Mobishopo oa Lerabele
MONGOLI oa likoranta oa Fora o ile a kena ka koloing ea baeti Roma ’me a kōpa ho isoa Tlung ea Borena ea Rospigliosi-Pallavicini. Mokhanni oa koloi ea baeti a mo sheba ’me a re “Monghali,” o tla isoa ho “il vescovo ribelle!” (mobishopo oa lerabele.)
Matsatsing ao e mong le e mong Roma o ne a thabile. Empa balaoli ba Vatican ba ne ba halefisitsoe ke hore Khosatsana Elvina Paliavicini, setho sa lelapa le etelletseng pele la borena Roma, o ne a lumetse ho thusa mobishopo oa mokoenehi oa Fora e K’hatholike Marcel Lefebvre ho phatlalatsa maikutlo a hae moeeng, le ho romela limemo ho batlalehi ba makholo ba likoranta. A alima Lefebvre ntlo ea borena eo ho eona ho neng ho lula mopapa le babishopo ba bangata har’a baholo-holo ba hae. Ho mpefatsa lintho, a mo lumella ho tšoarela lipuo tsa hae ka tlung ea borena setulong sa Mopapa Clement IX.
Ho sa tsotellehe khatello e ileng ea tlisoa holim’a hae ke ba boholong ba Vatican, khosatsana ea hana ho fetola qeto ea eona. Koranta ea Roma e ile ea tlaleha seboka sena ka botlalo, se nkuoeng e le “leqhoko monyakong oa Vatican.” Mokhanni oa koloi ea baeti o ne a le nakong ka litaba tsa moo!
Kereke ha “E sa le ea K’hatholike”
Khosatsana Pallavicini a lokafatsa qeto ea hae ka hore Kereke ea K’hatholike e arohane le hore ‘mathata a tebileng joalo a ke ke a rarolloa ka ho thola empa ka ho hlakisa ’nete ka sebete.’ Ka ho fa Mobishopo Lefebvre monyetla oa ho bua maikutlo a hae o ne a tšepile ho hōlisa “khotso le khutso lefatšeng la K’hatholike.” Mobishopo o ile a leboha moamoheli oa hae le ho hlohonolofatsa eena le ba ntlo ea hae, le ho ba babatsa ka “ho boloka tumelo ea boholo-holo.”
Batho ba ka bang sekete ba bile teng sebokeng sena, bongata e le Mak’hatholike a khomaretseng lineano a emelang linaha tse ngata, ho kopanyelletsa le baemeli ba bangata ba khatiso ea likoranta le baqolotsi ba litaba ba TV. Mobishopo o ile a bontša ho se lumellane ha hae ho tebileng le molao oa kereke ho tloha ka Lekhotla la Bobeli la Vatican (1962-65). Koranta ea letsatsi ea Fora Le Monde e hlalositse: “Ka lihora tse batlang ho ba peli [Mobishopo e moholo Lefebvre] a phatlalatsa litletlebo tsa hae khahlanong le Kereke e ncha ‘e lahlileng Bok’hatholike.’ Ha a siea letho: katisimane, likolo tsa thupelo ea boruti, ’Misa, ho kopana le malumeli a mang, ho se ho sa boleloe ka ‘ho kopanela selallong’ le ‘bak’halinale ba Makomonisi.’”
Mobishopo e moholo Lefebvre o phetha taba: “Boemo ke bo kotsi haholo. Kereke e fapohile Bok’hatholike ’me bohato boo bo bolaea bolumeli ba rōna. Na ke lokela ho utloa kapa ho lula ke le Mok’hatholike, Mok’hatholike oa Roma, Mok’hatholike bophelo bohle? Ke entse khetho ea ka pel’a Molimo. Ha ke batle ho shoa ke le Moprotestanta.”
Mok’halinale Poletti, moemeli oa Paul VI sebakeng sa Roma, o boletse hore ka ho etsetsa seboka sena Roma, “Moruti e moholo Lefebvre o nyefotse tumelo, Kereke e K’hatholike, le Morena oa hae Jesu ea halalelang [’me] ka boeena o nyefotse mopapa, ’me o hlasetse mamello ea hae ka ho leka ho baka bothata lekhotleng la babishopo.”
Kamoo Borabele bo Qalehileng
Seboka seo se tšoeroe ka la 6 Phuptjane, 1977. Empa ekasita le pele ka 1965, pele Lekhotla la Bobeli la Vatican le fela, ho ne ho e-na le meqoqo ka “karohano” ka har’a Kereke e K’hatholike. Mak’hatholike a mangata a sa batleng liphetoho a ne a ikutloa hore Lekhotla la II la Vatican le ne le tlisa linchafatso tse lahlang Bok’hatholike ba boholo-holo.
Mobishopo e moholo Lefebvre, eo pele e neng e le mobishopo e moholo oa Dakar, Senegal, le mobishopo oa Tulle, boroa-bohareng Fora, o ne a kopanetse Lekhotleng la Bobeli la Vatican. Ka 1962 o ile a khethoa e le motsamaisi ea ka sehloohong oa “Bo-ntate ba Moea o Halalelang” Fora. Empa ka baka la ho se lumellane ho eketsehileng le melao ea Vatican II e neng e sebelisoa ka har’a Kereke ea K’hatholike a theoha setulo sa hae ka 1968.
Ka 1969 mobishop oa K’hatholike oa Switzerland a lumella mobishopo enoa oa mokoenehi ho bula sekolo sa thupelo sa boruti bakeng sa Mak’hatholike a khomaretseng lineano sebakeng sa hae sa bobishopo sa Fribourg, Switzerland. Selemong se latelang, Mobishopo e moholo Lefebvre a qapa seo a se bitsitseng “Mokhatlo oa Baena ba Baprista oa Mohalaleli Pius X” ’me a bula sekolo sa thupelo sa boruti Econe torotsoaneng ea Valais, Switzerland. O entse sena ka tumello ea mobishopo oa Sion oa K’hatholike.
Qalong, sekolo sena sa thupelo ea boruti se ne se sa kheloha ka ho feletseng. Empa liithuti li ne li apara lipurapera tse ntšo ’me li fumana thupelo e matla ea Bok’hatholike e theiloeng lineanong. ’Misa o ne o bitsoa ka Selatine, leha Mopapa Paul VI a ne a laetse hore ’Misa o bitsoe ka puo ea moo. Empa sekolo sa thupelo sa boruti se ile sa mamelloa ke balaoli ba kereke hobane nakong eo Mobishopo e moholo Lefebvre o ne a sa hlalosa hore baprista ba kamoso ba tla rupeloa ke eena ho tloha qalong ho fihlela ba hlomamisoa. O ne a tšepile hore ba ne ba tla tseba ho qeta thupelo ea bona likolong tseo a neng a li bitsa litšiea tse peli tse setseng tsa Bok’hatholike, e leng Univesithi ea Babishopo ea lineano e Roma, le Univesithi ea Fribourg e Switzerland.
Bothata bo qalile ha Mobishopo e moholo Lefebvre a fihla qetong ea hore liunivesithi tsena tse peli tsa K’hatholike li ke ke tsa tšepeloa ho rupela baprista ba kamoso ka seo a se nkang e le lineano tsa ’nete tsa K’hatholike. A etsa qeto ea hore eena ka boeena o tla hlomamisa baprista ba kamoso ba rupetsoeng sekolong sa Econe. Ho mpefatsa lintho, ka 1974 o ile a phatlalatsa lengolo le neng le bontša khanyetso ea hae e bohale linchafatsong tse ngata tsa Lekhotla la Bobeli la Vatican. Nakong eo, Econe e ne e e-na le liithuti tse fetang lekholo tse neng li rupeloa ke sehlopha sa liprofesara tsa lineano.
Ka 1975, Vatican e sebelisa mobishopo oa Switzerland, ea khaotsa bolaoli ba eona sekolong sa thupelo sa boruti sa Econe. A sa tsotelle sena, Mobishopo e moholo Lefebvre a tsoela pele ho hlomamisa baprista ba bacha ha ba qeta lithuto tsa bona. Ka baka la sena, ka 1976 Mopapa Paul VI a mo tlosa ka nakoana litšebeletsong tsohle tsa boprista, ho kopanyelletsa ho bitsa ’Misa, ho okamela selallong, ho tsamaisa sakaramente, le tokelo ea ho ba mobishopo ea hlomamisang baprista. Ka hobane Econe e tsoetse pele e sa khathalle lithibelo tseo, sena se ile sa tlisa boemo bo itoantšang ba sekolo se phethahetseng sa boruti sa K’hatholike se hlahisang baprista ba phethahetseng ba Mak’hatholike a khomaretseng lineano ba hlomamisitsoeng ke mobishopo ea nketsoeng litokelo ea ipolelang hore ke Mok’hatholike ho feta mopapa!
Ho Ata ha Borabele
Borabele ba mobishopo enoa oa Fora bo ne bo ke ke ba bolela letho haeba bo ne bo fella feela sekolong sa thupelo sa boruti se mosikong oa lithaba tsa Alps tse Switzerland. Empa ka potlako Mobishopo e moholo Lefebvre o ile a fetoha motho ea setsing oa Bok’hatholike lefatšeng lohle. Bukeng ea hae L’Èglise Catholique 1962-1986—Crise et renouveau (Kereke ea K’hatholike 1962-1986—Qaka le Nchafatso), mongoli Gèrard Leclerc o itse: “Tseko ea Mak’hatholike a khomaretseng lineano ha e bontše boikutlo ba sehlopha se fokolang. E bontša maikutlo a karolo e khōlō ea ba tšepahalang.”
Mobishopo e moholo Lefebvre o amohetse thuso ea chelete e tsoang ho Mak’hatholike a mangata a khomaretseng lineano lefatšeng lohle. Sena se mo nolofalelitse ho nka maeto a mangata, hangata a memiloe ke sehlopha sa Mak’hatholike a khomaretseng lineano. O nyatsitse Vatican II ka pel’a batho ba bangata linaheng tse ngata, a bolela ’Misa ho ea ka tšebeletso ea borapeli ea Selatine ea Lekhotla la Trent la lekholong la bo16 la lilemo, le neng le bitsoa Tridentine, kapa Pius V. Ka linako tse ling liboka tsena tsa Mak’hatholike a khomaretseng lineano li ne li tšoareloa libakeng tse sa tloaelehang haholo, tse kang mabenkeleng a sa sebelisoeng leboea ho London, Engelane.
Tšehetso ena e khōlō ea chelete e thusitse mobishopo oa lerabele ho bula likolo tse eketsehileng tsa thupelo ea baprista ba Mak’hatholike ba khomaretseng lineano Fora, Jeremane, Itali, Argentina, le United States. Ka Tlhakola, 1987, koranta ea Fora ea letsatsi Le Figaro e tlalehile hore ka nako eo likolo tsena li ne li rupela liithuti tse 260. Mobishopo e moholo Lefebvre o hlomamisa baprista ba pakeng tsa 40 le 50 ka selemo ba tsoang likarolong tse ngata tsa lefatše, ho kopanyelletsa le Afrika.
Baprista ba bangata ba Mak’hatholike a khomaretseng lineano ba ne ba sebetsa “likerekeng” tse 75 tseo “Boena” ba Lefebvre bo neng bo li theile linaheng tse 18 Amerika Leboea le Bophirimela, Europa le Afrika. Baprista bana ba keteka ’Misa ka Selatine bakeng sa Mak’hatholike a khomaretseng lineano linaheng tseo.
Hangata litšebeletso tsa Mak’hatholike a khomaretseng lineano li ne li tšoareloa libakeng tse khethehileng tse ka thoko tsa borapeli. Empa Mak’hatholike a eketsehileng a khomaretseng lineano a loantša babishopo ba K’hatholike bakeng sa ho fumana tokelo ea ho sebelisa meaho e tloaelehileng ea kereke e K’hatholike bakeng sa litšebeletso tsa bona. Sena se hlahisitse boemo bo khathalitseng Mak’hatholike a mangata a tšepahalang.
Lintoa ka Meaho ea Kereke
Ho tloha ka 1969, ha Mopapa Paul VI a hlahisa ’Misa o mocha o kopanyelletsang ho sebelisoa ha puo ea moo le linchafatso tse ling, Mak’hatholike a khomaretseng lineano a ile a tšoara ’Misa oa oona sekhukhung a sebelisa lineano tsa boholo-holo tsa Selatine. Paris, Fora, ba makholo ba ne ba bokane Holong ea Wagram, haufi le Arc de Triomphe. Kaha litšebeletso tsa ’Misa o mocha e ne e le tlamo nakong eo, mobishopo oa moo oa K’hatholike o ile a hana ho ba lumella ho sebelisa kereke.
Qetellong, ka Tlhakola 27, 1977, Mak’hatholike a khomaretseng lineano a ile a inkela molao matsohong, a etelletsoe pele ke moprista oa oona a sebelisa kereke ea Saint-Nicolas-du-Chardonnet e Latin Quarter ka likhoka. Baprista ba K’hatholike le litho tsa kereke ba iphumana ba lelekuoe kerekeng ea bona. Matsatsi a ’maloa hamorao ha ba leka ho tšoarela ’Misa ka kerekeng ntoa e ile ea qhoma. Moprista e mong a nkeloa sepetlele, ’me ba bang ba tšabela tlung e haufi ea moprista.
Hona joale, lilemo tse leshome hamorao, kereke ea Saint-Nicolas-du-Chardonnet e ntse e sebelisoa ke Mak’hatholike a khomaretseng lineano, ho sa tsotellehe litaelo tse ntšitsoeng ke lekhotla tse a lelekang ho eona. Sontaha o mong le o mong batho ba ka bang 5 000 ba fihla kerekeng eo ho keteka Limmisa tse 5 tse tšoareloang ho eona ka Selatine. Litšebeletso li tšoaroa ke moprista ea hlomamisitsoeng Ecōne ke Mobishopo e moholo Lefebvre, ’me ‘moruti oa lerabele’ o fihla kerekeng ena kamehla bakeng sa litiisetso tsa bana ba Mak’hatholike a khomaretseng lineano.
Likhoeli tse ’maloa kamor’a hore kereke ea Saint-Nicolas-du-Chardonnet e sebelisoe ka lekhetlo la pele ke Mak’hatholike a khomaretseng lineano, Mak’hatholike a buellang liphetoho lithutong tsa kereke a ile a tšoara seboka sa boipelaetso khahlanong le ho sebelisoa ha kereke ena ka likhoka. Baprista ba bangata, le liprofesara tsa K’hatholike tsa Sorbonne le Institut Catholique de Paris ba bile le seabo sebokeng sena sa boipelaetso. Ka tšohanyetso, sehlopha sa bacha ba Mak’hatholike a khomaretseng lineano sa kena ka holong ’me sa qhala seboka, se sebelisa litšepe le libomo tsa mosi. Batho ba bangata ba ile ba tsoa kotsi, ’me moprofesara e mong oa K’hatholike a tlameha ho nkeloa sepetlele.
Mobishopo oa K’hatholike oa Strasbourg Fora bochabela o ile a hlaseloa ke Mak’hatholike a khomaretseng lineano ha a leka ho kena kerekeng eo ho tšoaroang ’Misa ka Selatine. Paris “masole” a Mak’hatholike a khomaretseng lineano a ile a kena ka likerekeng tsa K’hatholike ho emisa litšebeletso, A a hlasela kahobane a ne a sebelisa mosali ho bala litlaleho tsa melaetsa nakong ea ’Misa kapa hobane baruti ba Protestanta le Orthodox ba ne ba le teng bakeng sa litšebeletso tsa borapeli.
Ka Tlhakubele 1987 Mak’hatholike a khomaretseng lineano le a sa nkeng lehlakore a batlile ho bolaeana Port-Marly, bophirimela ho Paris, ’me ha thiba mapolesa. Ho ne ho loaneloa hore na ke bo-mang ba tla nka kereke ea Saint Louis. Khoeling e latelang Mak’hatholike a khomaretseng lineano a sebelisa mochine o thubang mabota ho thuha monyako o hahiloeng ka litene ’me a kena ka kerekeng ho keteka ’Misa oa Sontaha oa Lipalema ka Selatine. The Times ea London, Engelane, e tlalehile ka sena ka tlas’a sehlooho “Ntoa ea St. Louis—Mak’hatholike a marabele a Fora a khutletse kerekeng e tsekoang.” A ile a tšoara ’Misa ka Selatine le moprista ea hlomamisitsoeng ke mobishopo e moholo oa lerabele Lefebvre.
Leqeba ka Lehlakoreng la Kereke
Mongoli oa K’hatholike Gèrard Leclerc o re: “Lilemo tse ka holimo ho 20 kamor’a Lekhotla [la Vatican], Mak’hatholike a bakoenehi a khomaretseng lineano ke leqeba le bulehileng Kerekeng.” ’Me bukeng ea bona Voyage a l’intèrieur de l’Èglise catholique (Leeto Kahar’a Kereke ea K’hatholike) Jean Puyo le Patrice Van Eersel baa tlaleha: “Haeba Roma e ferekantsoe hakaana ke mesebetsi ea Mobishopo Lefebvre, ke ka hobane a botsa lipotso tsa motheo. Mobishopo Mamie oa Fribourg le Geneva, ea iphumaneng a tlamehile ho nyatsa mesebetsi ea molekane oa hae oa lerabele, o re bolelletse ka bolokolohi: ‘Ho tsieleha ha ba tšepahalang ba mo latelang ho na le motheo. Thuto ea lilemo tse sekete ea Kereke e kotsing ea ho shoa.’”
Ka baka leo, ho tloha matlung a majabajaba a borena Roma ho isa matlung a batho ba limillione ba fumanehileng lefatšeng lohle, Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a tsielehile haholo. A botsa: “Ke hobane’ng ha kereke ea ka e arohane?” Lebaka, le seo Mak’hatholike a mang a se etsang, li tla tšohloa hamorao.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Mobishopo e moholo Marcel Lefebvre
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UPi/Lifoto tsa Litaba tsa Bettmann
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Econe, sekolo sa thupelo sa boruti sa moruti oa lerabele ea khomaretseng lineano lithabeng tsa Alps tse Switzerland
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kereke ea Saint-Nieolas-du-Chardonnet, Paris, e sebelisitsoe ke Mak’hatholike a khomaretseng lineano e seng ka molao ka lilemo tse 10 tse fetileng