Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki
Ka mongolli oa Tsoha! Kenya
“MAMAAA, nakufa!,” ngoana oa lla. Mantsoe ana a bolela hore, “’Mè, kea shoa!” Na oa ipolaea? Che, ngoana e monyenyane o eme ka har’a bata ’me ’mè oa hae oa mo hohla. Ho sa tsotellehe ho hana ha hae ho phehellang, ’mè o qeta mosebetsi oa hae!
Lipono tse joalo li tloaelehile haholo Afrika esita le libakeng tse futsanehileng haholo. Ho sa tsotellehe hoo, ho boloka litekanyetso tsa paballo ea ’mele ha se kamehla ho leng bonolo. Boemo ba leholimo bo chesang haholo ba Afrika bo etsa hore ho be thata haholo ho boloka lintho li hloekile. Lifefo tsa lerole li koahela lepetso le leng le le leng la ntlo ka phofo e tšesane e sootho. Maemo a fokolang a moruo a etsa hore theko ea lisebelisoa tsa ho hloekisa, ho lokisa—esita le metsi—e be thata ho ba bangata ho li lefella. Libakeng tseo ho tsona basali ba tlamehang ho tsamaea lik’hilomithara tse ngata letsatsi ka leng ho ea kha metsi, ba bonahala ba tsoafa ho sebelisa sesebelisoa sa bohlokoa bakeng sa ho hlatsoa.
Ho ata ho hoholo ha baahi metseng e meholo, hammoho le libakeng tsa mahae, le hona ho baka likotsi tsa bophelo bo botle. Ho tloaelehile ho bona metsi a matloana a phallang hohle, liqubu tsa litšila, matloana a litšila a sebelisoang ke batho bohle, likhoto tse jereng mafu, maphele, le litšintši.
Ho feta moo, ho hloka tsebo ea paballo e nepahetseng ea ’mele le tlhoekiso ea matloana ho atile. Batho ba silafatsa metsi ba sa tsebe liphello tse bolaeang tsa hoo. Likhoto le lintho tse ling tse jereng mafu lia lumelloa—esita le bana ba bapala ka tsona.
Bohloeki—Melemo
Ke hobane’ng ha malapa a lokela ho ikhathatsa ka litšenyehelo tsa ho boloka lintho li hloekile? Hobane likokoanyana lia ata tikolohong e litšila. Joaloka ha taba e bonolo e kang ho hlapa e ka bolela phapang ea bophelo le lefu bakeng sa ngoana oa hao! Ke ’nete hore, bohloeki bo eketsa litšenyehelo tsa lelapa. Metsi a sebelisetsoang ho hlatsoa a ka bitsa chelete e ngata kapa ha ba thata ho a fumana. Empa meriana e bitsa chelete e ngata haholo ho feta eo. Sesepa se hloekisang, pholishe, sefi se chehang likhoto, le moqomo o tšelang litšila le oona o bitsa chelete empa chelete ea lintho tsena ha e lekane le e bitsoang ke ngaka.
Ka ho thahasellisang, ka Bibeleng ho na le mantsoe a hlahang ka makhetlo a 400 a mabapi le “bohloeki,” le “ho hlatsoa.” Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o e-na le litaelo tse khethehileng tse neng li khothalletsa bohloeki ba ’mele le mekhoa e metle mabapi le matloana. (Exoda 30:18-21; Deuteronoma 23:11-14) Molao oa ho “rata moahelani” le oona o susumeletsa Bakreste ho ipoloka bona le matlo a bona ba hloekile.—Mattheu 22:39, NW.
Lebokose le leng ho leqephe 10 le fana ka lethathamo le thusang la lintho tse ka etsoang ho pota ntlo. Metheo ena e sebetsa naheng leha e le efe. Litlhahiso tse ling tse fanoeng, tse kang ho tlotsa fuluru ka pholishe (bakeng sa ho koala mapatso a manyenyane) le ho tšela litšila ka har’a moqomo o koetsoeng, li tla etsa hore ntlo ea hao e leleke likokoanyana le lintho tse ling tse jarang mafu. Ho koala masoba a leng menyakong le lifenstereng ho ke ke ha thibela lerole feela empa ho tla thibela le likokoanyana. ’Me ka holim’a tsohle, bohloeki bo tla etsa hore lehae la hao e-be sebaka se thabisang haholoanyane ho phela ho sona!
Tšebelisano ea Lelapa
Kamor’a ho ithuta lethathamo lena, ’mè oa lelapa a ka ’na a iketsetsa, kemiso ea kamehla ea ho hloekisa. Ha litho tsohle tsa lelapa li sebelisana kemiso e ke ke ea e-ba boima.
Ka mohlala, Jecinta, ke ’mè ea nang le bana ba robeli ’me o lula phapusing e nyenyane motseng o ka Bochabela oa Afrika. Ha a botsoa hore o boloka joang lehae la hae le boheha, o itse: “Bohle ba ithutile ho etsa karolo ea bona. Haeba e mong a tšolla ho hong, o neoa lesela kapa sesebelisoa se seng hore a hlakole. Hape ba rutiloe ho ba makhethe ha ba e-ja.” Ntate le eena a ka tšoarisana le mosali oa hae ’me a tšehetsa boiteko ba hae. Le eena a ka kopanela ho ruteng bana ho tloha bonyenyaneng hore ba be makhethe le ho hloeka.
Mekhoa e Thibelang
Ka linako tse ling motho a ka etsa hore mosebetsi oa ho hloekisa o be bonolo ka ho nka mehato e thibelang. Ka mohlala, ke hobane’ng ha u sa jale mohloa le lifate haufi le ntlo ea hao hore u fokotse lerole? Kapa leka ho likanyetsa sebaka se leng haufi le ntlo ea hao ka terata hore bana ba hao ba tsebe ho bapalla sebakeng se hloekileng. Haeba sebaka se leng haufi le lona se tletse haholo, na ho ka etsahala hore le fumane bolulo sebakeng se sa tlalang haholo? Sena se ka ’na sa bolela hore u be hōlenyana le sebaka sa hao sa mosebetsi, empa se ka tšoanela boiteko.
Hape, leka ho lahla lintho tse se nang mosebetsi tseo u li bolokileng. Sena se ka etsa hore lehae la hao le se tlale ka lintho tse ngata tse sa hlokahaleng. ’Me haeba tselana e lebang tlung ea hao e e-na le seretse kamor’a pula e matla, ke’ng ha u sa koahele sebaka seo ka lehlabathe? Haeba lehae la hao le e-na le ntloana kantle, ke hobane’ng ha u sa e notlele ho thibela ba bang hore ba se e silafatse?
Boikutlo bo Nepahetseng
U se ke ua lumela hore ke lintho tseo batho ba li bonang feela tse lokelang ho hloeka. Ba bang ba nahana hore ke karolo e ka pele feela ea jarete e lokelang ho hloeka, ’me karolo e kamorao ea jarete e ka ’na ea ba litšila; le hore phaposi ea baeti e lokela ho ba makhethe, empa phaposi ea ho robala eona e ka ’na ea kopakana kapa mabota a kichene a ka ba matšo ka baka la ho angoa ka menoana e litšila kapa mosi. Maikutlo a joalo a sa lumellaneng a re hopotsa mantsoe a Jesu ho Bafarisi: “Le hlatsoa mohope le sejana kantle, athe ka hare ho tletse . . . ho senyeha . . . Hlatsoa mohope le sejana ka hare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hloeke le bona.” (Mattheu 23:25, 26) Ke ’nete hore ha ho khonehe kamehla ho boloka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ntlo e se na sekoli. Empa na bonyane ha se pakane e molemo hore bohloeki bo rene kahar’a ntlo—e seng feela likarolong tse itseng tsa eona?
Hape e tla ba ho sa lokelang ho qosa ea u hiriselitseng ntlo ka maemo a sa hloekang. Ke ’nete hore mosebetsi oa ho ferefa ho ka ’na ha etsahala hore o fetiloe ke nako empa sena ha se bolele hore mabota a ke ke a hlatsuoa. ’Me mohlomong u ka etsa tumellano le ea u hiriselitseng ntlo hore u tla itokisetsa lintho tse ling tlung eo tse lokelang ho lokisoa—’me kahoo a u fokoletse chelete ea khiro.
Na u tla Talimana le Phephetso?
“Pele ke ne ke sa ho lumele,” ho bolela hlooho ea lelapa ea Moafrika ea bitsoang Joseph. O bua ka puo ea Bibele eo a e utloileng e neng e bua ka bohloeki. Lelapa la hae le phela lehaeng le lenyenyane le entsoeng ka mahong, har’a baahisani ba bangata. Ho na le ntloana e sebelisoang ke batho bohle le tselana e sa beoang litena. Ho sa tsotellehe hoo, Joseph le lelapa la hae ba lekile ho sebelisa metheo ena lehaeng la bona. Joseph o re: “Joale bana ba ka ba roala lieta, re hlakola maoto a rōna, re hlatsoa matsoho a rōna ka sesepa le metsi le ho sebelisa mekhoa e meng e sireletsang.” Phello e bile efe? “Ke ile ka makala. Bana ha ba sa kula haholo, ’me ha re sa hlola re lefa lichelete tse ngata tsa sepetlele.”
Ka baka leo ka ho sebelisa chelete e nyenyane le boiteko, batsoali ba linaha tse ntseng li hōla moruong ba ka etsa hore mahae a bona ebe libaka tse sireletsehileng, le tse hloekileng bakeng sa bona le bana ba bona. Leha ho le joalo, ho totobetse hore ho hlokahala hore ho etsoe ho eketsehileng ho rarolla mathata a bophelo bo botle a lefatše le ntseng le hōla moruong. Na ho na le lebaka la ho lumela hore boiteko bo boholo bo etsoang bo tla atleha?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 27]
Sesepa se hloekisang, pholishe, sefi se chehang likhoto, le moqomo oa ho tšela litšila le oona li bitsa chelete. Empa chelete ea tsona ha e lekane le e bitsoang ke ngaka
[Lebokose se leqepheng la 10]
Lehae le Hloekileng—Lethathamo.
Ntloana:
Hulela ntloana kamor’a hore u e sebelise
Bakeng sa ntloana ea ‘mokoti,’ kapa pitsana ea bosiu, sebelisa lik’hemik’hale tse thibelang likokoanyana
Hlapa matsoho ka sesepa le metsi kamor’a ho sebelisa ntloana
Kamehla hlatsoa setulo sa ntloana le sejana sa ho hlapela, le lisebelisoa tse ling tsa ntloana ka sesepa se thibelang likokoanyana
Kichene:
Hlatsoa matsoho ka sesepa le metsi pele u pheha le ho tšola lijo
Boloka litšila kahar’a moqomo o nang le sekoahelo, ’me u lahle litšila kamehla
Sek’a tlohela lijana li le litšila bosiu bohle
Hlatsoa meroho le litholoana hantle pele u li sebelisa
Haeba lijo li pheheloa kantle, lijana li se ke tsa beoa mobung. Lerole le se ke la e-ba holim’a lijo
Hloekisa lik’hona tsa fuluru le liraka beke le beke
Hlatsoa botlolo ea lesea metsing a chesang
Belisa metsi haeba a hlaha sebakeng se silafetseng
Lehae:
Boloka liaparo tse litšila tse lokelang ho hlatsuoa kahar’a moqomo oa tsona
Hlatsoa liaparo kamehla ka metsi a hloekileng a ho hlatsoa
Nako le nako tlotsa menyako ea lehong, fuluru, le phahlo ea lehong ka pholishe
Hloekisa mabota, menyako, le mabone
Hlatsoa lifenstere
Cheha le ho bolaea likhoto; bolaea maphele li likokoanyana tse ling
Nako le nako hlahloba bethe bakeng sa litšitšili le likokoanyana tse ling
Beha ’mete fatše kapa kolobisa lesela le beiloeng monyako bakeng sa ho hlakola maoto
Koala masoba a leng maboteng le menyakong, le a leng fulurung
Lokisa lifenstere tse pshatlehileng
Lokisa limatrase le phahlo ea ntlo e tabohileng
Kantle:
Epela kapa chesa litšila
Tlosa kapa epela mantle a batho kapa a liphoofolo
Thibela metsi a litšila a ntloana hore a se tlale jareteng ka ho epa foro
[Lebokose se leqepheng la 29]
Ruta ba Lelapa la Hao—Lintho Tse Loketseng le Tse sa Lokelang Bakeng sa Bohloeki
Ho hlakola maoto ha ba kena ka tlung
kapa mohahong o mong
Ho roala lieta kapa meqhathatso
Ho hulela ntloana kamor’a ho e sebelisa
Ho hlatsoa matsoho ka sesepa le ka metsi kamor’a ho sebelisa ntloana le pele ba e-ja
Ho hlakola mamina
Ho apara lihempe, marikhoe, kapa mose ha ba lula fatše
Lintho tseo le sa lokelang ho li ama:
mantle
likhoto
maphele
litšila
lintja tse lahlehileng