Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
HAUFINYANE tjena leqepheng la pele la The New York Times ho ne ho e-na le pale e buang ka Latoya, seithuti se lilemo li 16 sa sekolong se phahameng. O boletse hore o ne a le lilemo li 11, ha ntat’ae a ne a qala ho mo otla le ho mo hleka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali. ’M’ae, ea neng a sebelisa lithethefatsi, o ne a tlohile lapeng. Koranta eo e ile ea tlaleha: “Lehae e ne e le folete e tlohetsoeng feela e se nang ntloana, kapa e le phaposi eo a neng a tšaba haholo ho robala ho eona.” Leha ho le joalo, Latoya o ne a ikhetha. Ho sa tsotellehe sena sohle, mathoasong a selemo se fetileng Latoya e ile ea e-ba mopresidente oa National Honor Society sekolong sa hae se phahameng ’me a fumana karolelano ea B ea matšoao a phahameng haholo litlelaseng.
Ke’ng se ka thusang esita le ngoana ea tsoang tikolohong e mpe hore a sebetse hantle sekolong? Hangata, senotlolo se lebisang thutong e ntle ke ho ba le motho e moholo ea tsotellang—haholo-holo e mong oa batsoali ba ngoana ka boeena kapa ka bobeli ba bona—ea tšehetsang le ea ikakhetseng ka setōtsoana thutong ea ngoana. Seithuti se seng sa sekolo se phahameng se neng se le mothating oa ho qeta sekolong se ile sa ikutloa hore sena se ne se le bohlokoa hoo se ileng sa susumetseha ho re: “Ke ka thuso ea batsoali feela bana ba ka khonang ho tsoela pele sekolong.”
Matichere a mangata a lumela seo. Tichere e ’ngoe ea New York City e ile ea bolela: “Ho ngoana e mong le e mong ea sebetsang hantle le ea qetang lithuto tsa hae—’me ho na le ba bangata—kamehla ho na le motsoali ea neng a fana ka tšehetso.”
Tšehetso ea Batsoali, Senotlolo sa Bohlokoa
Ka 1994 Reader’s Digest e ile ea etsa patlisiso ka potso ena, “Ke hobane’ng ha liithuti tse ling li sebetsa hantle ho feta tse ling?” E ’ngoe ea liqeto tse ileng tsa fihleloa e bile hore “malapa a tsitsitseng hantle a fa bana boemo bo molemo sekolong.” Batsoali ba malapa a joalo ba fa bana ba bona tlhokomelo e lerato ’me ba fetisetsa ho bona melao-motheo ea bohlokoa le lipakane tse loketseng. Empa motsoali e mong o hlokometse: “U ke ke ua fana ka tataiso e loketseng haeba u sa tsebe se etsahalang sekolong.”
Tsela e molemo ea ho tseba ke ho etela teng. ’Mè e mong ea etelang sekolong o ile a ngola: “Ha ke tsamaea liphasejeng tsa sekolo seo morali oa ka a kenang ho sona, ke utloa puo e bolileng, e litšila. Hohle mona bana baa sunana le ho phollana—haeba e ne e le baesekopong, ho ne ho tla thibeloa batho ba lilemo tse itseng ho e shebella.” Maeto a joalo a ka ’na a u thusa ho utloisisa kamoo ho leng thata kateng ho bana kajeno hore ba fumane thuto e ntle, hammoho le ho phela bophelo ba boitšoaro.
Ka ho hlokomelehang buka ea The American Teacher 1994 e hlokometse: “Bana bao e ’nileng ea e-ba bahlaseluoa ba pefo hangata ba hlalosa hore hase hangata batsoali ba bona ba bang le lipuisano le ba sekolong, tse kang liboka tse tšoaroang ka bonngoe le matichere, liboka tsa batsoali kapa tsa sehlopha, kapa ho etela sekolong.”
’Mè e mong ea amehileng o ile a senola seo ho hlokahalang hore batsoali ba se etse. O ile a re: “E-ba teng moo! Etsa hore batsamaisi ba sekolo ba tsebe hore u thahasella seo ngoana oa hao a ithutang sona. Hangata ke etela sekolong ebile ke ba teng ka tlelaseng.” ’Mè e mong o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba ’muelli oa ngoana. O ile a hlalosa: “Bana ba ka ba ile ba ea ofising ho ea bua le moeletsi ’me ba ile ba hlokomolohuoa ka tsela ea sebele. Ha ngoana oa ka a e-tla le ’na letsatsing le latelang, ba ile ba ikitlaetsa haholo hore ba nthuse—le ngoana oa ka.”
’Mè enoa ea nang le bashemane ba bane o ile a boela a hatisa bohlokoa ba ho thahasella mesebetsi ea sekolo e amang thuto ea ngoana oa hao ka ho toba. O ile a re: “E-ba teng matsatsing a ho kopana ha batsoali sekolong, lipontšong tsa mesebetsi ea saense—ntho leha e le efe eo bana ba hao ba ka e etsang eo batsoali ba e memeloang. Sena se u fa menyetla ea ho kopana le matichere a ngoana oa hao. Ho hlokahala a tsebe hore u talima thuto ea ngoana oa hao e le karolo ea bohlokoa ea bophelo ba hae. Ha matichere a tseba sena, a atisa ho ba le tšekamelo ea ho lebisa nako le boiteko bo eketsehileng ho ngoana oa hao.”
Tšebelisano le Matichere
Batsoali ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ba na le lintho tsa bohlokoa haholoanyane tseo ba lokelang ho li etsa ha likolo li e-ba le liketsahalo tse khethehileng bakeng sa hore batsoali ba kopane le matichere. Leha ho le joalo, ka sebele ke’ng e bohlokoa ho feta ho iketsa ea fumanehang ho batho ba lekang ho thusa bana ba hao ho fumana thuto e ntle? Tšebelisano ea batsoali le matichere ke ea bohlokoa haholo!
Russia ho na le tokisetso e ntle ea ho ntlafatsa tšebelisano ea batsoali le matichere. Likabelo tsohle tsa sekolo li tlalehoa ho se bitsoang Dnievnik—tlaleho ea mosebetsi oa letsatsi ka leng e kopantsoeng le almanaka. Seithuti se seng le se seng se tlameha ho tla le Dnievnik ea sona tlelaseng e ’ngoe le e ’ngoe ’me se e hlahise ho tichere ha e e batla. Hape liithuti li tlameha ho bontša batsoali ba tsona Dnievnik, eo ba kōptjoang hore ba e saene beke ka ’ngoe. Joalokaha Victor Lobachov, ntate oa Moscow ea nang le bana ba lilemong tsa ho kena sekolo, a hlokometse, “boitsebiso bona bo thusa batsoali ho lula ba tloaelane le likabelo hammoho le matšoao a bana ba bona.”
Leha ho le joalo, kajeno matichere, hangata a belaela ka hore batsoali ba hlōleha ho bontša thahasello thutong ea bana ba bona. Tichere e ’ngoe ea sekolo se phahameng United States e ile ea bolela hore e kile ea romela mangolo a 63 ho batsoali a ba tsebisang ka mosebetsi o mobe oa bana ba bona lithutong tsa sekolo. E bile batsoali ba bararo feela ba ileng ba arabela ka hore ba ikopanye le eona!
Ka ’nete, seo se bohloko! Batsoali ba lokela ho ameha ka ho teba thutong ea ngoana oa bona, eo ka ho khetheha e leng boikarabelo ba bona. Morupeli e mong o ile a hlalosa taba ena ka nepo ha a ne a re: “Sepheo se ka sehloohong sa thuto ea sekolo ke ho tšehetsa batsoali hore ba hlahise bacha ba hōlileng ba nang le boikarabelo.”
Ka hona, batsoali ba lokela ho nka bohato ba pele ba hore ba tsebe matichere a ngoana oa bona. Joalokaha motsoali e mong a boletse, “ho hlokahala hore matichere a ikutloe a lokolohile hore a u letsetse thelefono neng kapa neng.” ’Me batsoali ba lokela ho amohela—esita le ho khothaletsa—matichere hore a bue ka bolokolohi ka ngoana oa bona. Batsoali ba lokela ho botsa lipotso tse tobileng tse kang: Na u na le bothata leha e le bofe ka ngoana oa ka? Na oa hlompha? Na o ba teng litlelaseng tsohle? Na o fihla ka nako?
Ho thoe’ng haeba tichere e bolela ntho e itseng e sa rateheng ka ngoana oa hao? Se ke ua nka hore hase ’nete. Ka bomalimabe, bacha ba bangata ba bonahalang ba phela bophelo bo hlomphehang lapeng kapa sebakeng sa bona sa borapeli ha e le hantle ba phela bophelo bo habeli. Kahoo mamela tichere ka tlhompho, ’me u hlahlobe seo e se bolelang.
Ha Ngoana oa Hao a Fihla Lapeng
Uena joaloka motsoali u ikutloa joang ha u khutlela lapeng u tsoa mosebetsing? U khathetse kelellong? U ferekane? Ngoana oa hao a ka ’na a ikutloa hampe le ho feta moo ha a fihla lapeng a tsoa sekolong. Kahoo ntate e mong o ile a khothatsa: “Etsa hore ho fihla lapeng e be ntho e monate. Mohlomong ba sebelitse ka thata haholo letsatsing leo.”
Haeba ho khoneha, ka sebele ke ntho e lakatsehang ho motsoali hore a be a le lapeng ha ngoana a fihla. Joalokaha ’mè e mong a hlokometse, “bana ba ke ke ba u bolella se etsahalang haeba u le sieo hore u buisane le bona. Kahoo ke etsa bonnete ba hore ke teng ha bana ba fihla lapeng.” Ha ho hlokahale hore motsoali a tsebe e seng feela seo ngoana oa hae a se etsang empa hape a tsebe hore na o nahana eng le hore na boikutlo ba hae ke bofe. Ho fumana sena ho ameha nako e ngata, boiteko le ho fatisisa maikutlo ka bonolo. (Liproverbia 20:5) Ho buisana letsatsi ka leng ke habohlokoa.
Tichere e ’ngoe ea sekolo sa praemari New York City e ile ea hlokomela: “Ka letsatsi leha e le lefe, mekhoa ea boitšoaro ea tsamaiso ea sekolo e maqakabetsing e ka ’na eaba e fetiselitsoe ho ngoana oa hao.” Kahoo o ile a khothatsa: “Falimehela se ntseng se hōlisoa ka pelong ea ngoana oa hao. Ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba u khathetse hakae, e-ba le nako ea ho etsa hore a bue ka bolokolohi ’me u nkele sebaka mekhoa e mebe leha e le efe ea boitšoaro ka e lokileng.”—Liproverbia 1:5.
Ka ho tšoanang tichere ea sekolo se phahameng e nang le phihlelo e ile ea eletsa: “Ho e-na le ho botsa feela hore na ho etsahetse’ng sekolong, ho ne ho tla ba molemo ho botsa lipotso tse tobileng le tse khethehileng mabapi le letsatsi le mesebetsi ea lona. Ha ho hlokahale hore sena se etsoe ka mokhoa o thata kapa oa ho fatisisa ka lipotso empa e be puisano e tloaelehileng le ngoana.”
Richard W. Riley, mongoli oa thuto oa United States, o ile a khothalletsa: “Bua le bana ba hao ka ho toba, haholo-holo bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20, ka likotsi tsa lithethefatsi le tahi le mekhoa ea boitšoaro eo u batlang hore ba be le eona. Le hoja li ka ’na tsa u etsa hore u ikutloe u sa phutholoha, lipuisano tse joalo tsa botho, li ka ’na tsa boloka bophelo ba bona.”
Motsoali ha aa lokela hore le ka mohla, haholo-holo ea nang le boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste, a fane ka maikutlo a hore o tšoarehile haholo hore a ka buisana le bana ba hae. Esita le hoja e ka ’na ea e-ba ho ferekanyang ho utloa seo ba se buang, etsa hore ba tsebe ka litšobotsi tsa sefahleho le mokhoa oa hao hore u thabetse hore ebe ba buisana le uena ka bolokolohi. Seithuti se seng se ile sa eletsa: “Se ke ua haroha letsoalo ha ngoana oa hao a bua ka lithethefatsi le litaba tsa botona le botšehali tse etsahalang sekolong.”
Ka lebaka la ho senyeha ha bophelo ba lelapa, kajeno ho na le ba bangata ba ka bitsoang ‘likhutsana.’ (Jobo 24:3; 29:12; Pesaleme ea 146:9) Ka phuthehong ea Bokreste, kamehla ho na le e mong ea ka thusang mocha ea hlokang thuso. Na u ea ka thusang?
Khothalletsa ho Ithuta le ho Jara Boikarabelo
Bacha ba bangata ha ba jare boikarabelo ka mosebetsi oa sekolo joaloka Latoya, ea boletsoeng sethathong. Ba bangata ba hloka ho khothatsoa haholo hore ba ithute. Mabapi le bana ba hae, Joseph Fernandez eo pele e neng e le mookameli oa likolo tsa New York City o ile a re: “Re ne re e-na le linako tse tlamang tsa ho ithuta lapeng. Re ne re etsa hore libuka li be teng, re khothalletsa ho etela laebraring ’me re etsa hore lintho tse tlang pele e be ho ea sekolong le ho tšoareha ka ho feletseng.”
Motsamaisi e mong oa sekolo ile a re: “Ho hlokahala re etse hore bana ba rōna ba pota-potoe ke libuka le lipale ka tsela e tšoanang le eo hona joale re etsang hore ba pota-potoe ke thelevishene, libaesekopo, livideo le litsi tsa mabenkele.” Ha bana ba etsa mosebetsi oa bona oa sekolo o etsetsoang lapeng, batsoali ba ka ’na ba khona ho lokisetsa hore ba be haufinyane le bona ba etse thuto ea botho kapa ba bale. Ka mokhoa oo bana ba hao ba ka bona hore u nka thuto e le ea bohlokoa.
Malapeng a mangata thelevishene ke phephetso e khōlō ka ho fetisisa bakeng sa ho ithuta. Morupeli e mong o ile a re: “Ha ba le lilemo li 18, bacha ba se ba qetile lihora tse 11 000 ba le tlelaseng le lihora tse 22 000 ba shebeletse thelevishene.” Batsoali ba ka ’na ba lekanyetsa nako ea hore bana ba bona ba shebelle TV, mohlomong ka hore bona ka bobona ba e shebelle ka linako tse itseng. Ho phaella moo, ikemisetse ho ithuta ntho e itseng le bana ba hao. Balang hammoho. Letsatsi ka leng e-ba le nako ea ho hlahloba mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng.
Bana ba hao ba tla fumana likabelo tse ngata sekolong tseo ba lokelang ho li lokisetsa. Na ba tla li phetha? Mohlomong ba tla li phetha haeba u ba rutile ho hlokomela boikarabelo lapeng. Tsela ea bohlokoa ea ho etsa sena ke hore letsatsi le letsatsi u ba abele mesebetsi e itseng e tloaelehileng. Joale u batle hore ba e phethe ho ea ka kemiso e itseng e khethehileng. Ke ’nete hore koetliso e joalo e tla hloka boiteko bo boholo ka lehlakoreng la hao, empa e tla ruta bana ba hao ho ba le boikutlo ba ho jara boikarabelo boo ba bo hlokang e le hore ba ka atleha sekolong le bophelong hamorao.
Boikemisetso ba Seithuti, Senotlolo sa Bohlokoa
Moeletsi ea fanang ka tataiso Arthur Kirson o ile a tsebahatsa senotlolo se seng se lebisang thutong e ntle ha a ne a bua mabapi le Latoya, ea boletsoeng sethathong: “Lekhetlo la pele leo ke ileng ka kopana le eena e ne e le ka mor’a e ’ngoe ea liketsahalo tse khōlō lapeng. Ngoana enoa o ne a lutse fatše sefahleho sa hae se le mengoapo [ka lebaka la ho hleka-hlekoa hoo ho neng ho belaelloa ntat’ae ka hona]. ’Me ntho feela eo ke ileng ka bona a khathatsehile ka eona ke mosebetsi oa hae oa sekolo.”
E, senotlolo sa bohlokoa se lebisang thutong e ntle ke boikemisetso bo matla ba ngoana ba ho ithuta. Mocha e mong oa New York City o hlokometse: “Mehleng ea kajeno ho itšetlehile ka ho feletseng ka hore seithuti se ikhanne le ho ikhalemela ka bosona hore se fumane molemo.”
Ka mohlala, tichere e ile ea bolella ’mè e mong ea neng a amehile ka thuto ea ngoana oa hae: “Se ke ua khathatseha Mofumahali Smith. Justin o bohlale haholo, ho ke ke ha hlokahala hore a tsebe ho peleta mantsoe. O tla ba le mongoli ea mo etsetsang seo.” Ho sa tsotellehe hore na ngoana o bohlale hakae, ho ipabola ka mahlale a ho bala le ho ngola—ho akareletsa le meqoqo e ngoloang e utloahalang, mongolo oa letsoho o balehang le ho peletoa ha mantsoe ka nepo—ke habohlokoa.
Ka ho makatsang, barupeli ba bang ba ile ba hlōleha ho ipelaetsa ha setsebi sa kelello se tsebahalang haholo Carl Rogers se ne se bolela hore: “Ho hang ha ho motho ea lokelang ho leka ho ithuta ntho e itseng eo a sa boneng bohlokoa ba eona.” Ke’ng se fosahetseng ka polelo ee? Joalokaha ho totobetse, hangata ngoana a ke ke a bonela pele bohlokoa ba seo a hlokoang hore a ithute sona. Maemong a mangata bohlokoa ba sona ha bo hlokomeloe ho fihlela hamorao bophelong. Ka ho hlakileng, kajeno ngoana o hloka boikemisetso ba botho hore a fumane thuto e ntle!
Cindy, ea lilemo li 14 ea sehlopheng sa borobong, ke mohlala o motle oa mocha ea bontšang boikemisetso bo joalo. O ile a hlalosa: “Ha sekolo se e-tsoa kea sala ke buisane le matichere le ho a tseba. Ke leka ho fumana hantle hore na a batla eng ho liithuti tsa ’ona.” Hape o mamela ka hloko tlelaseng ’me o etelletsa pele mosebetsi oa hae oa sekolo o etsetsoang lapeng. Ha li mametse tlelaseng kapa ha li bala, liithuti tse atlehang li itloaelitse ho etsa joalo li nkile pampiri le pentšele e le hore li ka ngola lintlha tsa bohlokoa.
Hape taba ea bohlokoa e lebisang thutong e ntle ke boikemisetso ba ho qoba metsoalle e mebe. Cindy o ile a hlalosa: “Kamehla ke batla motho ea nang le mekhoa e metle ea boitšoaro. Ka mohlala, ke botsa bana bao ke kenang sekolo le bona hore na ba nahana eng ka semanya-manyane ea sebelisang lithethefatsi kapa ho kopanela boitšoarong bo litšila ba botona le botšehali. Haeba ba bua ntho e kang, ‘Ke’ng ho phoso ka seo?’ kea hlokomela hore hase metsoalle e metle. Empa haeba motho a hlile a bontša ho nyonya boitšoaro bo joalo ’me a bolela hore o batla ho ba ea fapaneng, joale ke tla khetha ho lula pel’a hae nakong ea lijo tsa motšehare.”
Ka ho hlakileng ho na le liphephetso tse ngata bakeng sa ho fumana thuto e ntle kajeno. Empa thuto e joalo e ka ba teng haeba liithuti hammoho le batsoali ba sebelisa linotlolo. Ho hlahlamang re tla hlahloba tokisetso e ’ngoe e ka u thusang haholo ho fumana thuto e ntle.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho Bokotsa Kapa Taeo e Lerato?
Bibele e lemosa hore ho bokotsa bana ho lebisa tlokotsing. (Liproverbia 29:21) Tumellanong le seo, Albert Shanker, mopresidente oa Mokhatlo oa Matichere oa Amerika, o ile a re: “Ho na le batsoali ba nahanang hore ba etsetsa bana ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nepo haeba ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela eo bana ba e batlang. ’Me rea tseba hore seo se fosahetse.”
Esita le bacha ba bangata baa tseba hore ho bokotsoa ho joalo ho fosahetse. Mathoasong a selemo se fetileng koranta ea Massachusetts e ile ea tlaleha: “Patlisiso e entsoeng ho liithuti tse 1572 West Springfield tse lihlopheng tsa botšelela ho ea tsoa ho sa leshome le metso e ’meli e fumane hore ‘ho lumella ha batsoali ntho e ’ngoe le e ’ngoe’ e seng khatello ea lithaka ke tšusumetso e hlokomelehang haholoanyane e lebisang tšebelisong ea lithethefatsi le tahi har’a bana ba sehlopheng sa lilemo tseo.”
Ho bokotsoa ho joalo ho boetse ho tlatselitse seoeng sa boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali. Ka sebele, joalokaha Bibele e bolela, ho hlōleha ho fana ka taeo ho baka mahlabisa-lihlong lapeng.—Liproverbia 29:15.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Seo Batsoali ba ka se Etsang
✔Tseba sekolo sa ngoana oa hao, lipheo tsa sona le boikutlo ba sona mabapi le melao-motheo ea bohlokoa le litumelo tsa hao.
✔Tloaelana le matichere a ngoana oa hao, ’me u leke ho haha kamano e ntle ea mosebetsi le ’ona.
✔Thahasella ka ho tebileng mosebetsi oa ngoana oa hao oa sekolo o etsetsoang lapeng. Bala le eena khafetsa.
✔Laola seo ngoana oa hao a se shebellang ho TV le hore na o e shebella haholo hakae.
✔Hlokomela mekhoa ea ho ja ea ngoana oa hao. Lijo tse se nang molemo phepong li ka ba le liphello tse bohloko matleng a hae a ho tsepamisa mohopolo.
✔Etsa bonnete ba hore ngoana oa hao o robala ka ho lekaneng. Bana ba khathetseng ha ba ithute hantle.
✔Leka ho thusa ngoana oa hao hore a khethe metsoalle e molemo.
✔E-ba motsoalle oa hlooho ea khomo oa ngoana oa hao. O hloka metsoalle eohle e hōlileng tsebong eo a ka e fumanang.
Seo Bana ba ka se Etsang
✔Ka thuso ea batsoali ba hao, iketsetse lipakane tsa thuto le litsela tsa ho li finyella. Buisana le matichere a hao ka lipakane tsena.
✔Khetha lithuto tsa hao ka hloko ka thuso ea matichere a hao le batsoali. Lithuto tse khethoang tse bonolo hangata ha li na molemo.
✔Leka ho ba le kamano e ntle le matichere a hao. Fumana hantle hore na a lebeletse eng ho uena. Buisana le ’ona ka tsoelo-pele ea hao le mathata.
✔Mamela ka hloko ka tlelaseng. U se ke ua hoheloa ke boitšoaro bo ferekanyang.
✔Khetha metsoalle ea hao ka bohlale. E ka u thusa kapa ea u sitisa hore u tsoele pele sekolong.
✔Etsa mosebetsi oa hao oa sekolo o etsetsoang lapeng le likabelo hantle kamoo u ka khonang. Etsa hore li fumane nako e ntle. Kōpa batsoali ba hao kapa motho e mong e moholo ea hōlileng tsebong bakeng sa thuso haeba u e hloka.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mamela ka tlhompho haeba tichere e e-na le lipelaelo ka ngoana oa hao
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Botsa ngoana oa hao ka litaba tsa sekolo letsatsi le leng le le leng