Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 11/8 maq. 28-31
  • Gutenberg—Kamoo a Ileng Enberg a Ruisa Lefatše Kateng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Gutenberg—Kamoo a Ileng Enberg a Ruisa Lefatše Kateng!
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mainz ea Likhorane
  • Bohlale ba Gutenberg le Tšehetso ea Fust ea Lichelete
  • Mosebetsi oa Qala
  • Mosebetsi o Tsoileng Matsoho oa Khatiso
  • Tšenyehelo ea Lichelete
  • Lefa la Gutenberg
  • Likopi Tse Ntseng li le Teng tsa Bibele ea Gutenberg
  • Buka e Ikhethang
    Tsoha!—2007
  • Buka e Ajoang ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Buka ea Batho Bohle
  • Ho Hlahisa Lingoliloeng Tsa Bibele Bakeng sa ho Sebelisoa Tšebeletsong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Motho ea Ileng a Fetola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 11/8 maq. 28-31

Gutenberg—Kamoo a Ileng Enberg a Ruisa Lefatše Kateng!

Ka Mongolli Oa Tsoha! Jeremane

E TŠIBOLLO efe ea lilemong tse sekete tse fetileng e susumelitseng bophelo ba hao ka ho fetisisa? Na ke thelefono, thelevishene kapa koloi? Mohlomong ha se le e ’ngoe ea tsona. Ho ea ka litsebi tse ngata, e bile ho hatisa ka mechine. Motho ea fuoang tlotla ka ho qapa mokhoa oa pele o sebetsang ke Johannes Gensfleisch zur Laden, ea tsejoang haholo e le Johannes Gutenberg. O ne a tsoa lelapeng la boemo bo phahameng ’me ka lebaka leo ha hoa ka ha hlokahala hore a sebetse e le maithutoana ea tloaelehileng.

Tšibollo ea Gutenberg e hlalositsoe e le “tlatsetso e khōlō ea Jeremane tsoelo-peleng.” Kopi ka ’ngoe e ntseng e le teng ea mosebetsi oa hae o hatisitsoeng o tsoileng matsoho—e bitsoang Bibele ea Gutenberg e mela e 42—e bitsa chelete e ngata.

Mainz ea Likhorane

Gutenberg o hlahetse Mainz, ka 1397 kapa hoo e ka bang ka selemo seo. Kaha e ne e le lebōpong la Nōka ea Rhine, ka nako eo Mainz e ne e le motse oa baahi ba ka bang 6000. E ne e tsejoa e le Mainz ea Likhorane, kaha e ne e le setsi sa selekane se matla sa metse. Baarekabishopo ba Mainz ke bona ba neng ba khethile ’Muso oa Roma e Halalelang. Mainz e ne e tumme ka litei tsa eona tsa khauta. Johannes e monyenyane o ile a ithuta ho hongata ka litšepe, ho akarelletsa le tsela ea ho bōpa litlhaku ka tšepe. Ka lebaka la liqhoebeshano tsa lipolotiki, o ile a lelekeloa Strasbourg ka lilemo-lemo, e leng moo a ileng a kopanela ho betleng majoe a bohlokoa le ho ruteng ba bang ho a betla. Empa o ne a hlile a tšoarehile haholo mosebetsing oa hae oa sephiring oa ho qapa ntho e ncha. Gutenberg o ile a leka ho ntlafatsa tsebo ea ho hatisa ka mechine.

Bohlale ba Gutenberg le Tšehetso ea Fust ea Lichelete

Gutenberg o ile a khutlela Mainz ’me a ntšetsa pele liteko tsa hae. Bakeng sa tšehetso ea lichelete, o ile a ea ho Johann Fust, ea ileng a mo alima li-gulden tse 1600—e leng chelete e ngata haholo nakong eo ka eona setsebi sa mosebetsi oa matsoho se neng se fumana li-gulden tse 30 feela ka selemo. Fust e ne e le rakhoebo ea hlalefileng ea ileng a lemoha hore morero ona o tla hlahisa phaello. Gutenberg o ne a nahanne ka morero oa mofuta ofe?

Mahlo a Gutenberg a chatsi a ile a hlokomela hore lintho tse itseng li ne li hlahisoa ka bongata, ’me li tšoana ka sebōpeho. Ka mohlala, lichelete tse ling li ne li etsoa ka tšepe, le likulo li etsoa ka tšepe. Kahoo ke hobane’ng ha ho ke ke ha hatisoa maqephe a ngotsoeng a tšoanang a makholo ebe maqephe ao a kopanngoa ka tatellano hore e be libuka tse tšoanang? Ke libuka life? O ile a nahana ka Bibele, e leng buka e neng e le theko e boima hoo e leng batho ba khethehileng feela ba neng ba e-na le eona. Gutenberg o ile a rera ho etsa lenane le leholo la Libibele tse tšoanang, tse theko e tlaase haholo ho feta likopi tse ngotsoeng ka letsoho empa ho sa senngoe botle ba tsona. See se ne se tla etsoa joang?

Libuka tse ngata li ne li kopitsoa ka letsoho, e leng ho neng ho hloka hore motho e be ea khothetseng le ea nang le nako. Khatiso e ne e ile ea lekoa ho sebelisoa liforomo tsa lehong tse betliloeng ka letsoho, foromo ka ’ngoe e e-na le leqephe le ngotsoeng. Monna e mong oa Lechaena ea bitsoang Pi Sheng o ne a bile a entse litlhaku ka bonngoe tsa letsopa e le tse tla sebelisoa khatisong. Mane Korea, litlhaku tse entsoeng ka koporo li ne li ’nile tsa sebelisoa sebakeng sa ’muso sa khatiso. Empa ho hatisa ka litlhaku tse ka tlosoang sebakeng se seng ho ea ho se seng—e leng litlhaku tse entsoeng ka bomong tse ka hlophisoang bocha bakeng sa leqephe ka leng—ho ne ho hloka litlhaku tse ngata-ngata, ’me ho ne ho e-s’o be le motho ea qapileng tsela ea ho li etsa. Ke Gutenberg ea neng a tla khona ho etsa joalo.

Kaha e ne e le setei sa tšepe se nang le phihlelo, o ile a elelloa hore khatiso e ka finyelloa hamolemohali ha ho sebelisoa litlhaku tse ka tlosoang sebakeng se seng ho ea ho se seng, tse sa etsoang ka letsopa kapa lehong, empa e le tse entsoeng ka tšepe. Li ne li tla tšeloa ka har’a foromo, ho e-na le hore li betloe kapa li chesoe ka ontong. Gutenberg o ne a hloka liforomo tse neng li ka sebelisoa bakeng sa litlhaku tsohle tse 26 tsa alfabeta ea habo—ka litlhaku tse nyenyane le tse khōlō—ho kopanyelletsa le litlhaku tse momahaneng, matšoao a ho ngola le a puo le lipalo. Ka kakaretso, o ile a lekanyetsa hore ho hlokahala litlhaku tse 290 tse fapaneng, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e e-na le libōpeho tse ngata tse sa tšoaneng.

Mosebetsi oa Qala

Gutenberg o ile a khetha mongolo oa Segoth bakeng sa mokhoa oa ho ngola buka ea hae ka Selatine, se neng se sebelisoa ke banna ba baitlami ha ba kopitsa Bibele. A sebelisa phihlelo ea hae e le setei sa tšepe, o ile a betla ka mokhoa o khabisitsoeng tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe le letšoao tseo e kang li shebile hosele sekotoaneng sa tšepe, ke hore, setšoantšo se betliloeng se hlahellang holim’a tšepe. (Setšoantšo 1) Setempe sena sa tšepe se ne se sebelisoa bakeng sa ho tempella setšoantšo seo sekotoaneng se bonojoana sa tšepe, ebang ke sa koporo kapa sa brase. Phello e ne e e-ba setšoantšo sa sebele sa tlhaku e tempeletsoeng holim’a tšepe e bonojoana, e bitsoang foreimi ea tlhaku.

Bohato bo latelang bo ne bo akarelletsa foromo, eo e neng e le sehlahisoa sa bohlale ba Gutenberg. Foromo eo e ne e lekana le setebele ’me e bulehile ka holimo le ka tlaase. Foreimi ea tlhaku e ne e momahanngoa le karolo e ka tlaase ea foromo ena, ’me ka holimo ho tšeloa motsoako oa litšepe tse qhibilihisitsoeng. (Setšoantšo 2) Motsoako ona oa litšepe tse sa tšoaneng—oa tšepe, loto, kulo le bismuth—o ne o fola ’me o tiea kapele.

Motsoako oa litšepe o nkiloeng foromong ena o ne o etsa setšoantšo se shebileng hosele sa tlhaku ka lehlakoreng le leng, ’me o ne o bitsoa tlhaku ea khatiso. Mosebetsi ona o ne o phetoa ho fihlela ha ho entsoe palo e hlokahalang ea likotoana tsa tlhaku eo. Joale ho ne ho tlosoa foreimi eo ’me ho kenngoa foreimi ea tlhaku e latelang. Kahoo, palo leha e le efe ea likotoana tsa tlhaku ka ’ngoe le letšoao ka leng e ne e ka etsoa ka nako e khutšoanyane. Litlhaku tsohle li ne li lekana ka bophahamo, ho ea kamoo Gutenberg a neng a hloka kateng.

Joale khatiso e ne e ka simolla. Gutenberg o ile a khetha karolonyana ea Bibele eo a neng a batla ho e kopitsa. A tšoere terei ea litlhaku, o ile a sebelisa litlhaku tsa khatiso ho ngola mantsoe, eaba o bōpa mantsoe ao hore e be mela ea taba e ngotsoeng. (Setšoantšo 3) Mola ka mong o ne o siile sebaka se lekanang moeling oa leqephe, ke hore, o entsoe hore o be bolelele bo lekanang le e meng. A sebelisa terei e nang le taba e ngotsoeng e hlophisitsoeng, o ile a hlophisa mela ka likarolo tse fapaneng tsa taba e ngotsoeng, a e etsa likarolo tse peli leqepheng le le leng. (Setšoantšo 4)

Leqephe lena la taba e ngotsoeng le ne le behoa sebakeng se bataletseng sa mochine oa khatiso ebe le ngobetsoa ka enke e ntšo. (Setšoantšo 5) Mochine oa khatiso—o tšoanang le e sebelisoang ha ho etsoa veine—o ne o tlosa enke holim’a litlhaku o e fetisetsa pampiring. Phello e ne e e-ba leqephe le hatisitsoeng. Ho ne ho sebelisoa enke le pampiri e eketsehileng ebe mosebetsi ona oa phetoa ho fihlela ha ho hatisitsoe palo e hlokahalang ea likopi. Kaha litlhaku tsena li ne li ka tlosoa sebakeng se seng ho ea ho se seng, li ne li ka sebelisoa hape bakeng sa ho hlophisa leqephe le leng.

Mosebetsi o Tsoileng Matsoho oa Khatiso

Sebaka seo Gutenberg a neng a sebeletsa ho sona, se hirang batho ba 15 ho ea ho ba 20, se ile sa qeta Bibele ea pele e hatisitsoeng ka 1455. Ho ile ha etsoa likopi tse ka bang 180. Bibele ka ’ngoe e ne e e-na le maqephe a 1282, ’me leqephe ka leng le e-na le mela e 42, e hatisitsoeng ka likarolo tse peli. Ho rōkelloa ha libuka—Bibele ka ’ngoe e ne e e-na le meqolo e ’meli—le ho ngoloa ha lihlooho ka letsoho ka tsela e khabisitsoeng hammoho le tlhaku e qalang khaolo ka ’ngoe ho ile ha etsoa hamorao empa eseng sebakeng seo Gutenberg a neng a sebeletsa ho sona.

Na re ka inahanela hore na ho ne ho hlokahala litlhaku tse kae bakeng sa ho hatisa Bibele? Leqephe ka leng le na le litlhaku tse ka bang 2600. A re re mohlomong Gutenberg o ne a e-na le litempe tse tšeletseng tse nang le litlhaku, tseo se seng le se seng sa tsona se sebetsanang le maqephe a mararo ka nako e le ’ngoe, ho ne ho tla hlokahala litlhaku tse ka bang 46 000. Ho bonolo hore re utloisise hore foromo ea Gutenberg e ne e le senotlolo sa ho hatisa ka litlhaku tse ka tlosoang sebakeng se seng ho ea ho se seng.

Batho ba ile ba hlolloa ha ba bapisa Libibele: Lentsoe ka leng le ne le le sebakeng se tšoanang. Hoo ho ne ho ke ke ha khoneha ka litokomane tse ngotsoeng ka letsoho. Günther S. Wegener o ngotse hore Bibele e nang le mela e 42 “e ne e tšoana ’me e lekana, e momahane ebile e le ntle, hoo bahatisi ho theosa le lilemo ba ’nileng ba hlolloa ke mosebetsi ona o tsoileng matsoho.”

Tšenyehelo ea Lichelete

Leha ho le joalo, Fust o ne a se na thahasello e kaalo ea ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho haese feela ho iketsetsa chelete. Chelete eo a e entseng letsete e ile ea lieha ho khutla ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng. Basebetsi-’moho bana ba ile ba arohana, ’me ka 1455—hang feela ha Libibele li phethoa—Fust o ile a khaotsa likalimo. Gutenberg o ile a hlōleha ho khutlisa chelete ’me a hlōloa ke nyeoe e ileng ea latela. O ile a qobelleha hore a nehe Fust thepa e ’ngoe ea hae ea khatiso le litlhaku tsa Libibele. Fust o ile a ipulela sebaka sa hae sa khatiso hammoho le mohiruoa oa setsebi oa Gutenberg, Peter Schöffer. Khoebo ea bona, e bitsoang Fust and Schöffer, e ile ea iketsetsa lebitso le letle leo Gutenberg a neng a ikahetse lona ’me ea fetoha sebaka sa pele sa khatiso lefatšeng se atlehileng khoebong.

Gutenberg o ile a leka ho ntšetsa mosebetsi oa hae pele ka ho haha sebaka se seng sa khatiso. Litsebi tse ling li re ke eena ea ngotseng boitsebiso bo bong bo hatisitsoeng ba morao koo lekholong la bo15 la lilemo. Empa ha ho letho le ileng la finyella botle le bokhabane ba Bibele eo ea mela e 42. Ka 1462 o ile a hlaheloa ke bomalimabe bo bong hape. Ka lebaka la qhoebeshano har’a ba boholong K’hatholike, Mainz e ile ea chesoa ’me ha ikhapeloa thepa ka mahahapa. Gutenberg o ile a lahleheloa ke sebaka seo a sebeletsang ho sona ka lekhetlo la bobeli. O ile a shoa lilemo tse tšeletseng hamorao, ka February 1468.

Lefa la Gutenberg

Tšibollo ea Gutenberg e ile ea pharalla ka potlako. Ka selemo sa 1500, ho ne ho e-na le mechine ea khatiso metseng e 60 ea Jeremane le linaheng tse ling tse 12 tsa Europe. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ho qaptjoa ha mokhoa oa ho hatisa ho ile ha tlisa phetoho e khōlō mecheng ea puisano. Lilemong tse latelang tse 500 ho ile ha etsoa lintlafatso tse ngata ho etsoeng le ho sebelisoeng ha mechine e hatisang, empa tšebetso ea motheo e ile ea lula e ntse e tšoana.”

Mosebetsi oa khatiso o ile oa fetola bophelo ba batho Europe, kaha tsebo e ne e se e se lefa la batho ba khethehileng feela. Litaba le boitsebiso li ile tsa qala ho fihla ho batho ba tloaelehileng, ba ileng ba elelloa haholoanyane lintho tse ba potolohileng tse etsahalang. Mosebetsi oa khatiso o ile oa etsa hore ho hlokahale hore puo ea sechaba se seng le se seng e be le sebōpeho se sa fetoheng seo e ngoloang ka sona seo motho e mong le e mong a ka se utloisisang. Kahoo, lipuo tsa Sefora, Sejeremane le Senyesemane li ile tsa nka sebōpeho se sa fetoheng ’me tsa bolokoa. Tlhoko ea boitsebiso bo baloang e ile ea eketseha ka matla. Pele ho Gutenberg ho ne ho e-na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse likete li seng kae Europe; lilemo tse 50 ka mor’a hore a shoe, ho ne ho e-na le libuka tse limilione.

Phetoho e Khōlō ea lekholong la bo16 la lilemo e ka be e sa ka ea atleha hakaalo ha e ne e se ka lebaka la mokhoa oa ho hatisa ka mechine. Bibele e ile ea fetoleloa ka Seczech, Sedache, Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepolishe, Seslavone le Setaliana, ’me mechine e hatisang e ile ea nolofatsa mosebetsi oa ho hatisa likopi tse mashome a likete. Martin Luther o ile a sebelisa hamolemo mechine e hatisang bakeng sa ho phatlalatsa molaetsa oa hae. O ile a atleha mosebetsing oa hae, moo ba bang ba phetseng pele ho hlaha mochine oa khatiso oa Gutenberg, ba neng ba hlōlehile. Hase feela Luther a ileng a hlalosa mochine o hatisang e le tsela ea Molimo “ea ho phatlalatsa bolumeli ba ’nete ho pholletsa le lefatše”!

Likopi Tse Ntseng li le Teng tsa Bibele ea Gutenberg

Ke Libibele tse kae tsa Gutenberg tse ntseng li le teng? Ho fihlela haufinyane tjena ho ne ho lumeloa hore lenane la tsona ke 48—tse ling tsa tsona e le tse sa fellang—tse hasa-hasaneng Europe le Amerika Leboea. E ’ngoe ea likopi tse ntle ka ho fetisisa ke Bibele ea letlalo e Library of Congress e Washington, D.C. Eaba ka 1996 ho sibolloa ntho e hlollang: Karolo e ’ngoe ea Bibele ea Gutenberg e ile ea sibolloa polokelong ea lintho tsa khale ea kereke Rendsburg, Jeremane.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 22, 1998, leqepheng la 29.

Re lokela ho ba motlōtlō hakaakang hore ebe hona joale Bibele e ka khona ho fumanoa ke motho leha e le ofe! Ka ho hlakileng, hoo ha ho bolele hore re tla ea ho reka Bibele ea Gutenberg ea mela e 42! E le ’ngoe e bitsa bokae? Gutenberg Museum e Mainz e ile ea fumana kopi e ’ngoe ka 1978 ka li-deutsche mark tse limilione li 3,7 (e leng liranta tse limillione tse 12 ka litekanyo tsa kajeno). Hona joale Bibele ena e ka bitsa chelete e fetang eo ka makhetlo a imenneng hangata.

Ke eng se etsang hore Bibele ea Gutenberg e be e ikhethang? Moprofesa Helmut Presser, eo e neng e le motsamaisi oa Gutenberg Museum, o fana ka mabaka a mararo. La pele, Bibele ea Gutenberg ke eona buka ea pele e ileng ea hatisoa Linaheng tsa Bophirimela ka litlhaku tse ka tlosoang sebakeng se seng ho ea ho se seng. La bobeli, ke Bibele ea pele e kileng ea hatisoa. La boraro, e ntle ka ho hlollang. Moprofesa Presser o ngotse hore Bibeleng ea Gutenberg, re bona “mongolo oa Magoth o le sehlohlolong.”

Batho ba litso tsohle ba tlameha ho leboha bohlale ba Gutenberg. O ile a kopanya liforomo, motsoako oa litšepe, enke le mochine oa khatiso. O ile a etsa hore khatiso e etsoe ka mechine ’me a ruisa lefatše.

[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

1. Setempe sa tšepe se ne se sebelisoa bakeng sa ho tempella kopi ea tlhaku foreiming ea koporo

2. Motsoako oa litšepe tse qhibilihisitsoeng o ne o tšeloa ka foromong. Hang ha motsoako ona o tiile, mongolo o ntšitsoeng e ne e e-ba kopi e shebileng hosele ea tlhaku eo

3. Litlhaku tsa khatiso li ne li behoa tereing ea litlhaku bakeng sa ho ngola mantsoe, ho bōpa mantsoe hore e be mola oa taba e ngotsoeng

4. Mela e ne e hlophisoa hore e be likarolo tse fapaneng tabeng e hlophisitsoeng

5. Leqephe la taba e ngotsoeng le ne le behoa karolong e bataletseng ea mochine oa khatiso

6. Setšoantšo sa Gutenberg se fatiloeng holim’a lematjana la koporo, sa hoo e ka bang ka 1584

7. Kajeno, kopi e le ’ngoe ea Bibele ea Gutenberg e bitsa limilione tsa liranta

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictures 1-4, 6, and 7: Gutenberg-Museum Mainz; picture 5: Courtesy American Bible Society

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

Background: By Permission of the British Library/Gutenberg Bible

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela