ea ho sebeletsa lithahasello tsa oona mona lefatšeng. Kabelo ea rōna ke ho bolella batho ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mat. 24:14) Barab’abo rōna ba tobane le maemo a mofuta ofe ha ba ntse ba etsa see selemong se fetileng? Oona mofuta oo Mangolo a boletseng hantle ka oona esale pele bakeng sa matsatsi a qetello a tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho.—Luka 21:10, 11; 2 Tim. 3:1-5.
Leqhubu la pefo le ile la aparela Albania ka likhoeli. Maquloana a hlometseng haholo a likhukhuni a ile a tlatlapa, a senya thepa, a beta le ho bolaea. Empa barab’abo rōna ha baa ka ba tlohela ho bolela litaba tse molemo. Lintoa li ile tsa putula karolo e khōlō ea Afrika ’me tsa senya likarolong tse bohareng tsa Latin America le Asia Boroa-bochabela. Le hoja ba bolokile ho se jele paate ha Bokreste ka tieo, barab’abo rōna ba ’maloa ba ile ba timela ka lebaka la pefo, hammoho le maloetse a ileng a e-ba teng ka mor’a ntoa. Ba bangata ba ile ba tlameha ho siea matlotlo ’ohle a bona ’me ba balehela hlatheng kapa likhoeng, esita le ho tšela meeli ea lichaba ho ea batla botšabeli. Meroallo ea likoluoa e ile ea otla Poland, Czech Republic, Italy le United States. Tšisinyeho ea lefatše e ile ea senya Liholo tsa ’Muso tse peli Venezuela. Melora e chesang, seretse le morallana tse tsoang sebakeng se foqohang seretse se chesang li ile tsa qobella baahi ba Montserrat ba fetang halofo hore ba tlohe sehlekehlekeng seo. Libakeng tse ngata batho ba tobane le mathata a boima a moruo, ’me bonokoane ba seterateng bo etsa hore ho be kotsi bakeng sa mang kapa mang hore a roale mabenyane, esita le oache.
Har’a lintho tsena tsohle tse ka holimo, hape ho sa tsotellehe le ho se thahaselle ho akaretsang lefatšeng la Bophirimela, Lipaki tsa Jehova li ntse li tsoela pele ho bolela. Li khona joang ho sebetsana ka katleho le maemo? Li tšehetsoa ke lerato la Jehova, ke lerato le tebileng la bara ba motho la machaba, le ke ho hlokomela hore liketsahalo tsa mehla ea rōna kaofela li bontša ka ntle ho tikatiko hore tsamaiso ea khale e haufi le ho fela.—Baroma 8:35-39; 1 Pet. 4:7, 8.
Le hoja maemo a mpefalang a thatafatsa bophelo, barab’abo rōna ba tsoela pele ka sebete ho bokana bakeng sa liboka tsa phutheho le likopano. Temana ea rōna ea selemong se fetileng e ne e re, “Nthute ho etsa thato ea hao.” (Pes. 143:10, NW) Boholo ba thuto eo bo etsoa libokeng, ’me Jehova o ile a re fepa ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang har’a selemo. Ha ’muso oa Albania o phatlalatsa boemo ba qomatsi, barab’abo rōna ba ile ba fetola liboka ho li isa lihoreng tsa motšehare ’me ba kopanela lihlopheng tsa thuto ea buka. Ba bang teng ba ne ba mena palo ea bahoeletsi habeli kapa hararo. Ha ba tobane le moferefere, ho utsoa le ho bolaea, barab’abo rōna ba ile ba kopana kamehla Sierra Leone. Ha ba ne ba qobelleha ho balehela likhoeng Sri Lanka kapa ho phela kampong ea baphaphathehi, joaloka Côte d’Ivoire, ho ile ha etsoa litokisetso e le hore ba se ke ba lahleheloa ke mananeo a kopano.
Ha pherekano e ntse e ata haholoanyane, ena hase nako ea ho khoehlisa ho ba teng libokeng tsa rōna kapa ho ba le maikutlo a hore ho ea Holong ea ’Muso hang ka beke ho lekane. Mangolo a re khothalletsa hore re ‘se ke ra tlohela ho bokana ha rōna hammoho, empa re khothatsane, haholoanyane joalo kaha re bona letsatsi le ntse le atamela.’ (Baheb. 10:24, 25) Jehova o tseba seo re se hlokang.
Selemong sena se fetileng tlhōrō e ncha ea ba 375 923 e ile ea kolobetsoa e le ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova. Ke lebaka le lekaakang la thabo! Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 4:35 a ntse a sebetsa: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” Kahoo, re ntse re tsoela pele ka ho fana ka bopaki. Hore na ke ba bangata kapa ba fokolang, bophelo ba ba retelehelang ho Jehova ke ba bohlokoa. (Luka 15:7) Ka sebele, re leboha Jehova hore ebe ba bileng teng Sehopotsong ba ile ba eketseha ka ba fetang milione selemong sena se fetileng!
Temana ea rōna ea selemo bakeng sa 1998 e re hopotsa hore hoa hlokahala ho thusa ba eketsehileng ba limilione hore ba arabele pitso: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Baroma 10:13) Ke thapelo ea rōna e tiileng hore bohle ka bomong ka mokhatlong o hlophisitsoeng ba ka kopanela ho faneng ka bopaki selemong sena sa tšebeletso se secha, kahoo re bontše ho teba ha kananelo ea rōna bakeng sa sohle seo Jehova a se etselitseng batho ba hae.
Ka lerato le mofuthu la Bokreste ho bahlanka-’moho le rōna lefatšeng ka bophara,
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova