Nka Etsa Joang ka Mosebetsi oa Sekolo o Etsoang Lapeng o Mongata Hakaale?
“Mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng o mongata haholo” o ’nile oa boleloa e le e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse bakang khatello har’a bacha
“Haeba u sa hlophiseha hantle, u senyeheloa ke nako e ngata u ntse u etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng ka morao”
‘HA RE na nako e lekaneng!’ Ke kamoo sehlopha sa liithuti tsa sekolo se phahameng se ileng sa belaela ka teng. Sesosa sa bothata boo e ne e le sefe? Litlhoko tsa sekolo le mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng. Véronique e monyenyane o re: “Sekolo se kena ka 8:00 hoseng. ’me se tsoa ka 5:30. Ha ke fihla hae, e se e le 6:30. Ho thata. Batsoali ba nahana hore ho kena sekolo ke bophelo bo monate. Ha ba utloisise hore sekolo sea khathatsa hape se baka khatello, ’me ha re fihla hae, re lokela ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng.” Sandrine ea lilemo li 17 oa phaella: “Ke qeta lihora tse peli kapa tse tharo bosiu bo bong le bo bong ke etsa mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng matsatsing a mafelo-beke.”
Véronique le Sandrine ba lula Fora, moo liithuti li nang le matsatsi a malelele ka ho fetisisa a sekolo Europe. Ka ho tšoanang liithuti linaheng tse ling tse ngata li tlas’a khatello, pherekano, ebile li sithabelitsoe ke lintho tseo li lokelang ho li etsa ka nako ea tsona. “Mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng o mongata haholo” o ’nile oa boleloa e le e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse bakang khatello har’a bacha.
Kaha ho thata ho feta leha e le neng pele ho hiroa likarolong tse ngata tsa lefatše, bacha ba bangata ba nahana hore ho fumana thuto e ntle ke ntho ea bohlokoa bokamosong ba bona lefatšeng lena la batho ba sebetsang. Joalokaha Violaine, seithuti sa sekolo se phahameng, a bolela: “Ho se ho le thata haholo ho fumana menyetla ea mosebetsi o hantle hoo bana kajeno ba hlokomelang hore ho na le ntho e le ’ngoe feela e lokelang ho etsoa—HO ITHUTA!”
Na ha ho na Nako e Lekaneng?
Leha ho le joalo, ba tsoellang hantle sekolong baa tseba hore ho hlokahala nako e ngata le matla. ’Me haeba u mocha oa Mokreste, u na le lintho tse ling tse eketsehileng tseo u lokelang ho li etsa ka nako ea hao: ho ea libokeng tsa Bokreste, ho ithuta Bibele, le ho arolelana tumelo ea hao le ba bang. (Johanne 17:3; Ba-Roma 10:10; Ba-Heberu 10:24, 25) Bibele e tsoela pele ho re “e teng nako le ea ho tšeha” le ea ho nyakalla. (Moeklesia 3:1, 4; 11:9) Le uena joaloka bacha ba bangata, bonyane u batla nako ea boithabiso le ho phomola. Empa mosebetsi oa sekolo o ka ’na oa bonahala eka o u fa nako e nyenyane ea ho etsa lintho tseo ho hlokahalang hore u li etse—le e nyenyane ho feta moo ea ho etsa lintho tseo u lakatsang ho li etsa.
Leha ho le joalo, hangata bothata hase feela khaello ea nako. Patlisiso e sa tsoa etsoa e ile ea senola hore mabaka a mabeli a ka sehloohong a etsang hore liithuti tsa sekolo se phahameng li be le mathata a ho ithuta e ne e le “tšebeliso ea bona e fokolang ea nako” le “ho se hlophisehe.” Joalokaha mocha e mong ea bitsoang Olivier a hlokometse, tlhophiso e fokolang ea botho e ka ama ho hongata ho feta lintlha tsa hao tsa lithuto sekolong. O re: “Haeba u sa hlophiseha hantle, u senyeheloa ke nako e ngata u ntse u etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng ka morao.” Kahoo, u ka itlhophisa joang?
Pono e Leka-lekaneng ka Mosebetsi oa Sekolo
Tabeng ea pele, u lokela ho ba le pono e loketseng ka mosebetsi oa hao oa sekolo. Bibele e re bolella hore re ‘nepisise lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa.’ (Ba-Filippi 1:10, NW) Ha u hlile u nahanisisa ka hona, ke eng eo e hlileng e lokelang ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao? Na ha ea lokela ho ba boikarabelo ba hao ba moea? Hopola, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Mattheu 6:33) Hoo ho bolela hore u behe liboka tsa Bokreste, thapelo, thuto, le mosebetsi oa ho ruta ba bang pele.
Na see se bolela hore mosebetsi oa sekolo hase oa bohlokoa? Le hanyenyane. Empa joaloka Mokreste, sepheo sa hao ka ho hahamalla thuto ha ea lokela ho ba ho itlhomella bakeng sa mosebetsi o itseng oa lefatše. Ho e-na le hoo, e lokela ho ba ho ithuta mahlale ao e tla ba a bohlokoa ho uena mosebetsing oa hao joaloka mosebeletsi oa Molimo. Ka nako e tšoanang, u itokisetsa hore u tle u khone ho boloka mosebetsi le ho iphelisa, mohlomong le ho phelisa lelapa ka letsatsi le leng. (1 Ba-Thessalonika 4:11, 12; 1 Timothea 5:8) Ho tseba sena ho lokela ho u thusa ho ikitlaeletsa ho ithuta hamolemohali sekolong. Ka nako e tšoanang, u lokela ho etsa boiteko bo utloahalang ba ho ipoloka u le matla moeeng.
‘Ho lopolla linako’ bakeng sa boikarabelo ba moea, mesebetsi, boithabiso, le mosebetsi oa sekolo, e ka ba phephetso ea sebele, empa ho ka etsoa.—Ba-Efese 5:15, 16.
Molemo oa ho Iketsetsa Mokhoa oa ho Etsa Lintho
Tsela e ’ngoe ea ho lopolla nako ke ho ithuta ka tsela e behang litholoana haholoanyane. Khaolo 18 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e fana ka litlhahiso tse ’maloa tse sebetsang.a Ka mohlala, na u kile ua leka ho rala kemiso kapa mokhoa oa ho etsa mosebetsi oa hao oa sekolo?—Bapisa le Ba-Filippi 3:16.
Harry Maddox oa ngola bukeng ea hae How to Study: “Ntle le pelaelo bothata bo tloaelehileng haholo ba ho ithuta, ke feela ho hlōleha ho qalisa mosebetsi oa ka mehla oo ho tsepamisitsoeng mohopolo ho oona.” Ho joang ka uena? Na ha u etse mosebetsi oa hao oa sekolo o etsoang lapeng ho fihlela u ikutloa u batla ho o etsa—kapa ha nako ea ho etsa mosebetsi oa hao oa hae e lumellana le maemo haholoanyane? Moeklesia 11:4 ea lemosa: “Ea elang moea hloko a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula.”
Harry Maddox o tsoela pele ho re: “Ho bonolo haholo ho senya nako e ngata butle-butle. Haeba u sa iqalle kemiso mohlomong u tla qeta nako eo u lokelang hore ebe u ithuta ka eona u shebeletse T.V., u bala makasine, . . . kapa u etsa lintho tse ngata tseo liithuti tse hlokang bohlale li ikemiselitseng ho li etsa ho e-na le ho ithuta. Haeba u e-na le kemiso ’me u ikemiselitse ho e khomarela, e na le matla ’ohle a molao a sa lokelang ho hlompholloa, ’me hamorao ho ipapisa le eona ho ke ke ha hloka boiteko, ’me u qala ho e talima e le karolo ea tlhaho ea bophelo ba hao.”
Haeba u phetha mosebetsi oa hao oa sekolo ka mokhoa o hlophisehileng hantle le o laolehileng, mohlomong u tla ba le nako e eketsehileng. Ho rera hantle ho ka boela ha u thusa ho qoba likhohlano pakeng tsa ho qeta likabelo tsa hao tsa sekolo le ho finyella boikarabelo ba hao ba Bokreste, joaloka ho ba teng libokeng tsa phutheho.
Hlophisa Nako ea Hao!
Ho thoe’ng ka lintho tse ling tseo u batlang ho li phetha le tseo u lokelang ho li phetha, joaloka mesebetsi ea lapeng? Mona le teng, ho hlophiseha ke ntho ea bohlokoa. Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
Boloka lenane la lintho tseo u lokelang ho li etsa. Stephanie Winston moeletsi oa ho hlophisa nako o khothaletsa ho tšoara bukana e fellang ka pokothong ka linako tsohle. E sebelisetse ho tlaleha “mohopolo o mong le o mong, kabelo, molaetsa oa thelefono, mosebetsi, kapa thōmo—tse khōlō kapa tse nyenyane, tse fokolang kapa tsa bohlokoa—ha li hlaha.” Ha u talima lethathamo la hao ka lekhetlo la pele, le ka bonahala le sithabetsa, empa ka ho sebelisa litlhahiso tse latelang, u ka khona ho fokotsa bolelele ba lona hamolemonyana.
Beha lintho ka tatellano ea bohlokoa ba tsona. Sena se ka u thusa ho tsepamisa mohopolo linthong tseo u hlileng u lokelang ho li etsa. Ka nako e tšoanang, u ka hlakola lintho tse ka ’nang tsa etsoa hamorao kapa tseo ho hang u ke keng ua ba le nako ea ho li etsa.
Hlophisa kemiso. E, fetola lethathamo la hao hore e be morero oa mosebetsi—kemiso e ngotsoeng. Almanaka e nyenyane e lekanang ka pokothong, kapa diary, e ka ba molemo haholo tabeng ena. Ho fapana le ho khina tokoloho ea hao, kemiso e leka-lekaneng e tla etsa hore u khone ho laola nako ea hao hamolemonyana.
Etsa kemiso e ka finyelloang. Ka ho leka mekhoa e mengata, batla hore na ke neng ho leng molemohali hore u etse lintho tse itseng. Ka mohlala, u ka ’na ua fumana ho le molemo ho etsa mosebetsi oa hao oa sekolo o etsoang lapeng kapele-pele kamoo u ka khonang ka teng letsatsing, ha u sa ntse u hlaphohetsoe kelellong.
Leha ho le joalo, hlokomela hore ha ho hlokahale hore u rere motsotso o mong le o mong oa bophelo ba hao. Etsa hore kemiso ea hao e tenyetsehe, u fane ka sebaka bakeng sa lintho tse sa lebelloang le tsa tšohanyetso. Etsa liphetoho tse hlokahalang, empa khomarela kemiso ea hao haholo kamoo u ka khonang. Hlokomela: Hangata ke ho molemohali ho lekanyetsa nako e ka holimo ho eo u tla e hloka ho phetha mosebetsi o itseng. U ka fetola lintho ka linako tsohle haeba u qeta pele ho nako eo u e behileng.
Ipehele linako tsa ho qeta mosebetsi o itseng. Sena se u thusa ho qoba tšekamelo ea ho ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela hore u etse ntho e itseng. Haeba u e-na le mosebetsi oa sekolo, leka ho beha letsatsi la ho o qeta nako e telele pele ho letsatsi leo o batloang ka lona.
Itaee hore u khomarele kemiso ea hao. E ka ba ho lakatsehang ho ea habo motsoalle ha u lokela ho lula hae u ithutela litlhahlobo tsa makhaola-khang. Empa ha u jala ka monyebe lithutong tsa hao, u ka ’na ua kotula matšoao a mabe hamorao. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 9:6.) Ntle ho moo, hangata u tla thabela nako eo u lokolohileng ka eona haholo ha u phethile mosebetsi oa hao. Molao-motheo o thusang ke ona, Lintho tsa bohlokoa pele, boithabiso hamorao.
Ho iketsetsa kemiso le ho itlhophisa ho tla hloka nako, mamello, le boitaolo bo itseng, empa Bakreste ba bolelloa hore ba sebelise boitšoaro linthong tsohle. (1 Ba-Korinthe 9:25) Ho ithuta ho khomarela kemiso ke boitlhakiso bo molemo haholo ba ho sebelisa molao-motheo ona. Liphello e ka ’na ea e-ba khotsofalo ea ho phetha ho hong, ho laola bophelo ba hao ka ho eketsehileng, le ho fumana nako e eketsehileng ea ho etsa lintho tseo u batlang ho li etsa le tseo ho hlokahalang hore u li etse.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Iketsetse kemiso ea ho ithuta ’me u e khomarele