Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 leq. 21
  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba “Bacha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba “Bacha”
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phela Hammoho ka Lerato
    Tsoha!—1995
  • A Mang a Mathata ke Afe?
    Tsoha!—1995
  • Nka Atamela Haufi-ufi le Nkhono le Ntate-moholo Joang?
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 leq. 21

Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba “Bacha”

“Lea amoheloa ha Nkhono le Ntate-moholo—Bana Baa Tefisoa ha le Ntse le Letile.” Ao ke mantsoe a ngotsoeng monyakong oa ntlo ea Gene le Jane.

EMPA ha u kena ka hare ha u na ho fumana banyalani ba tsofetseng ba lutseng lisofeng. Ho e-na le hoo, u tla fumana banyalani ba bacha, ba mahlahahlaha ba lilemong tsa bo-40. Ho e-na le hore Gene le Jane ba qobe boikarabelo ba ho ba ‘batho ba baholo sechabeng,’ ka cheseho ba amohetse ho ba nkhono le ntate-moholo. Gene o re: “Ke ’nete hore ke e ’ngoe ea lipontšo tse nyenyane bophelong tse bontšang hore ua tsofala, empa ho ba le litloholo—ke o mong oa meputso, moputso oa ho hōlisa bana ba hao.”

Maele a boholo-holo a re: “Litloholo ke moqhaka oa maqheku.” (Liproverbia 17:6) Hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba thabela kamano e ikhethang haholo ea lerato le katamelano le litloholo. ’Me ho latela koranta e bitsoang Generations, “batho ba se nang palo Amerika ke bo-nkhono le bo-ntate-moholo.” Hobane’ng? Koranta eo ea hlalosa: “Ho eketseha ha lilemo tseo batho ba li phelang le mekhoa e mecha ea bophelo ba lelapa. Ho fetoha ha manane a ba shoang le a bana ba tsoaloang ho bolela hore batho ba baholo ba ka etsang karolo ea boraro ho tse ’nè ba tla phela ho ba bo-nkhono le bo-ntate-moholo . . . Hangata batho ba lilemong tse mahareng e ba bo-nkhono le bo-ntate-moholo ha ba le lilemo tse ka bang 45.”

Ho hlahile moloko o mocha oa bo-nkhono le bo-ntate-moholo linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ba bangata ba bona ba iphumana ba kenelletse ka matla tlhokomelong ea litloholo tsa bona. Ka mohlala, mora oa Gene le Jane le eo e kileng ea e-ba ngoetsi ea bona ba hlalane ’me bobeli ba bona ba na le tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana. Jane oa hlalosa: “Re leka ho thusa ka tlhokomelo ea setloholo sa rōna ha mor’a rōna a ile mosebetsing.” Ho ea ka phuputso e ’ngoe, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hlokomelang litloholo tsa bona ba qeta lihora tse ka bang 14 ka beke ba li hlokometse, United States. Sena se tšoana le ho etsa mosebetsi o lefang lidolara tse limilione tse likete tse 29 (liranta tse limilione tse likete tse 163) ka selemo!

Kajeno bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba latsoa thabo efe? Ba thulana le liphephetso life? Lihlooho tse latelang li tšohla lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela