Botšosi bo ama bo-mang?
Tsoha! ha e kenelle lipolotiking. Ha e jele pate likhohlanong tsa lipolotiki tsa lefatše lena. Leha ho le joalo, tumellanong le morero oa eona, e fata liketsahalo tsa hona joale le ho totobatsa se boleloang ke tsona. Ka lebaka leo, Tsoha! e fatisisa lipheo tsa botšosi kamoo litsebi tsa botšosi li li bonang kateng. Re tlohella babali ba rōna ho iketsetsa liqeto.
“Kajeno literata tsa metse e meholo ea lefatše, litselana tsa boema-fofane, le lipolokelo tsa libetsa li fetotsoe lebala la ntoa ha lihlopha tse nyenyane tsa batšosi le babolai ba batla ho flnyella lipheo tsa bona tsa lipolotiki.”
“Ho tloha ka 1973 ho ea ho 1984 ho tlalehiloe liketsahalo tse 5 000 tsa botšosi lefatšeng lohle tse bolaileng batho ba kaholimo ho 4 000 ’me tsa ntša palo ena e imenneng habeli kotsi.”
“Lilemo tse leshome le metso e mehlano tse fetileng, baemeli ba tsoang linaheng tse 113 ba ’nile ba fetoha bahlaseluoa ba liketso tsa botšosi tse etsahetseng lichabeng tse 128 tse fapaneng.”—Fighting Back—Winning the War Against Terrorism.
NA U angoa ke botšosi? Na mahareng a 1986 u hlakotse kapa u fetotse litokisetso tsa leeto hobane u tšaba batšosi? Hona joale botšosi ke lebaka le sa hlokomeleheng, kapa le hlokomelehang la khatello ea maikutlo maphelong a batho ba bangata kajeno. Joaloka ha Yitzhak Rabin, letona la tšireletso la Iseraele, a ngotse: “Ho tšaba botšosi ho se ho fetohile tsela e tloaelehileng ea bophelo bathong ba bangata lefatšeng lohle.” Ho ka ’na ha etsahala hore re kentse letsoho ho koahela litšenyehelo tse etsoang ke botšosi. Joang? Mohlomong karolo ea lekhetho la hao e koahela litlhoko tsa tšireletso e phahameng le.ho itlhomella ho matla tseo mebuso e mengata e li hlokang ka lebaka la tšokelo ea botšosi.
Ireland Leboea le Bochabela bo Hare li ’nile tsa hlaseloa ke botšosi ka mashome a lilemo. Lilemong tsa haufinyana botšosi bo siile letšoao la bona linaheng tse ngata tsa Europa le Amerika Bohareng le Boroa. ’Me ka thelevishene, seea-le-moea, le likoranta kaofela re tloaelane le pefo ea botšosi. Bo fetohile moqoqo oa kamehla. Libomo tsa batšosi, lipolao, le ho koetela li tloaelehile hoo mohlomong re felloang ke maikutlo. Ka lebaka leo, lintho tse sa tloaelehelang li bonahala li tloaelehile, tse sa nahanoeng lia nahanoa, ’me linaheng tse ling, tse kang Lebanone, lintho tse sa mamelloeng lia mamelloa.
E, botšosi ke ntho e teng bophelong—ke karolo ea kamehla ea litaba, e beile baetapele le lihlopha tsa botšosi setloaeling. Hajoale botšosi ke kotlo ea lefatše lohle.—Bona ’mapa.
Botšosi Ke’ng?
Ho ka ’na ha utloahala ho le bonolo ho hlalosa motšosi. Empa hoo ho itšetlehile ka hore na u lehlakoreng lefe la tseko. Na batho ba lekang ho tsoa ’muso oa El Salvador ka tlase ke batšosi kapa ke ‘mokhatlo oa tokoloho oa batho ba sechaba’? Na likhukhuni tsa Nicaragua ke batšosi kapa e mpa e le feela “batho ba loanelang tokoloho”? Botšosi, joale ka botle, bo pel’a ’mohi. Ho phehella sepheo sa lipolotiki ho ka ’na ha khopamisa tlhaloso ea bona.
Benjamin Netanyahu, lenģosa la Iseraele Machabeng a Kopaneng o hlalosa botšosi tjena: “Ke polao, ho ntša likotsi tse tšabehang, le ho sokela batho ba se nang molato ka bomo, ho tlisa tšabo ka sepheo sa ho finyella matla a lipolotiki.” (Terrorism,—How the West Can Win) Sam Sarkesian oa Univesithi ea Loyola, Chicago, o bo hlalosa bo “bonahala ka maqiti a mangata, a kang lipolao, bokoeteli ba lifofaneng, ho koetela, tšenyo ea ka boomo ea phahlo, le ho sebelisa bahlaseluoa ba ‘se nang molato’ ho liha ’muso. Ka bokhutšoanyane, botšosi ke ho kenya tšoso bathong ka morero oa ho qobella ’muso ho arabela likōpong ’me/kapa lipheong tsa batšosi.”—Hydra oo Carnage.
Ka lehlakoreng le leng, moprofesara oa thuto ea bolumeli oa K’hatholike James Burtchaell o’a ngola: “Botšosi ke ntoa ea ba feletsoeng ke tšepo. . . . Kamehla ke pontšo ho ba iphumanang ba le boemong bo sa rateheng.”—Fighting Back.
Tsela leha e le efe eo u bonang botšosi ka eona, kamehla bo bolela pefo le lefu bathong ba seng molato. Joaloka ha Jan Schreiber a ngotse bukeng ea hae The Ultimate Weapon: “Joaloka lebotho, sehlopha sa batšosi se sebelisa mekhoa ea bobatana, se fetola matšabelo lijo tsa letsatsi le letsatsi.”
Ha se Ketsahalo e Ncha
Leha botšosi bo bile teng mashome a lilemo, morao tjena bo sebelisitsoe ka mokhoa oa ho phehella sepheo sa lipolotiki. Morao ka 1945, ha ho hlaka hore ’muso oa mokha oa basebetsi oa Brithani ha oa ikemisetsa ho nehelana ka Palestina ho Bajode, lihlopha tsa batšosi tsa hlaha, li kopanyeletsa “Irgun Zva’i Leumi (Mokhatlo oa Sesole oa Sechaba, o bitsoang Etzel) le Lohamei Herut Yisrael (Batho ba Loanelang Tokoloho ea Iseraele) [ba tsejoang hape e le Lehi kapa sehlopha sa Stern]—[ba] ileng ba kopanela liketsong tsa botšosi. Ka la 22 Phupu, Etzel ea lihela bomo karolong ea Hotele ea King David e Jerusalema, ea matlo a tsamaiso ea puso, ’me ha shoa Bajode, Mabrithani, le Maarabia a ka bang 100.”—The Jews in Their Land, e ngotsoeng ke David Ben-Gurion.
Ho tloha ka bo-1960, botšosi moo bo fumane matla a macha, haholo mabapi le mathata a Iseraele, baphaphathehi ba Palestina, le linaha tsa Arabia.
Botšosi ha bo felle feela Ireland Leboea le Bochabela bo Hare. Spain e na le batšosi ba eona ba bitsoang Basque ETA; India e khathatsoa ke baikarohanyi ba Sikh; Sri Lanka e ’nile ea aroloa ke ntoa ka lebaka la masole a Tamil; Peru e na le baloani ba Maoist Sendero Luminoso (Tsela e Khanyang). Linaheng tse ipitsang tsa tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba lenane lena le bonahala le sa fella.
Empa ke hobane’ng ha litsamaiso tsa puso ea lentsoe la sechaba li angoa ke botšosi hakaana? ’Me ha e le hantle ke eng e bakang botšosi? Na batšosi e mpa e le feela lihlopha tse hatelletsoeng tse batlang toka? Kapa na ho na le ho eketsehileng ka bona? ’Me na bo tla ’ne bo be teng? Sehlooho se latelang se tla hlahloba lipotso tsena le tse ling.
[’Mapa o leqepheng la 5]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Linaha tse ling tse hlahetseng litabeng haufinyana ka lebaka la botšosi
United Kingdom
Ireland Leboea
Jeremane
Fora
Spain
Italy
Turkey
Lebanone
Iseraele
Afghanistan
Bangladesh
India
Sri Lanka
Japane
Korea Boroa
Philippines
Angola
SW Africa
Africa Boroa
United States
El Salvador
Nicaragua
Panama
Venezuela
Colombia
Peru
Argentina