Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
◼ ASIA LE BOCHABELA BO HARE
Palo ea linaha: 47
Palo ea baahi: 3 896 182 946
Palo ea bahoeletsi: 582 360
Palo ea lithuto tsa Bibele: 453 069
Kyrgyzstan: Pula-maliboho e mong ea thusang ea bitsoang Svetlana, ho ne ho se mohla a fumanang batho lapeng le leng tšimong eo a e sebetsang. Ka le leng ha a feta lapeng leo, o ile a ipolella hore ha ho thuse letho le ho kokota moo, kaha ha ho na batho. Leha ho le joalo, a etsa qeto ea hore a leke ’me a thaba ha a kopana le moroetsana e mong moo. Moroetsana eo o ne a thabetse ho bona e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me o ile a re o kile a ithuta Bibele empa o ne a se a sa khone ho kopana le barab’abo rōna. Svetlana o ile a botsa moroetsana eo hore na a ka thabela hore a tlisetsoe limakasine joalo-joalo, ’me moroetsana eo a araba ka hore o hloka limakasine le thuto ea kamehla ea lehae ea Bibele! Ho ile ha qalisoa thuto hang-hang, ’me hona joale moroetsana eo o ba teng libokeng tsa Bokreste.
Japane: Baralib’abo rōna ba babeli ba sebetsang tšimo ea khoebo ba ile ba kena ofising ea ’muelli e mong oa molao ea tsebahalang ka hore o thusa batho ba kojoana li mahetleng. Ha ba kena feela, mosali e mong moo a ba qhalla matsoho a re o phathahane, leha ho le joalo a nka limakasine. Baralib’abo rōna ba ile ba boela ba kopana le mosali eo a le mong. Le pele ba ka mo lumelisa, a ba khobola ka bohale, a re: “Ke hobane’ng ha bana ba se nang sebe ba bolaoa? Ke hobane’ng ha lefatše le le ka tsela ee? Ke batla tlhaloso e utloahalang! Haeba le na le karabo, mpolelleng!” Ba ile ba qeta hora ba buisana le eena ka taba ea bobusi ba bokahohle, ’me boikutlo ba mosali eo ba qala ho fetoha butle-butle. O ile a leboha baralib’abo rōna ha ba sebelisitse Bibele ho araba lipotso tseo a neng a nahana hore ha ho motho ea ka li arabang. Ha baralib’abo rōna ba se ba tsamaea, mosali eo a ba fa aterese ea hae ea lapeng le nomoro ea hae ea mohala, ’me a re: “Ke li fa feela batho bao ke hlileng ke ba tloaetseng, empa lōna le fapane le ba bang. Ke batla ho bua le lōna hape. Seo re buisaneng ka sona ke sa bohlokoa haholo.” Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele.
Nepal: Mosali e mong o ne a qetile lilemo tse ngata a ea kerekeng empa a nyahamisitsoe ke tsela eo litho tsa kereke li leng meharo ka eona li bileng li qhoebeshanang ka eona. Le hoja monna oa hae e ne e le moruti, ho ile ha tsekoa likoleke, ’me monna oa hae a lelekoa. Monna eo o ile a qala ho noa haholo ’me a khaotsa ho phelisa lelapa. Mosali eo o ne a tsielehile a batla ’nete a bile a rapela letsatsi le chabang le le likelang. E le hore a phelise ba lelapa la hae, o ile a qala ho sebetsa moo ho bokelloang lipampiri tsa khale. Ka letsatsi le leng ha a ntse a khetha libuka, limakasine le likoranta, o ile a fumana buka ea Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete. O ile a e pata liaparong tsa hae eaba o ea le eona hae. O ile a bala buka eo letsatsi le leng le le leng a ba a tsoela pele ho rapela. Ka letsatsi le leng, morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea khethehileng ea bitsoang Bishnu o ile a mo etela lapeng. Mosali eo o ile a thabela taba eo Bishnu a tlileng ka eona eaba o re a kene ka tlung. Ha nako e ntse e ea, mosali eo o ile a hlokomela hore seo Bishnu a se buang se tšoana le se ngotsoeng bukeng ela. Qetellong o ile a bontša Bishnu buka eo ’me a thaba haholo ha a utloa hore buka eo ke e ’ngoe ea libuka tsa rōna. Hona joale o ithuta Bibele kamehla ’me o ba teng libokeng tsohle le bana ba hae.
Sri Lanka: Le hoja Punchibanda e ne e e-s’o be mohoeletsi ea sa kolobetsoang, o ile a etsa qeto ea ho buisana le ba bang ka molaetsa oa ’Muso ha a iqoqela le bona feela. O ile a buisana le monna e mong oa mokōpa-kōpa ea ileng a mo bolella hore morali oa hae e moholo o ile a kula a ba a hlokahala. Ba ne ba ile ba ea kerekeng ea Pholosoa ba tšepile hore o tla phekoloa ka mohlolo, empa ha se ke ha etsahala joalo. Punchibanda o ile a mo hlalosetsa hore kajeno Molimo ha a phekole batho ka mohlolo empa ’Musong oa Molimo o tlang batho ba tla phekoloa maloetse. O ile a fa monna eo oa mokōpa-kōpa limakasine tse buang ka taba eo. Ka mor’a nako e itseng, o ile a memela monna eo Holong ea ’Muso. Monna eo oa mokōpa-kōpa o ile a ea hae ’me a bolella ba lelapa la hae hore o menngoe a ba a ba bontša limakasine tseo. Mosali oa hae o ile a mo bolella hore le eena o fuoe limakasine a ba a mengoa hore a ee Holong ea ’Muso. Monna eo o ile a etsa qeto ea hore o tla ea Holong ea ’Muso pele a le mong. Ha a ile moo bara le barali babo rōna ba ile ba mo amohela ka liatla tse mofuthu. Hona joale o ba teng libokeng tsohle le mosali oa hae, mora le barali ba bona ba babeli, ’me ba thabela ho kopanela le batho ba Jehova.
Lebanon: Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea khethehileng ea tsoang Philippines o re: “Ke ile ka kopana le mosali e mong oa Lefilipino ha ke ntse ke paka seterateng. Ke ile ka mo etela mosebetsing ’me ka mo khannela thuto ea Bibele. O ne a e-na le lipotso tse ngata; ka linako tse ling o ne a bile a sa emele hore ke qete ho araba potso e ’ngoe pele a botsa e ’ngoe. Empa ha nako e ntse e ea, o ile a hanyetsoa ke metsoalle ea hae e haufi eo e neng e le litho tsa popota tsa kereke ea bona. Ka masoabi, o ile a khaotsa ho ithuta Bibele ha a tobana le khanyetso, le hoja ke ne ke mo khothalelitse hore a se ke a khaotsa. Leha ho le joalo, ke ile ka ipolella hore, ‘Haeba ke nku, ka le leng o tla boela a ithute.’ Ho ile ha feta selemo ke ntse ke nahana ka eena, kahoo ka etsa qeto ea hore ke mo ngolle ke mo bolelle hore ke ntse ke nahana ka eena le hore nka thabela ho mo bona hape. O ile a ntetsetsa, ’me ka mo etela. Lekhetlong lena ka hlokomela hore o thahasella ho feta nakong e fetileng. O ne a ntse a hopola lintho tseo re ileng ra buisana ka tsona nakong e fetileng a bile a li ananela ka ho teba. O ile a mpolella hore o tsamaile likereke tse ngata empa ha ho le e ’ngoe e rutang ’nete. Kahoo a boela a qalisa ho ithuta, a hatela pele, ’me hona joale o kolobelitsoe. Mora oa hae ea lilemo li 12 ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.”
India: Morali’abo rōna e mong o re: “Ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo, re ile ra bona mosetsana e mong eo eitseng ha a re bona eaba o kena ka tlung. Ka mor’a nakoana, ra kopana le monna e mong ea ileng a re leleka. Ha re tsamaea, ra bona mosetsana eo a ntse a bua le monna eo. Hamorao ha re se re emetse bese, mosetsana eo a tla ka baesekele a re: ‘Kea tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete. Ke kōpa le nthute Bibele. Ke ne ke kena ka tlung ke re le tle le kene, empa mong’a ntlo o ne a sa batle.’ Re ile ra mo botsa hore na o tsebile joang hore Jehova ke Molimo oa ’nete. O ile a re lilemong tse peli tse fetileng o ne a tsamaea ka bese ha a bona batho ba phuthehile eka ke kopano e khōlō ea Bokreste. E ne e le e ’ngoe ea likopano tsa rōna tsa setereke. O ile a theoha bese ’me a ba teng lenaneong ka matsatsi ’ohle a mararo. O ne a ntse a emetse Lipaki Tsa Jehova hore li mo etele lapeng. Ka lebaka la tsela eo a neng a thahasella ka eona, re ile ra mo isa ha morali’abo rōna e mong ’me ra qalisa thuto ea Bibele. O ile a qala ho ba teng libokeng kamehla ’me o hatela pele hantle moeeng.”
◼ AFRIKA
Palo ea linaha: 56
Palo ea baahi: 781 767 134
Palo ea bahoeletsi: 1 015 718
Palo ea lithuto tsa Bibele: 1 820 540
Uganda: Lucy ke Paki ’me o sebetsa sebakeng se seholo se abang meriana. Eena le batho ba bang bao a sebetsang le bona ba ile ba bitsoa ha thoe ba tl’o hlapanya hore ha ba na molato ka mor’a hore tlhahlobo ea libuka tsa khoebo e bontše hore ho na le chelete e ngata e nyametseng. Ha e le nako ea hore Lucy a behe letsoho holim’a Bibele a hlapanye hore ha a na molato, o ile a phetla Liproverbia 15:3 eaba o e balla holimo: “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” Ka mor’a hore bohle ba thōle sebakana, motho ea molato o ile a ea ho mookameli a ipolela. Mookameli eo o ile a etsa tlhahiso ea hore bohle ba leke ho hopola “temana eo ea Lucy” le nakong e tlang. Ha nako e ntse e ea, Lucy o ile a ekelletsoa moputso a ba a fuoa boikarabelo ba hore a tšoare linotlolo tsa sebaka seo se abang meriana.
Benin: Josué o ne a atisa ho songoa ha a le sekolong. Ha a ne a ka fosa potso ka tlelaseng, bana ba bang ka tlelaseng ba ne ba mo soma, ba re, “Moprista oa Jehova, ho tla joang hore u fose?” Ba bang bona ba ne ba mo tloka ba re, “O senya nako e ngata a ntse a solla a ea holimo le tlaase ka mokotlana.”
Josué o re: “Ke ne ke tšaba ho kopana le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng ha ke le tšebeletsong ea tšimo mafelo-beke.” O ile a rapella taba ena a ba a buisana ka eona le moholo e mong, ea ileng a khothalletsa Josué hore a itšireletse ka hore a qete nako e eketsehileng a le tšebeletsong ea tšimo le hore a itete sebete ho fa bana bao a kenang le bona ka tlelaseng lingoliloeng. Josué o re o ile a atleha lintlheng tse tharo. O re: “Hona joale ke nka bopula-maliboho bo thusang khafetsa. Bana ba babeli bao ke kenang le bona ka tlelaseng ba neng ba atisa ho ntšoma joale ke se ke ithuta Bibele le bona. Le limaraka ke se ke fumana tse holimo.”
Ethiopia: Lilemong tse ka bang peli tse fetileng, Asnakech o ile a thola lengolo la ho khanna leo a ileng a lokisetsa ho le khutlisetsa ho mong’a lona, e leng mosali e mong ea bitsoang Elsa. Mosali eo o ile a hlolloa ha a bona ho tšepahala ha Asnakech ’me a batla ho mo fa chelete e itseng. Asnakech o ile a hana chelete eo eaba o fa Elsa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ka le hlahlamang Elsa o ile a qala ho ithuta Bibele. Elsa o ile a re o ne a sa qale ho utloa lebitso la Jehova kaha ntate oa hae oa moruti o ne a kile a mo bolella lebitso leo. Ka mor’a hore bohle ba lelapa la hae ba ee kopanong ea setereke, monna oa hae le eena o ile a qala ho ithuta Bibele. Empa ha ntate oa hae oa moruti a utloa seo, o ile a tlala bohale a re Lipaki Tsa Jehova ke batho feela tjee ba se nang thuso. Kaha Elsa o ne a ikemiselitse ho tsoela pele a ithuta, ka tlhompho o ile a bolella ntate oa hae hore Lipaki ha li ka tsela eo eena a li hlalosang ka eona. Ntate oa hae ea neng a nyahame, o ile a inkela bukana ea morali oa hae ea Seo a se Hlokang morali a sa tsebe. Ntate o ile a e bala ka makhetlo a ’maloa ’me a khahloa ke seo a se balileng. Ka mor’a moo, ha a lumelisa batho ba iphetelang ka tsela o ne a se a sa ba lakaletse mahlohonolo lebitsong la Boraro-bo-bong. Ka mor’a nakoana ho ile ha thoe ke “mokoenehi,” batho ba bang ba ne ba bile ba batla ho mo otla. Kahoo, o ile a fallela Addis Ababa, moo a ileng a qala ho ithuta Bibele. Elsa e se e le Paki e kolobelitsoeng, hammoho le litho tse ling tse supileng tsa lelapa. Monna oa hae le eena hammoho le ngoana oa bona ba hatela pele hantle.
Côte d’Ivoire: Anderson o ile a siela mohoebi e mong ea neng a bala Bibele kamehla bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ka mor’a nakoana ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Monna eo o ile a thabela ka ho khetheha thuto e buang ka “Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo.” O ile a re: “Ke ne ke sa tsebe hore molekane e mong le e mong o na le karolo eo a lokelang ho e phetha lenyalong. Ha ke ne ke fihla hae bosiu, ke ne ke sa mamelle letho leo mohats’a ka a le buang. Ke ne ke ee ke re ho eena, ‘Ke monna, nka itsamaela ha ke rata; uena u mosali, u lokela ho hlokomela ntlo.’ Hona joale ha ke tloha mosebetsing ke toba hae ’me ke thusa mohats’a ka ka mesebetsi ea lelapa.”
Kenya: Ngoana e mong ea lilemo li supileng ea sehlopheng sa bobeli o ile a utloa hore ho tl’o ba le ketelo ea molebeli oa potoloho. Beke pele ho moo, o ile a ea ho mosuoe-hlooho oa sekolo a ea kōpa tumello ea ho ea libokeng ka Labobeli thapama. O ile a mo lumella. Empa ka le hlahlamang moshemane eo o ile a khutlisetsoa hae ha thoe a e’o lata batsoali le moeti eo a ntseng a bua ka eena. Ka hona, molebeli oa potoloho o ile a ea sekolong moo le ntate oa moshemane eo. Mosuoe-hlooho o ile a makala ha a bona hore moeti eo o hlile o tlile le hore o nkile nako e fetang hora a hloa maralla ho tla kopana le mosuoe-hlooho. O ile a amohela lingoliloeng ’me ho tloha nakong eo a ba le botsoalle le tšebelisano-’moho.
Malawi: Mor’abo rōna e mong o ne a atisa ho tšoenngoa ke monna e mong ea neng a mo feta ka baesekele ha a le tšebeletsong ea tšimo. Monna eo o ne a ema ha a bona mor’abo rōna a ntse a paka ebe o leka ho tsosa khang. O ile a ba a leka ho nka Bibele ea mor’abo rōna. Ka letsatsi le leng, monna eo o ile a feta ka baesekele ha mor’abo rōna a ntse a khanna thuto ea Bibele. Monna eo o ne a leka ho lokisa ho hong baesekeleng ea hae ha letsoho la hae le tšoasoa ke literata tse lebiling le ka pele, ’me li mo lematsa hampe menoaneng. Le hoja monna eo a ne a opeloa habohloko, ho batho ba neng ba shebeletse ke mor’abo rōna feela ea ileng a mo thusa, a mo tlamisa menoana a ba a lokisetsa hore a isoe sepetlele. Hamorao, mor’abo rōna o ile a ea lapeng ha monna eo. Monna eo ea neng a soabetse tsela eo a ’nileng a itšoara ka eona, o ile a re o ne a khotsoe litaba tsa bo-ba-re. O ile a re: “Ha e le hantle le rapela Molimo a le mong feela oa ’nete. Ke ne ke sa nahane hore le ka mohla u ka ntšoara ka mosa joalo ho latela kamoo ke neng ke u tšoere hampe kateng.”
Cameroon: Morali’abo rōna e mong ea tlaase lilemong o ne a lutse moleng o molelele sepetlele ha ho fihla monna-moholo e mong ea kulang. Kaha litulo li ne li tletse, monna-moholo eo o ile a lokela ho ema. Morali’abo rōna o re: “Ke ile ka utloela monna-moholo eo bohloko eaba ke mo fa setulo hore a lule. Sena se ile sa tsosa ho korotla ho hoholo kaha ha ke ne ke mo fa setulo, ke ne ke tlameha ho khutlela morao moleng. Ka mor’a nakoana, ’mè e mong o ile a tla ho ’na a mpotsa hore na ke oa bolumeli bofe. Ke ile ka mo bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a mpabatsa kaha a ne a nka hore hase bacha ba bangata ba ka etsang seo ke se entseng. Ke ile ka sebelisa monyetla oo ho mo pakela le ho pakela ba bang ke sebelisa lipampitšana tseo ke neng ke e-na le tsona. Ke ile ka araba lipotso tse ngata. Batho ba bang bao ke ileng ka buisana le bona ba ile ba fetola maikutlo a bona ka Lipaki Tsa Jehova ’me ba ne ba se ba bile ba thabela ho amohela Lipaki ha li ba etetse malapeng.”
