Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 12/8 maq. 13-15
  • Na Bakreste ba Lokela ho Hloea Basodoma?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bakreste ba Lokela ho Hloea Basodoma?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Molimo
  • “Hloeang Bobe”
  • “Molimo ha a Leeme”
  • Bakreste ba Amohela ea Bakang
  • Bosodoma Boikarabelo ba Baruti ke Bofe?
    Tsoha!—1989
  • Bosodoma—Hobane’ng ha bo sa Lokela?
    Tsoha!—1989
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
    Tsoha!—1995
  • Na ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 12/8 maq. 13-15

Pono Ea Bibele

Na Bakreste ba Lokela ho Hloea Basodoma?

KA 1969 ho ile ha qaptjoa lentsoe la Senyesemane le hlalosang tšabo e se nang mabaka kapa ho khesa basodoma. Lentsoe leo ke “homophobia.” Lipuo tse ngata ha li na lentsoe le tobileng joalo, empa ka lilemo tse likete, batho ba lichaba tse ngata le maleme a mangata ba ’nile ba bontša ka ho hlaka hore ha ba amohele basodoma.

Leha ho le joalo, mehleng ea morao tjena, bosodoma bo ’nile ba buelloa hohle e mpa e le mofuta o mong feela oa likamano tsa botona le botšehali. Rahistori Jerry Z. Muller o sa tsoa ngola ka “mohoo o ntseng o eketseha oa basodoma ba batlang ho tsebahala sechabeng le ho hlomphuoa.” O hlalositse basodoma “ba ikentse khokanyana-phiri ho phatlalatseng mokhoa oa bona o lokeloang ke thoriso, ’me ba batla hore le ba bang ba ba latele.” Sena se bonahala ka ho khetheha linaheng tsa Bophirimela. Leha ho le joalo, likarolong tse ngata tsa lefatše, esita le linaheng tseo ho thoeng li amohela likhopolo tse ncha, ba bangata ba ntse ba nyatsa le ho khesa bosodoma.

Hangata basodoma le ba belaelloang ka bosodoma ba atisa ho hlaseloa ka lipolelo tse nyelisang, ho hlorisoa le ho khahlapetsoa. Esita le baeta-pele ba bolumeli ba le bontšitse lehloeo le joalo. Ba bang ba ile ba qala seo mohlomong se bonahalang eka ke ho loantša basodoma ka sekhukhu. Nka ka mohlala, litlhaloso tse ileng tsa etsoa ke mobishopo oa Kereke ea Greek Orthodox tse sa tsoa hasoa haufinyane tjena seea-le-moeeng sa sechaba sa Greece. O ile a re: “Molimo o tla chesa basodoma ka ho sa feleng sekoting sa mollo oa lihele. Seboko sa melomo ea bona e litšila se tla utloahala ka ho sa feleng. ’Mele ea bona e senyehileng e tla feta tlas’a bohloko bo sa mamelleheng.” Na see e hlile ke ’nete? Molimo o ikutloa joang ka basodoma?

Pono ea Molimo

Bibele ha e lebise tlhokomelo e khethehileng ho basodoma e le sehlopha se itseng se lokelang ho qolloa kapa ho hlouoa ke Bakreste. Ho feta moo, ha e rute hore Molimo o tla hlokofatsa basodoma—kapa leha e le sefe sa libōpuoa tsa hae—ka ho li chesa liheleng tsa mollo ka ho sa feleng.—Bapisa le Baroma 6:23.

Leha ho le joalo, Mangolo a fana ka litekanyetso tsa boitšoaro tsa ’Mōpi oa rōna, tseo hangata li leng khahlanong le mekhoa ea kajeno ea boitšoaro. Liketso tsa bosodoma, likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba sa nyalanang le ho robala le liphoofolo ke lintho tseo kaofela Bibele e li nyatsang. (Exoda 22:19; Baefese 5:3-5) Molimo o ile a timetsa Sodoma le Gomora ka lebaka la mekhoa e joalo ea likamano tsa botona le botšehali.—Genese 13:13; 18:20; 19:4, 5, 24, 25.

