Chelete e Ikhethang ea Afrika Bophirimela
Ka mongolli oa Tsoha! Sierra Leone
NA U kile ua bona chelete e tjee? Ke chelete ea batho ba Kissi. Tse ling tsa lichelete tsena tsa tšepe li behiloe Musiamong oa Sechaba oa Sierra Leone, Freetown. Karete ea boitsebiso e re: “Chelete ea mofuta ona o sa tloaelehang ke ea setso sa Sierra Leone le Liberia. E ne e sebelisoa liprofinseng morao ka 1945. Kaha e ne e tšoantšetsa hlooho (ka qetello e chitja) le leoto (ka lintlha tse motsu) ho ’nile ha boleloa hore ke chelete e nang le moea. Ha ho shoele morena, ho ne ho rojoa tse ngata ’me li akheloa ka lebitleng la hae. Tlaleho ea ho qetela e bontšitsoeng ea phapanyetsano ea chelete eo e bile ea hore Likissi tse 50 li lekana le sheleng ea Afrika Bophirimela.”
Ho ea ka buka ea Basil Davidson e bitsoang The African Slave Trade, khale-khale makhoba a ne a rekoa ka “tšepe ea bolelele bo itseng.” Na tšepe eo e ne e le chelete ea Kissi? Litsebi tse ling li lumela hore e ne e le eona. Tse ling lia hanyetsa. Empa, le haeba lichelete tsena tsa tšepe mohlomong li sa ka tsa sebelisetsoa ho reka makhoba, li ile tsa sebelisetsoa ho reka basali.
Joalokaha ho bontšitsoe ka holimo, ka linako tse ling lichelete tsena tsa tšepe li ne li sebelisoa ka tsela ea bolumeli, haholo-holo mabapi le tumelo eo e seng ea Mangolo ea ho se shoe ha moea. Ha motho a ne a e-shoa, ho ne ho nkoa hore ke ntho e loketseng hore a patoe motseng oa habo. Ke ’nete hore haeba motho a ne a shoela sebakeng se hōle, e ne e se kamehla ho bang bonolo hore setopo sa hae se isoe hae. Tharollo e ne e e-ba hore ho felehetsoe moea ho sebelisoa chelete ea Kissi.
Mong ka mofu o ne a e-ea motseng oo mofu a shoetseng ho oona ’me a batle chelete e tsoang ho ngaka ea litaola, eo ka ho upella, ho neng ho lumeloa hore e tlamella moea oa motho ea shoeleng cheleteng. Joale, e ne e-ba boikarabelo ba mong ka mofu hore a ise moea (chelete) hae ’me a o pate lebitleng la baholo-holo.
Mong ka mofu o ne a phuthela chelete eo ka lesela le hloekileng ’me a qale leeto la hae, leo a neng a lokela ho le phetha a khutsitse. Ho ne ho lumeloa hore haeba a bua le motho e mong tseleng, moea o ne o tla tsoa cheleteng ’me o khutlele motseng oo mong’a oona a shoetseng ho oona. Joale, mong ka mofu o ne a tlameha ho khutlela motseng ho ea o lata hape—ntle ho pelaelo o ne a tla lokela ho lefa ngaka ea litaola hape!
Haeba a tlameha ho bua nakong ea leeto, mong ka mofu o ne a ka bua feela haeba ka hloko a beha chelete eo fatše pele a bua, empa le teng a sa e behe mobung. Hang ha chelete e nkuoa hape, molao oa ho khutsa o boela o kena tšebetsong.
Kaha chelete ea Kissi e bolelele ba lisenthimithara tse 33 ho ea ho tse 36 ho ne ho le thata hore e ka fella ka pokothong kapa ka mokotlaneng oa chelete. Leha ho le joalo, moetso oo o ne o loketse mehleng eo, kaha ho ne ho nolofalletsa motho hore a tlame chelete eo mangata ebe o e roala hloohong. Barui ba ne ba atisa ho beha chelete ena marulelong. Ha boemo ba leholimo e ne e le bo loketseng, chelete e ne e-ba mongobo ’me ebe ho ba le rothe ka tlung. “Rothe” e bang teng e ne e e-ba pontšo e ntle ea borui ba motho eo u mo etetseng.