Togo: Barab’abo rōna ba bang ba ile ba fumana mohlankana e mong ea ileng a thaba ha a kopana le bona tšimong e ka thōko. O ile a ba bontša libuka tse peli tseo a neng a kopilelitse buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng le karolo e ’ngoe ea buka ea “Make Sure of All Things” ho tsona. O ne a bone libuka tseo lapeng la moruti e mong oa kereke ea evangeli eo a neng a ile a qeta nakoana a lula ha hae. Moruti eo o ne a e-na le liraka tse peli tsa libuka, e ’ngoe e le ea libuka tseo a li ratang e ’ngoe eona e le ea libuka “tseo e seng tsa bohlokoa.” Mohlankana eo o ile a fumana libuka tseo tsa rōna rakeng ea bobeli. Ka mor’a ho bala maqephe a seng makae feela, o ile a rata molaetsa oa tsona. Kaha o ne a ke ke a tsamaea ka libuka tseo a bile a sa tsebe hore na a ka li fumana hokae, o ile a li kopitsa. ’Mè oa hae le moruti ba ile ba mo hanyetsa ha a qala ho bolella ba bang seo a se balileng. Barab’abo rōna ba ile ba mo siela lingoliloeng ba ba ba mo thusa hore a hatele pele moeeng.
Afrika Boroa: Paki e ’ngoe e bitsoang Thandi e ile ea kōpuoa ke mohiri oa eona hore e buisane le mosebetsi-’moho le eona ea bitsoang Bella, ea neng a e-na le mathata lenyalong. Monna oa Bella, eo e leng lepolesa, o ne a mo otla a bile a mo hlekefetsa maikutlong, kahoo Bella o ne a se a entse qeto ea ho mo hlala. Thandi o ile a fa Bella libuka tse peli tsa Lekunutu la Thabo ea Lelapa ’me a mo khothalletsa hore a fe monna oa hae e ’ngoe. Ka mor’a beke, Thandi o ile a bua le Bella ’me Bella a mo bolella hore monna oa hae o ntse a bala buka eo le hore ho se ho e-na le khotso lapeng la bona. Likhoeli tse tharo hamorao, Bella o ile a bolella Thandi hore thapelo le buka ea Thabo ea Lelapa li mo thusitse hore Molimo a boloke lenyalo la hae. Ha mohiri oa Bella a utloa ka seo, o ile a etsa tlhahiso ea hore basebetsi bohle ba hae ba 2 000 ba iphumanele buka eo. Hona joale, Thandi o se a file basebetsi-’moho le eena libuka tse 96 tsa Thabo ea Lelapa. K’hamphani e fane ka monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.
◼ LINAHA TSA AMERIKA
Palo ea linaha: 56
Palo ea baahi: 879 073 403
Palo ea bahoeletsi: 3 199 835
Palo ea lithuto tsa Bibele: 3 022 276
Venezuela: Lelapa le leng la Lipaki le ne le qeta ho kenya nomoro e ncha ea thelefono. Empa ka lebaka la bothata ba thekniki, ba ile ba qala ho founeloa ke batho ba letsetsang seteisheneng sa moo sa thelevishene ba batla ho buisana le mosali e mong oa senohe sa linaleli. Lelapa leo le ile la etsa qeto ea hore le sebelise boemo boo hamolemo. Le ile la nka buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, la batla boitsebiso bo itseng le litemana tse seng kae tsa Bibele tseo le ka li fang batho ba founang. ’Mè oa lapeng moo, e leng Graciela, o ile a ipabola ntlheng ena. Ka letsatsi le leng motho ea founang o ile a re: “Lumela. Na ke uena molimotsana oa linaleli?”
Eaba o re: “Lumela. ’Na ke Graciela, uena u mang?”
“Ke Carmen.”
“Carmen, ke hobane’ng ha u batla ho buisana le molimotsana oa linaleli? Na u hloka thuso kapa keletso ntlheng e itseng?”
Carmen o ile a bolella morali’abo rōna bothata boo a nang le bona. Graciela o ile a mo hlalosetsa ka lentsoe le mosa hore na ke hokae moo re ka fumanang keletso e molemo ka ho fetisisa teng a ba a balla Carmen litemana tse itseng tsa Bibele. A ntan’o botsa, “Na ha u nahane hore re lokela ho ea ho ’Mōpi oa rōna haeba re hloka tataiso e tšepahalang hona joale le nakong e tlang?” Carmen o ile a hlalosa hore o kile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, kahoo ba lokisetsa hore ho tsosolosoe thuto eo. Ka mor’a moo, ba lelapa la Graciela ba ile ba buisana le batho ba bang ba bangata ba batlang thuso, ’me hangata ba ba pakela ka tsela e babatsehang, ba ba khothalletsa hore ba mamele Lipaki ha li ba etetse ba bile ba ba khothalletsa ho ea Holong ea ’Muso e haufi le bona.
Colombia: Ka March 2005, morali’abo rōna e mong ea lulang Cali o ile a utsoetsoa koloi. E ile ea fumanoa matsatsi a seng makae hamorao. O ile a emela mapolesa koloing moo a e-na le monna oa hae ea sa lumelang, empa ha mapolesa a lieha ho fihla, banyalani bao ba etsa qeto ea ho nka koloi. Empa kaha koloi eo e ne e sebelisitsoe tlōlong ea molao, mapolesa a ile a emisa banyalani bao, a ba tšoara eaba a ba isa teronkong. Hang ha morali’abo rōna a fihla teronkong, o ile a qala ho paka, ’me ka mor’a nakoana, a qalisa lithuto tse ’maloa tsa Bibele. Seithuti se seng se ile sa lokolloa eaba se kōpa morali’abo rōna hore a tle a tsoele pele ho ithuta le sona hang ha a lokolloa. Seithuti seo se ile sa ba sa bolella monna eo se neng se lula le eena hore se batla ba nyalane e le hore ba khahlise Molimo.