Tabeng ea liketso tsa bosodoma, Lentsoe la Molimo le re ka ho toba: “Ena ke ntho e hloiloeng.” (Levitike 18:22, The New Jerusalem Bible) Molao oa Molimo ho Iseraele o ile oa qaqisa: “Ekare ha monna a robetse le monna e mong, joalo ka ha ho robaloa le mosali, ba entse ba babeli ntho e manyala, ba tla bolaoa.” (Levitike 20:13) Ho ne ho laetsoe kotlo e tšoanang le bakeng sa ba robalang le liphoofolo, ba bang le likamano tsa botona le botšehali le beng ka bona ba haufi le ba etsang bofebe.—Levitike 20:10-12, 14-17.

Moapostola Pauluse o ile a bululeloa ho hlalosa liketso tsa bosodoma e le pontšo ea “litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang” ’me e le tse “khahlanong le tlhaho.” Oa ngola: “Ke ka lebaka leo Molimo a ileng a ba nehella litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang, kaha ka bobeli ba batšehali ba bona ba ile ba fetola tšebeliso ea bona ea tlhaho hore e be e khahlanong le tlhaho; ’me ka ho tšoanang le bona ba batona ba ile ba tlohela tšebeliso ea tlhaho ea ba batšehali ’me ba fetoha ba chesitsoeng hampe takatsanong ea bona e mong ho e mong, ba batona le ba batona, ba sebetsa se nyonyehang ’me ba amohela ka ho bona puseletso e feletseng, e neng e loketse bakeng sa phoso ea bona. ’Me feela joalokaha ba sa ka ba amohela ho ela Molimo hloko ka tsebo e nepahetseng, Molimo o ile a ba nehella boemo ba kelello bo sa amoheleheng, ho etsa lintho tse sa lokang.”—Baroma 1:26-28.

Mangolo ha a fane ka phephi, ha a emele, ’me ha a fane ka tlhaloso e sa hlakang; liketso tsa bosodoma, bofebe le bohlola, kaofela ke lintho tse nyonyehang mahlong a Molimo. Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete ha ba hlapolle boemo ba Bibele tabeng ea “litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang” feela hore ba tume kapa ba amohelehe haholoanyane mekhoeng ea kajeno ea bophelo. Leha e le hore ba lumellana le letšolo leha e le lefe le inehetseng ho buelleng bosodoma e le mokhoa o tloaelehileng oa bophelo.

“Hloeang Bobe”

Bibele ea khothatsa: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe.” (Pesaleme ea 97:10) Kahoo, Bakreste ba lebeletsoe hore ba hloee ketso e ’ngoe le e ’ngoe e khahlanong le melao ea Jehova. Batho ba bang ba ka ba ba e-ba le maikutlo a matla a ho khesa kapa a ho nyonya bosodoma ho feta mefuta e meng ea boitšoaro bo bobe, ba talima bosodoma e le boitšoaro bo litšila ba likamano tsa botona le botšehali boo e seng ba tlhaho. Leha ho le joalo, na Bakreste ba lokela ho hloea batho ba liketso tse joalo?

Mopesaleme o ile a fana ka leseli le itseng tabeng ena ho Pesaleme ea 139:21, 22: “Jehova, ha ke re, ke hloile ba u hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba u phahamelang? Ke ba hloile ka hloeo ea sebele, ho ’na ke lira.” Botšepehi ba rōna bo sa sekisetseng ho Jehova le ho melao-motheo ea hae bo lokela ho fehla ka ho rōna lehloeo le matla ho ba furallang Jehova ka boomo le ba nkang lehlakore la ho ba lira tsa Molimo. Satane le bademona ba har’a lira tse joalo tsa Molimo tse tsebahalang. Batho ba bang mohlomong le bona ba oela sehlopheng sena. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho Mokreste hore a khetholle batho ba joalo ka ponahalo ea bona ea ka ntle. Re ke ke ra bala lipelo. (Jeremia 17:9, 10) E ne e tla ba ho fosahetseng ho nka hore motho ea itseng ke sera se ke keng sa fetoha sa Molimo hobane a etsa se fosahetseng. Mabakeng a mangata bafosi ba mpa ba sa tsebe litekanyetso tsa Molimo.

Kahoo, ka kakaretso, Bakreste ba lieha ho hloea batho ba bang. Esita le haeba ba nyatsa ka matla mofuta o itseng oa bophelo, ha ba batle ho utloisa ba bang bohloko, leha e le ho ba jara ka pelo kapa ho ba koetlela lehloeo. Ho e-na le hoo, Bibele e eletsa Bakreste hore ba “be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:9, 17-19.

“Molimo ha a Leeme”

Jehova o tla tšoarela motho ea felang a baka, ho sa tsotellehe hore na ke boitšoaro ba mofuta ofe bo bobe boo mohlomong a bo entseng. Ha ho bopaki bo teng ba hore Jehova o talima mofuta o itseng oa boitšoaro bo bobe o le mobe ho feta o mong. “Molimo ha a leeme.” (Liketso 10:34, 35) Nka ka mohlala, boemo ba phutheho ea Korinthe lekholong la pele la lilemo. Moapostola Pauluse o ile a e ngolla: “Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” Joale Pauluse o ile a lumela hore bao pele e neng e le lihlola, bafebi, basodoma le masholu ba ’nile ba amoheloa ka phuthehong ea Bokreste Korinthe. O ile a hlalosa: “’Me leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa le boletsoe le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 6:9-11.

Ka ho hlakileng, Jehova ha a mamelle hore litekanyetso tsa hae tse phethahetseng tsa boitšoaro li hatakeloe ka ho sa khaotseng le ka ho phehellang. O hloile ka ho feletseng ha melao-motheo ea hae e hlokomolohuoa ka manganga. Leha ho le joalo, o lula a butse monyako oa poelano. (Pesaleme ea 86:5; Esaia 55:7) Tumellanong le sena, Bakreste ha ba etse basodoma, kapa motho leha e le mang, liphofu tsa lehloeo, tsa litšomo, kapa tsa tlhekefetso. Bakreste ba ’nete ba talima batho ba bang e le bao e ka ’nang ea e-ba barutuoa ba Kreste nakong e tlang, ba ba tšoara ka tlhompho le ka tsela e nang le seriti. Bibele e re: “Sena se setle ’me sea khahlisa mahlong a Mopholosi oa rōna, Molimo, eo thato ea hae e leng hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:3, 4.

Bakreste ba Amohela ea Bakang

Nako le nako, Bibele e bolela hore Molimo oa tšoarela. E mo hlalosa e le “Molimo, o tletseng tšoarelo le mohau le lereko, o liehang ho halefa, o tletseng khauhelo.” (Nehemia 9:17; Ezekiele 33:11; 2 Petrose 3:9) Ho feta moo, Bibele e mo tšoantša le ntate ea papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa, ea ileng a hafaka lefa la hae boitšoarong bo hlephileng sebakeng se hōle. Ntate o ’nile a leta a ntse a butse matsoho bakeng sa ho amohela mor’a hae eo qetellong a ileng a hlaphoheloa, a baka, ’me a khutlela hae lelapeng labo.—Luka 15:11-24.

E, ho ka etsahala hore mofosi a sokolohe. Mangolo a lumellana le sena ka ho khothalletsa batho ho hlobola botho ba khale le ho apara bo bocha le ho ‘nchafala matleng a susumetsang likelello’ tsa bona. (Baefese 4:22-24) Ba etsang se fosahetseng, ho akarelletsa le basodoma, ba ka etsa liphetoho tse khōlō tseleng eo ba nahanang le ho itšoara ka eona, ’me ba bangata ba se ba hlile ba atlehile ho etsa phetoho ena.a Jesu ka boeena o ile a bolela ho batho ba joalo; ’me ka mor’a hore ba bontše pako, a ba amohela.—Matheu 21:31, 32.

Bakreste ba amohela batho ba bontšang pako ba tsoang limelong tse sa tšoaneng tsa bophelo. Ka mor’a ho furalla boitšoaro bo litšila, ho sa tsotellehe hore na ke ba mofuta ofe, bohle ba ka thabela melemo e feletseng ea ho tšoareloa ke Molimo hobane “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e aparetse mesebetsi eohle ea hae.”—Pesaleme ea 145:9.

Bakreste ba ikemiselitse ho fana ka tšehetso e hlokahalang ea moea, esita le ho ba ntseng ba loantšana le litšekamelo tsa bosodoma. Sena se tumellanong le ponahatso ea lerato la Molimo, kaha Bibele e re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re ne re sa le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.”—Baroma 5:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Nka Etsa Joang Hore Maikutlo Aa a Fele?,” tokollong ea Tsoha! ea April 8, 1995.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Bakreste ha ba hlapolle pono ea Bibele ka bosodoma

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Punch

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela