INDONESIA
E Bile Pula-maliboho ea Khethehileng ka Lilemo Tse 50
Alisten Lumare
O HLAHILE KA 1927
O KOLOBELITSOE KA 1962
PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le mohlahlobi oa mapolesa ’me hamorao a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse 50.
KA 1964, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng Manokwari, West Papua, phuthehong e nyenyane e neng e hanyetsoa haholo ke baruti ba motse oo. Nakoana ka mor’a hore ke fihle moo, moruti e mong oa Moprostanta o ile a itšohlometsa ka tlung ea ka.
O ile a hoeletsa ka bohale a re: “Ke tl’o senya ntlo ena ea hao ke be ke felise Lipaki Tsa Jehova mona Manokwari”.
Ka lebaka la thupelo eo ke ileng ka e fumana sepoleseng, ha kea ka ka tšosoa ke ho itlatlarietsa hoo ha hae. Empa ke ile ka mo araba ka bonolo eaba o itsamaela ka khotso. 1 Pet. 3:15.
Ka nako eo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba robeli Manokwari. Hona joale, ka mor’a lilemo tse 50, ho se ho e-na le liphutheho tse supileng. Batho fetang 1 200 ba ile ba e-ba teng kopanong ea setereke ka 2014. Ke thaba haholo ha ke bona seo Jehova a se finyelletseng motseng oo oa mahaeng.