Le hoja morali’abo rōna a ne a sa tsoa rapella hore a fumane nako e eketsehileng ea ho paka, o ne a sa nahane hore e ka ba teronkong! O ile a bolelloa hore a ka ’na a fokoletsoa nako eo a tla e qeta a le teronkong, empa kaha o ne a ikutloa a sirelelitsoe ke Jehova a bile a khotsofalletse ho paka moo, a hana. O ile a lokolloa le monna oa hae ka mor’a hore ba qete matsatsi a 45 teronkong. O ile a re tumelo ea hae e matlafetse. Barab’abo rōna ba ile ba etela monna oa hae le ho mo thusa ka matsatsi ao. Ka mor’a lilemo tse 20 a sa etse boiteko bo bokaalo ba ho sebeletsa Molimo, o ile a qala ho ea libokeng a ba a bolela hore o lakatsa ho ithuta Bibele. Hona joale morali eo oabo rōna o lula a etela teronkong ho ea khannela batšoaruoa ba bane ba basali thuto ea Bibele. O leboha Jehova ha a arabetse lithapelo tsa hae a ba a mo hlohonolofatsa ka litsela tse ngata.
Brazil: Ho fihlela lilemong tse peli tse fetileng, ho ne ho tloaelehile ho bona monna e mong ea foufetseng ea bitsoang Renildo, a qela chelete limmarakeng tsa motse oa habo le metseng e meng e haufi. Le hoja a ne a qela chelete e le hore a tlatseletse eo a e fuoang ka lebaka la ho holofala, chelete eo a e qelang e ne e kena e le ngata hoo a neng a e-na le koloi le ntlo e nang le thepa e ntle a bile a khona ho reka lijo tseo batho ba bang ba sa atiseng ho li ja sebakeng seo se futsanehileng. Ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ho ile ha mo thusa hore a fetole pono ea hae bophelong butle-butle, e leng se ileng sa mo susumelletsa hore a etse qeto e bontšang sebete. Ka mor’a hore Renildo a buisane le mosali oa hae le bana ba bona ba bararo ka hore na ba ka etsa’ng e le lelapa hore ba phele ka chelete e tlaase, o ile a khaotsa ho qela chelete. Ka mor’a nakoana, Renildo o ile a hatela pele moeeng le ba lelapa la hae ba ba ba kolobetsoa kopanong ea setereke. Hona joale Renildo ha a sa tsebahala ka ho ba mokōpa-kōpa empa o se a tsebahala e le mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo, ea qetang lihora tse ka bang 40 khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo.
Ecuador: Pula-maliboho e mong oa kamehla o ne a atisa ho siela mong’a reschorente e ’ngoe limakasine tsa Sechaena. Monna eo o ile a eteloa ke motsoalle oa hae eo le eena a nang le reschorente. Motsoalle eo oa hae o ile a bona limakasine tseo ’me a li bala. O ile a li thabela hoo a ileng a ngolla lekala la Hong Kong, a kōpa limakasine tse ling, Bibele le buka ea Atamela ho Jehova. O ile a ba a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Lekala la Hong Kong le ile la tsebisa lekala la Ecuador ka eena, eaba ka mor’a nakoana bo-pula-maliboho ba bang ba etela monna eo ea thabelang ba nkile lingoliloeng tseo a li kōpileng. Ba ile ba khutla ka mor’a matsatsi a mane. Na o ne a se a balile lingoliloeng tseo? O ile a re: “Ke qalile ho bala ho tloha bukeng ea Genese ’me hona joale ke bukeng ea Ezekiele, empa ke na le lipotso. Ke hobane’ng ha Jehova a le mosa hakaale ho rōna batho? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke ea hae, joale ke hobane’ng ha a ikhathatsa hakaale ka ho thusa batho? O rua molemo oa eng ka see?” Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me monna eo a qala ho ea libokeng hona hoo. O ile a khaotsa ho tsuba le ho ea k’hasino. Ebile o koala reschorente ha a ea libokeng. Hona joale monna eo o mothating oa ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o ruta barab’abo rōna ba moo Sechaena, kaha ba batla ho thusa batho ba bang ba buang Sechaena naheng eo.
Honduras: Guatemala, ka January 2005, morali’abo rōna e mong ea bitsoang Flor o ile a pakela Sebastián ea lilemo li 15 ea etsang metlae liserekising, a mo pakela ka tsela e sa reroang. Sebastián o ile a bontša thahasello empa a se na nako ea ho bua. Ka letsatsi le leng o ile a oela a le holim’a tente e khōlō, kahoo a kenngoa samente. Joale o ile a ba le nako e ngata ea ho nahana ka litaba tsa moea. Flor o ne a mo etela letsatsi le leng le le leng a tl’o araba lipotso tsa hae tse ngata. Ka mor’a nakoana ’mè oa hae, e leng Doris, ea tsamaeang holim’a ropo e tšesaane liserekising, le eena o ile a thahasella, ’me Flor a qalisa thuto ea Bibele le eena. Dalila, ea bapalang liswinki liserekising le Sofía ea tantšang moo, ea neng a kile a ithuta le Lipaki, le bona ba ile ba kopanela thutong eo hammoho le barali ba bona. Kahoo sehlopha seo sa eketseha ho fihlela ho e-na le batho ba supileng. Flor o ile a qeta likhoeli tse peli a ba khannela thuto ka makhetlo a mahlano ho isa ho a supileng ka beke.
Ha nako ea hore liserekisi li ee Honduras e fihla, Flor o ile a khothalletsa sehlopha seo hore se batle Lipaki metseng eo se eang ho eona e le hore se tsoele pele se ithuta se bile se e-ba teng libokeng. Ha se fihla motseng oa Copán, bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ba sebeletsang sebakeng seo ba ile ba ntšetsa pele thuto eo ea Bibele. Ha sehlopha seo se fetela motseng oa Gracias, pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a ntšetsa thuto eo pele. Ha e se e le nako ea hore se ee motseng oa Santa Rosa de Copán, banyalani ba bang ba baromuoa ba ile ba founeloa ba kōpuoa hore ba ithute le sona libekeng tse tharo tse latelang.
Ke thuto e ikhethang kaha batho ba supileng ho isa ho ba leshome ba bokana ka tenteng e khōlō ea liserekisi. Ba ithuta habeli ka beke ’me ba lokisetsa hantle, ho akarelletsa le ngoananyana e mong ea lilemo li robong ea bitsoang Julietta, ea bapalang liswinki liserekising. Ha ba ile libokeng, ba atisa ho tloha hang ha ho qetoa ba mathetse ho ea apara liaparo tseo ba bapalang ka tsona liserekising e le hore ho qaloe ka nako. Empa ba thabela ho etsa boiteko boo.
◼ OCEANIA
Palo ea linaha: 30
Palo ea baahi: 35 237 787
Palo ea bahoeletsi: 93 961
Palo ea lithuto tsa Bibele: 47 864
New Zealand: Ha morali’abo rōna e mong e mocha lilemong ea bitsoang Cecilia, a ntse a bala bukana e thehiloeng Bibeleng nakong ea lijo tsa motšehare, mosebetsi-’moho le eena o ile a mo botsa hore na bukana eo e bua ka’ng. Ha Cecilia a ntse a mo hlalosetsa, batho ba bang ba 15 ba phutheha ho tla mamela, ho akarelletsa mookameli oa hae ea ileng a mo bitsetsa ka ofising ea hae ka mor’a moo. O ile a mo bolella hore o khahluoe ke seo a se utloileng. Mookameli eo o ile a tsebisa basebetsi ba bang hore ntlo ea ho jela e se e tla ba sebaka seo ho tšoareloang puisano ea Bibele ho sona a ba a eketsa nako ea Cecilia ea lijo tsa motšehare hore e se hlole e e-ba metsotso e 30 empa e be metsotso e 60, e le hore a ka ba le nako ea ho ja le ho bua ka Bibele. Ho ile ha feta libeke tse ’nè batho ba 9 ho isa ho ba 15 ba e-ba teng lipuisanong tseo. Hona joale basali ba babeli ba ithuta Bibele kamehla, ba hatela pele hantle ebile ba pakela ba malapa a bona le metsoalle.
Tuvalu: Peteli, eo ka Sesotho lebitso la hae le bolelang “Bethele,” ke mosetsana ea lilemo li 14 ea sa utloeng hantle litsebeng. Beng ka eena ke Lipaki Tsa Jehova, kahoo o ne a ea libokeng tse ling empa a sa rue molemo hakaalo kaha ha a utloe litsebeng ebile ha a tsebe ho bala. Peteli o ile a ithuta ho lemoha seo motho a se buang ka ho mo sheba molomong ha a bua, a ithuta seo ho se motho ea mo rutang. Morao tjena, morali’abo rōna e mong oa moromuoa ea bitsoang Dale o qalile ho ithuta le eena bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Dale o ne a sebelisa litšoantšo ho ruta Peteli Bibele le taba e ngotsoeng ho mo ruta ho bala. Ho neng ho thatafatsa thuto eo ka ho khetheha ke hore Dale e ne e le moromuoa e mocha ’me e le hona a ntseng a ithuta puo, ka mona Peteli a hloka ho thusoa hore a ithute ho tsamaisa leleme ka mokhoa o loketseng e le hore a khone ho bitsa mantsoe hantle. Peteli ke motho ea nang le tjantjello le ea sebetsang ka thata. O ile a nka likhoeli tse tharo feela hore a qale ho bala. Peteli le morali’abo rōna ea mo rutang ba lokisetsa hammoho litlhaloso tseo a tla fana ka tsona libokeng. Peteli o itlhakisa hantle esale pele ’me o motlotlo ho araba libokeng. O lula moleng o ka pele Holong ea ’Muso e le hore a bone sebui hantle molomong ha se bua. Dale o re: “Jehova e ntse e e-ba motsoalle oa sebele ho Peteli, ’me o atisa ho sekisa likhapha ha re bua ka nako eo ka eona ‘litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha.’”—Esaia 35:5.
Samoa: Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea bitsoang Elena o ne a khannela mosali e mong oa Momethodiste thuto ea Bibele, eo ntlo ea hae e neng e shebane le ea moruti e mong oa moo. Ba ne ba tšoarela thuto foranteng, moo moruti a ntseng a ba bona. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba ithuta, moruti eo o ile a tla. Seithuti sa Bibele sa mo botsa hore na o batla’ng. Moruti a re: “Ke ntse ke batla hokinyana ea ka. Ke qetile khoeli ke sa e bone.” A ntan’o sheba Elena a re, “Na ebe ua tseba hore na hokinyana eo ea ka e balehetse’ng?” Elena o ne a nahana hore moruti o bua ka hokinyana ea sebele, kahoo a re mohlomong o ne a lula a e fepa lijo li le ling ke kahoo e balehileng. A etsa tlhahiso ea hore a leke ho e fepa lijo tse ling. Elena o ile a makala ha moruti eo a supa seithuti seo sa Bibele a re, “Hokinyana ea ka ke eona ena!” A ntan’o re: “U nkutsoelitse eona. U lokela ho khaotsa thuto ena hang-hang ebile u se ke be ua hlola u e tšoara.” (Metseng ea Samoa, baruti baa thothomelloa.) Mosali eo o ile a bokolla. Elena o ile a leka ho mo thōlisa a ba a mo hlalosetsa hore Bibele e ile ea bolela esale pele hore ba ithutang Bibele ba tla hlaheloa ke lintho tse kang tsena.
Elena o ile a qala ho fetola kemiso eo ba e entseng ka hore a fetole letsatsi leo ba ithutang ka lona, nako le sebaka seo ba ithutelang ho sona. O re: “Ho e-na le hore re ithutele foranteng ea ntlo ea Samoa, re ile ra ea ithutela ka kamoreng e nyenyane e ka morao ha mosali eo. Ho ne ho chesa habohloko ka moo, empa bonyane thuto e ne e khona ho tsoela pele. Re ile ra etsa sena ka likhoeli tse peli. Empa ka letsatsi le leng ha re qeta ho bula ka thapelo, ra bona moruti eo a se a re thoso! Ke ne ke nahana hore o tl’o emisa thuto, athe o fetohile.”
O ile a lula fatše a mamela ha re ithuta a ba a botsa lipotso. Ha re qeta thuto, a retelehela ho mosali eo, a re: “Ho na le taba eo ke batlang ho u bolella eona. Maobane bosiu re ne re ile toropong, eare ha re khutla ra robeheloa ke koloi motseng o mong. Banyalani ba bang ba tlaase lilemong le mohlankana e mong ba ile ba tla ’me ba re thusa ho e lokisa. Koloi e ile ea hana ho luma, eaba ba ithaopela ho re tlisa hae ka koloi ea bona ka mor’a hore ke pake koloi ha bona. Ha ke kena ka koloing ea bona ke ile ka bona Melula-Qhooa le lingoliloeng tse ling. Ke ile ka nahana hore mohlomong batho bana ke ba kereke ea mosali ea atisang ho u etela.”
Mosali eo a araba a re: “Ho joalo, u nepile. Ke bana ba Elena.” Moruti eo a kōpa tšoarelo a ntan’o re: “U tšoare tsoho leo. Joale kea tseba hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba molemo le ba nang le lerato. U ntšoarele ka seo ke ileng ka se bua. Thuto ea mofuta ona e tla thusa batho ba kereke ea ka hore ba fetole maikutlo a bona.” Ho tloha letsatsing leo, ha baa ka ba hlola ba ithutela ka kamoreng e chesang e ka morao, empa ba se ba ithutela foranteng e pholileng, ka pel’a ntlo moo moruti a ntseng a ba bona, ’me ho tloha mohlang oo ha aa ka a hlola a ba khathatsa.
Saipan: Sehlekehlekeng sena, ’nete ea ’Muso oa Molimo e ile ea ama mosali e mong ea bitsoang Helen ka ho teba. O ne a ithuta Bibele le moromuoa e mong ’me a batla ho bontša hore o ananela lintho tseo a ithutang tsona. Ka lekhetlo le leng ha ba qeta ho ithuta, Helen o ile a fa moromuoa eo mokotlana o mong oa lesela eaba o re: “Ke kojoana li mahetleng, empa ke lakatsa ho u fa sena e le monehelo bakeng sa mosebetsi oa boboleli.” Ka mokotlaneng oo ho ne ho e-na le perela e ntle e tsoang sehlekehlekeng sa habo sa Pohnpei. Helen o ile a etsa tlhahiso ea hore perela eo e rekisoe e le hore ho ntšoe monehelo. Perela eo e ne e le ea boleng bo botle, ’me mong’a lebenkele la mabenyane o ile a thabela ho e reka ka liranta tse 680. Helen o ile a fuoa chelete eo e le hore a etse qeto ea hore na o nehelana ka e kae, empa a sutumelletsa chelete eo thōko, a re, “E kenye kaofela ka lebokoseng.” Ke’ng e neng e mo susumelelitse hore a fane ka seatla se bulehileng joalo? Joaloka papisong ea Jesu, Helen o ne a fumane perela e theko e phahameng, e leng tšepo ea ’Muso.—Mat. 13:45, 46.
◼ EUROPE
Palo ea linaha: 46
Palo ea baahi: 731 536 437
Palo ea bahoeletsi: 1 498 142
Palo ea lithuto tsa Bibele: 717 797
Belarus: Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba khethehileng, e leng Pavel le Mayya, ba ne ba le sekolong sa bo-pula-maliboho. Mantsiboeeng a mang ba ile ba re ba ke ba otlolle maoto, ba sa rera ho paka ka tsela leha e le efe. Leha ho le joalo, ba nka bukana ea Good News for People of All Nations. Eitse ha ba bona batho ba bang ba babeli ba tsoang naheng e ’ngoe, ba rera ho ba pakela. Ba ile ba fumana hore banna bao ba babeli ba tsoa Pakistan le hore ba bua Seurdu. Ba ile ba hopola hore ba tšoere bukana, ’me ba ba fa eona hore ba ipalle. E mong oa banna bao o ile a bontša khahleho a ba a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. O ile a ea sebokeng sa phutheho hona bekeng eo. Ho kopana le batho ba Jehova ho ile ha mo khothatsa hoo a ileng a re, “Ke qetile lilemo tse tharo Minsk, empa ke qala ho kopana le Bakreste ba ’nete.” Monna eo o ntse a tsoela pele ho ithuta Bibele.
Brithani: Richard ke moholo ea foufetseng ea nang le ntja e bitsoang Irvin e koetliselitsoeng ho tataisa batho ba sa boneng. Irvin e ne e thatafalloa ke tšebeletso ea ntlo le ntlo kaha e ne e koetliselitsoe ho hopola libaka tsohle tseo Richard a li etelang. Ha Richard a hlalosetsa batho ba mo fileng ntja eo boemo bona, ba ile ba re tšebeletso eo e hlile e tla thatafalla Irvin haholo. Ba ile ba khothalletsa Richard hore a tsamaee le Irvin tšimong ea khoebo, moo ntja eo e neng e tla hopola libaka tse sa tšoaneng tseo a tla lula a li etela. Richard o ne a atisa ho fumana ho le thata ho paka tšimong ea khoebo, empa ka thuso ea Irvin, ka mor’a nakoana o ile a ipabola ho pakeng ka tsela ena.
Hungary: Molebeli e mong oa potoloho o re ha a ngola: “Ka May 2004, re ile ra kopana le monna e mong ea bitsoang Csaba a ntse a sebetsa serapeng. O ile a re ke setho sa lekhotla la kereke. Re ile ra buisana le eena ho se hokae, ra ntan’o ikela. Re ile ra khutla ka mor’a matsatsi a mabeli, re nkile buka ea Tsebo ’me ra qalisa thuto ea Bibele le eena. Moo re reng rea tsamaea, a re bolella hore setofo sa hae ha se sebetse hantle. Ke ile ka mo bolella hore ke tseba mor’abo rōna e mong ea tsebang ho lokisa litofo le hore ke tla mo fa nomoro ea Csaba. Ha barab’abo rōna ba se ba khutla ba il’o hlaolela thahasello, Csaba o ile a ba fa buka a ba a emisa thuto. Ho sa le joalo, mor’abo rōna eo ke mo kōpileng hore a mo thuse ho lokisa setofo o ile a mo founela ka taba eo ea ho se lokisa. Mora eo oabo rōna o ile a nka matsatsi a mararo a ntse a lokisa setofo sa Csaba, ’me a qeta lihora tse ngata a buisana le Csaba ka ’nete hona nakong eo. Monna eo o ile a tsosolosa thuto ea Bibele, ’me mohats’a hae le eena a kenella thutong. Ka May 2005, e ne e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ha ke etetse phuthehong eo, ke ile ka tsamaea le eena ha a qala ho ea tšimong. Ntho e mo thusitseng haholo hore a hatele pele moeeng ke tsela eo barab’abo rōna ba neng ba e-na le botsoalle ka eona le kamoo ba neng ba ikemiselitse ho mo thusa kateng, hammoho le ho bona hore tsela eo Lipaki li itšoereng ka eona e fapane le eo batho ba kereke ea habo ba itšoereng ka eona.”
Belgium: Mor’abo rōna e mong o ile a khutlela ho mosali e mong eo ntlo ea hae e leng k’honeng ea seterata, ’me ka linako tsohle ba buisana ba eme monyako. Ka letsatsi le leng ha mor’abo rōna a tloha lapeng leo, monna e mong o ile a mo atamela a re: “Metsoalle ea ka e ne e re lōna Lipaki Tsa Jehova ha le batho bao motho a ka ikamahanyang le bona. Empa ke ile ka le buella ka re seo hase ’nete. E-re ke u bolelle ’nete. Hangata ha ke thapolla maoto le ntja ea ka, ke ee ke eme k’honeng moo ebe kea mamela ha u buisana le mosali eo ea lulang moo. U atisa ho bua ka tsoho ea bafu le ka Paradeise. Nka rata ho tseba ho eketsehileng ka taba ena. Mohats’a ka o sepetlele o ntse a hlaphoheloa ka mor’a hore a hlajoe ka thipa ka makhetlo a 17. Ke ikutloa ke tsielehile ke bile ke sa tsebe hore na ke etse’ng.” Monna eo o ile a qalisetsoa thuto ea Bibele.
Italy: Mor’abo rōna e mong o ne a tsoa mosebetsing a khutlela hae thapameng e ’ngoe. Ha a atamela moo a lulang teng, banna ba bang ba babeli ba mo feta ka sethuthuthu. Ea lutseng ka mor’a mokhanni a ntša sethunya a supisa mor’abo rōna hore a emise koloi, e leng seo a ileng a se etsa. Monna eo ea nkileng sethunya a ntan’o bula lemati la koloi a re mor’abo rōna a theohele fatše a be a ntše chelete eohle e ka lipokothong a mo fe eona. Mor’abo rōna a etsa joalo. Monna eo ea nkileng sethunya a ntan’o lula setulong sa mokhanni a se a loketse ho khanna koloi. Empa eitse ha a bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova e lutse deshebotong, a re, “Na u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?”
Mor’abo rōna a re, “E, hobane’ng ha u botsa?” Monna eo a tsoa ka koloing a sa mo arabe, a kōpa tšoarelo ka se etsahetseng a ba a kōpa mor’abo rōna hore a kene ka koloing. Ho sa le joalo, lesholu le leng la re mphato oa lona a khutlise chelete eo a e nkileng.
Monna ea nkileng sethunya a re, “Kannete re soabile, u re tšoarele,” a ba a koalla mor’abo rōna lemati la koloi. Banna bao ha baa ka ba hlalosa lebaka le entseng hore ba fetole maikutlo, empa kamoo ho bonahalang kateng ba ne ba hlompha Lipaki.
Sweden: Ka April 2003 mohoeletsi e mong o ile a kopana le monna ea ileng a amohela buka ea Tsebo. Monna eo o ne a ka ba lilemo li 90. Lilemong tse fetileng o ne a ile a pholletsa le naha a nka litšoantšo tsa likereke tse ngata. Ka lebaka la seo o ne a nkoa e le setho se hlomphehang sa mokhatlo o mong Kerekeng ea Sweden. Mohoeletsi eo o ile a botsa monna eo hore na o kile a bona lebitso la Molimo kerekeng leha e le efe a ba a mo bontša lebitso la Molimo setšoantšong sa e ’ngoe ea likereke tsa Sweden. Monna eo o ile a thahasella seo. O ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele, eo a ileng a e thabela haholo. O ile a re: “Ke qalile ho bala Bibele ke sa le ngoana, ’me ke ne ke lumela hore ke utloisisa lintho tse ngata. Empa ha ke bapisa le seo ke se tsebang hona joale, ke ne ke sa utloisise letho.” Ka mor’a nakoana o ile a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Ka June 2005, o ile a fana ka puo ea hae ea pele ea ’malo oa Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, a le lilemo li 91. Hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o lokisetsa ho kolobetsoa. O ile a mamela Lipaki Tsa Jehova ka 2003 ka lebaka la lenaneo le ileng la bontšoa thelevisheneng le neng le re beha ka mosing. O ile a batla ho tseba ’nete ka rōna, ’me joale oa e tseba.
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Svetlana, Kyrgyzstan
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Lucy, Uganda
[Setšoantšo se leqepheng la 52]
Graciela, Venezuela
[Setšoantšo se leqepheng la 55]
Renildo le lelapa la hae, Brazil
[Setšoantšo se leqepheng la 57]
Dale le Peteli, Tuvalu
[Setšoantšo se leqepheng la 57]
Cecilia, New Zealand
[Setšoantšo se leqepheng la 58]
Elena, Samoa
[Setšoantšo se leqepheng la 61]
Pavel le Mayya, Belarus
[Setšoantšo se leqepheng la 61]
Richard le ntja ea hae, Irvin, Brithani