Hase Litšila tse Tloaelehileng!
KA LABOHLANO, March 24, 1989, sekepe se seholo se tsamaisang oli Exxon Valdez se ile sa thula mopopotlo o Prince William Sound, Alaska. Ka baka leo, li-lithara tse limillione tse 42 tsa oli e e-s’o sebelisoe li ile tsa phallela metsing. Kotsi ena e ile ea sokela mokhoa oa boipheliso oa batšoasi ba litlhapi ba sebaka seo, ea silafatsa lik’hilomithara tse makholo tsa lebōpo, ’me ea bolaea linonyana le libōpuoa tsa leoatle tse likete.
Ketsahalo ea Exxon Valdez e ntse e tšoenya maikutlo a batho ba amehileng ka tikoloho. Leha ho le joalo, “ho tšoloha ha oli” ho kotsi haholo ho etsahala letsatsi le letsatsi. ’Me mohlomong hona hoa etsahala le sebakeng sa heno!
Ho latela Consumer Reports, batho ba intšetsang oli e sebelisitsoeng makoloing a bona ebe ba kenya e ncha ba qhala li-lithara tse pakeng tsa limillione tse 750 le li-lithara tse limillione tse likete tse 1,5 tsa oli e lahloang selemo se seng le se seng. Ho tlalehoa hore “ke feela karolo ea 10 ho ea ho 14 lekholong ea oli eo e lahloang ka tsela e loketseng.” Karolo ena e nyenyane lekholong ea oli e lahloang e lokisetsoa ho sebelisoa hape, kaha lintho tse ling tse molemo li ka etsoa ka eona. Empa ho etsahala’ng ka oli e ’ngoe e setseng? Mohlomong beng ba makoloi ba e lahla joaloka litšila tse tloaelehileng.
Selemo se seng le se seng li-lithara tse limillione tsa oli e lahloang li fella mobung, melatsoaneng, kapa tsamaisong ea metsi a litšila. Bonyane ho ne ho tla hlokahala hore li-Exxon Valdez tse 25 li tšolle oli hore e fihle tekanyong e kaalo ea oli! Empa oli e sebelisitsoeng, ho akarelletsa le litšila tse ling tse tsoang koloing, joaloka metsi a thibelang khoamo, brake fluid, le transmission oil, hase litšila tse tloaelehileng. Ke litšila tse mpe le ho feta.
Consumer Reports ea hlokomela hore haeba oli ena e ka kena “metsing a nooang, ho ka ba le liphello tse kotsi haholo: [Lithara] e le ’ngoe ea oli e sebelisitsoeng e ka etsa hore [li-lithara] tse millione tsa metsi a hloekileng a silafale, ’me [karolo] ea [0,5 ea lithara] ea oli e ka hlahisa sebaka se thellang se koahelang karolo ea [0,4 ea hekthere] ea metsi.”