Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 maq. 4-8
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Malala-a-laotsoe
  • Na Libetsa Tse Ncha li Haufi le ho Etsoa?
  • Mebuso e Mecha Tšebelisong ea Nyutlelie
  • Ho Mokoloa ha Libetsa Tsa Nyutlelie le Bokhukhuni
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Tšokelo ea Nyutlelie e Tla ke e Fele?
    Tsoha!—1999
  • Qaka ea Nuclear
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 maq. 4-8

Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela

“Hona joale ho eketseha ha libetsa tse matlahali ke qaka e khōlō ka ho fetisisa e tobaneng le lefatše lena.”—CRITICAL MASS, EA WILLIAM E. BURROWS LE ROBERT WINDREM.

MESONG ea la 25 January, 1995, ka tšohanyetso ho ile ha hlaha letšoao le tšosang mechineng e fanang ka temoso ea lintho tse etsahalang karolong ea Russia e ka leboea. Ho ne ho tsoibitsoe rokete kae-kae haufi le lebōpo la leoatle, Norway! Batsamaisi ba mochine o fanang ka temoso ba ile ba hlokomelisa ba Moscow hore bomo ea nyutlelie e ka ’na ea oela moo. Ka mor’a metsotso e se mekae feela, mopresidente oa Russia o ile a fuoa sutuk’heise e tšetseng thepa ea elektronike e neng e tla mo lumella ho fana ka taelo ea ho iphetetsa ka tlhaselo e ripitlang ea nyutlelie. Ntoa ea nyutlelie e mahlo-mafubelu e ne e bonahala e le mothating oa ho qhoma.

Ka lehlohonolo, ba likelello li pholileng ba ile ba hlokomela hore tsela eo rokete eo e neng e tsamaea ka eona e ne e se na tšokelo ho Russia. Hamorao ho ile ha fumanoa hore rokete eo e ne e tšetse thepa e fuputsang boemo ba leholimo. Leha ho le joalo, sehlooho se seng se hlahileng ho The Washington Post se ile sa re: “Mohlomong ena e bile e ’ngoe ea linako tse kotsi ka ho fetisisa mehleng ea nyutlelie. E bontša kamoo thepa e tsoibilang libetsa tsa nyutlelie ea nakong ea Ntoa ea Mantsoe e ntseng e chehiloe kateng le kamoo ka phoso e ka lebisang koluoeng kateng, le hoja ho qhoebeshana ha mebuso e meholo ho khaolitse.”

Ke Malala-a-laotsoe

Ka lilemo tse mashome-shome boemo ba libetsa tsa nyutlelie moo e neng e le Soviet Union le United States bo ne bo thehiloe khopolong ea ho thibela ntoa e tsejoang ka hore ke ho timetsana ho tiisitsoeng (mutual assured destruction [MAD]). Tšiea e ’ngoe ea MAD e ne e le leano la hore ho fanoe ka temoso ha ho tsoibiloa libetsa. Leano lena le ne le tiisetsa lehlakore ka leng hore haeba le hlasela, la lireng le lona le tla tsoibila libetsa tsa lona tse matla ho iphetetsa le pele metsu ea limisaele tse hlaselang e ka otla moo e korotsoeng teng. Tšiea ea bobeli ea MAD e ne e le leano la ho tsoibila libetsa nakong ea tlhaselo. Lona le ne le bolela hore ho ka etsoa litlhaselo tsa sesole ho iphetetsa esita leha metsu ea limisaele tsa sera e se e sentse.

Ho sa tsotellehe ho emisa ha Ntoa ea Mantsoe, tšoso ea MAD e ntse e sokela moloko oa batho. E, pokello ea libetsa tsa nyutlelie United States le Russia e fokolitsoe haholo—ba bang ba bolela hore ka hoo e ka bang halofo—empa ho ntse ho e-na le metsu ea limisaele tsa nyutlelie e likete. Ka hona, ho na le monyetla oa hore libetsa tsena li ka tsoibiloa ka phoso kapa kantle ho tumello. ’Me kaha linaha tseo ka bobeli li ntse li tšohile hore e ’ngoe e ka ’na ea hlasela pele, le hoja ho bonahala eka ho ke ke ha etsahala, limisaele tse ngata li bolokiloe e le malala-a-laotsoe.

Ke ’nete hore ka 1994 United States le Russia li ile tsa lumellana ho khaotsa ho korolana ka limisaele tsa ntoa. Scientific American e bolela hore “le hoja phetoho ena e le pontšo e amohelehang, hase ea bohlokoa bo bokaalo litabeng tsa sesole. Balaoli ba limisaele ba ka boela ba kenya boitsebiso lik’homphieutheng tse ka li lebisang moo ba batlang hore li lebe teng ka metsotsoana feela.”

Na Libetsa Tse Ncha li Haufi le ho Etsoa?

Ntlha e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke ea hore liphuputso le lintlafatso tsa libetsa tsa nyutlelie li ntse li tsoela pele. Ka mohlala, United States e behella ka thōko hoo e ka bang lidolara tse limilione tse likete tse 4,5 (liranta tse limilione tse likete tse 27,3) ka selemo! Ka 1997, The Toronto Star e ile ea tlaleha: “Ho makatsang ke hore hona joale United States e sebelisa chelete e ngata ho feta eo e e sebelisitseng nakong ea ntoa ea mantsoe bakeng sa ho sireletsa mokhatlo oa eona oa ntoa ea nyutlelie. ’Me karolo e ’ngoe ea chelete eo e beheletsoe ka thōko bakeng sa merero e sa hlakang eo bahlahlobisisi ba bang ba bolelang hore e ka ’na eaba ke ea ho hlahisa tlhōlisano e ncha ea libetsa.”

Ka mohlala, ho ile ha phahama khang e khōlō ka morero oa ’muso oa United States o jang lidolara tse libilione-bilione oo ho thoeng ke Lenaneo la Botsamaisi le Taolo ea Pokello. Le hoja, phatlalatsa ho boleloa hore morero oa lenaneo lena ke ho hlokomela libetsa tse teng tsa nyutlelie, bahlahlobisisi ba bolela hore le boetse le sebeletsa morero o kotsi le ho feta. The Bulletin of the Atomic Scientists ea tlaleha: “Ho reriloe ho fetola, ho ntlafatsa, ho nchafatsa le ho nkela tse ling sebaka—eseng feela ho lelefatsa tšebetso ea libetsa tse bokeletsoeng tsa nyutlelie . . . empa esita le ho e ‘ntlafatsa.’”

Ka 1997 ho ile ha tsoha moferefere ha ho ne ho ntlafatsoa bomo ea nyutlelie e bitsoang B-61, e ka khonang ho phunya lefatše pele e phatloha. Ka hona, e ka senya libaka tsa tsamaiso tse ka tlas’a lefatše, lifektheri le lilaboratori. Le hoja babuelli ba eona ba bolela hore e mpa e le ho hlophisoa bocha feela ha bomo e ’ngoe ea khale, bahanyetsi ba bolela hore e hlile ke bomo e ncha—e leng ho rojoa ho totobetseng ha litšepiso tsa ’muso oa United States tsa hore ha o na ho hlahisa libetsa tse ncha tsa nyutlelie.

Leha ho le joalo, Ted Taylor, e leng setsebi sa metsoako ea nyutlelie Univesithing ea Princeton, o hlokometse: “Ke lumela hore phuputso e tsoelang pele hona joale (United States) e boetse e tsoela pele le Russia, Fora, Jeremane le libakeng tse ling, ’me ke lumela hore e meng ea merero ea rōna e lebisa lefatše tlhōlisanong e ncha ea libetsa.” Bahlahlobisisi ba boetse ba bolela hore ho fuputsoa, ho ntlafatsoa le ho qaptjoa ha libetsa tse ncha ho khothalletsoa haholo ke baqapi ba libetsa ka bobona. Ho theoloa seriti, ho lahleheloa ke botumo le ho ba le mathata a lichelete e ka ’na eaba ke hona ho susumetsang bo-rasaense bana hore ba phehelle tsosoloso ea phuputso ea libetsa.

Mebuso e Mecha Tšebelisong ea Nyutlelie

Ho na le liphetoho tatellanong ea mebuso ea lefatše ea lipolotiki. Ka tloaelo e ne e le linaha tse hlano feela tse neng li e-na le libetsa tsa nyutlelie: Brithani, Chaena, Fora, Russia le United States. Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore linaha tse ling le tsona li se li e-na le libetsa tsa nyutlelie. Ka mohlala, India le Pakistan li sa tsoa etsa liteko tsa nyutlelie tse bakileng tšabo ea ho ba teng ha tlhōlisano ea libetsa e matla Asia e Boroa-bochabela. Linaha tse ling tseo ho belaelloang hore li na le mananeo a nyutlelie li akarelletsa Algeria, Iran, Iraq le Korea Leboea. Linaha tse fetang 180 li ile tsa tekenela Selekane sa ho Thibela Keketseho ea Libetsa tsa Nyutlelie, se qalileng ho sebetsa ka 1970. Empa le kajeno, linaha tse ’maloa tseo ba bangata ba belaellang hore li patile lipakane tsa tsona tsa ho ba le libetsa tsa nyutlelie ha li e-s’o se tekenele.

Asiaweek ea tlaleha: “Litsebi tse behileng keketseho ea libetsa tsa nyutlelie leihlo li ntse li lumela hore tšokelo ea sebele e hlaha linaheng tse eketsehang tseo baeta-pele ba tsona ba lakatsang ho ba le libetsa tsa nyutlelie.” Bashebelli ba bang ba nahana hore Selekane sa ho Thibela Keketseho ea Libetsa tsa Nyutlelie se ke ke sa khona ho thibela mebuso e ikemiselitseng ho fumana theknoloji le thepa eo li e hlokang hore e be le libetsa tsa nyutlelie ka sekhukhu, ho sa tsotellehe likotlo tse fanoang. James Clapper, motsamaisi oa Defense Intelligence Agency, United States, o ile a bolela esale pele: “Mathoasong a lekholo le latelang la lilemo re ka ’na ra bona linaha tse ’maloa li e-ba le bokhoni ba ho kopanya motsu oa misaele [oa k’hemik’hale, oa metsoako e chefo, kapa oa nyutlelie] le misaele eo li iketselitseng eona.”

Ha ho bonahale eka linaha tsohle li tla sekisetsa ha li utloa khatello ea hore li thibele ho etsoa ha liteko tsa nyutlelie. Ha linaha tse ’maloa li ne li khothalletsoa ho tekenela Selekane sa ho Thibela ho Qhomisoa ha Mefuta Eohle ea Libetsa ka 1996, bohlophisi ba Asiaweek bo ile ba re: “Ho bonolo ho batho ba Amerika le Europe ho hasa evangeli ea ho thibela ho etsa liteko, kaha bona ba se ba qhomisitse libetsa tsa nyutlelie tse ngata ka ho lekaneng e leng ho ba lumellang hore ba emise ho etsa liteko kaha ba se ba e-na le boitsebiso boo ba bo bokeletseng.”

Ho Mokoloa ha Libetsa Tsa Nyutlelie le Bokhukhuni

Ba bang ba nahana hore tšokelo e khōlō ka ho fetisisa ke ea hore mokhatlo o itseng oa bokhukhuni o ka ’na oa fumana libetsa tsa nyutlelie ’me oa etsa qeto ea ho li qhomisa—kapa bonyane oa sokela ho li qhomisa—e le leqheka la ho susutlella hore maikutlo a oona a lipolotiki a hlokomeloe. Ho boetse ho na le tšabo ea hore mokhatlo o itseng oa tlōlo ea molao ka ho tšoanang o ka ’na oa sebelisa metsoako e kotsi ho qhekella ’muso kapa mokhatlo oa khoebo ka tekanyo e khōlō. Sehlooho se seng ho Scientific American sea hlalosa: “Ho ka ba bonolo haholo hore moqhekelli ea sebelisang tšokelo ea nyutlelie a etse hore tlaleho ea hae e be e kholisang ka ho siea mohlala o ka hlahlojoang. Litšokelo tse latelang tsa ho silafatsa moea kapa mehloli ea metsi, kapa esita le ho qhomisa libetsa tse nyenyane tsa nyutlelie, li ka ba le phello e khōlō.” Mekhatlo ea phethahatso ea molao e se e kile ea fumana boiteko ba ho mokoloa ha thepa e etsang libetsa tsa nyutlelie. Sena se eketsa tšabo ea hore e ka ’na eaba mekhatlo ea baqhekelli e hlile e leka ho etsa libetsa tsa nyutlelie.

Ke ’nete hore bahlahlobi ba bang ba qhelela ka thōko ho mokoloa ha libetsa tsa nyutlelie ka ho re ke tšokelo e sa reng letho. Ba bolela hore, kamoo ho bonahalang kateng, hase feela hore ho fapanyetsanoe metsoako e fokolang, empa ntle le mekhelo e seng mekae, boholo ba eona e hōle haholo le ho ba boemong ba ho etsa libetsa. Leha ho le joalo, Scientific American e hopotsa babali hore “hoo e ka bang litšebelisanong tsohle tsa khoebo ea mokunyata, ho bonahala karolo e nyenyane feela ea bothata ’me ha ho lebaka le etsang hore khoebo ea mokunyata ea metsoako e etsang libetsa tsa nyutlelie e be mokhelo. . . . Ho lumela hore ba boholong ba thibela ho fetang karolo ea 80 lekholong ea khoebo eo e ne e tla ba booatla. Ho feta moo, esita le karolo e seng kae ea eona e phonyohang e ka ba le phello e khōlō.”

Le hoja tekanyo e nepahetseng e le pinyane, ho hakanngoa hore bomo ea nyutlelie e hloka uranium e ntlafalitsoeng e pakeng tsa lik’hilograma tse 3 le tse 25 kapa plutonium e boemong ba ho etsa libetsa e pakeng tsa k’hilograma e le 1 le tse 8. Ho thabisang limokolara ke hore lik’hilograma tse 7 tsa plutonium li ka ’na tsa fella ka lekotikoting le tloaelehileng la seno-mapholi. Ba bang ba nahana hore esita le plutonium e ka etsang hore seqhomane se phatlohe—e batlang e fumaneha habonolo ho feta e boemong ba ho etsa libetsa—e ka sebelisetsoa ho etsa bomo ea nyutlelie e sa etsoang ka botsebi, empa e ntse e le e ka ripitlang. Haeba pokello ea metsoako e kotsi ha ea sireletsoa ka ho loketseng, joalokaha litsebi tse ngata li bolela, e ka ’na ea utsuoa habobebe ho feta kamoo batho ba bangata ba nahanang kateng. Mikhail Kulik, eo e leng ofisiri ’musong oa Russia, o ile a re ka ho phoqa: “Esita le litapole li batla li sirelelitsoe hamolemonyana kajeno ho feta metsoako e kotsi.”

Ka ho hlakileng, kotsi ea libetsa tsa nyutlelie, e tšoana le sabole e leketlileng holim’a moloko oa batho e tšoeroeng ke tepo feela. Na ho na le tšepo ea hore e tla ke e fele?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Litsebi tse behileng keketseho ea libetsa tsa nyutlelie leihlo li lumela hore tšokelo ea sebele e hlaha linaheng tse eketsehang tseo baeta-pele ba tsona ba lakatsang ho ba le libetsa tsa nyutlelie.”—Asiaweek

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Litšokelo Tsa Metsoako e Chefo le Lik’hemik’hale

Linaha tse leqhoko empa li se na matla a ho etsa libetsa tsa nyutlelie li ka ’na tsa retelehela ho sebeliseng limisaele tsa boleng bo mahareng tse hlahletsoeng khase kapa metsoako e chefo. Tsena li ’nile tsa bitsoa libetsa tsa nyutlelie tsa linaha tse futsanehileng. Ha e le hantle, bahlahlobi ba bangata ba tšoha hore mekhatlo ea bokhukhuni le eona e ka ’na ea khetha ho sebelisa libetsa tse joalo.

Leha ho le joalo, libetsa tse entsoeng ka metsoako e chefo le lik’hemik’hale li ntse li ka baka tšenyo leha li ntse li sa tsoibiloa ka mechine ea theknoloji e phahameng. Ka November 1997, Mongoli oa Tšireletso oa United States, William Cohen, o ile a re: “Ka lebaka la theknoloji e tsoetseng pele le lefatše le lenyenyane le nang le meeli e kenehang habonolo, bokhoni ba ho jala lebuba la boloetse, lefu le tšenyo kajeno bo fihlile tekanyong e khōlō haholo. Ka botlolo ea lik’hemik’hale, libaktheria tse jalang lefu la seoa, kapa bomo ea nyutlelie e sa etsoang ka botsebi, lehlanya le le leng kapa mokha oa baitseki o ka sokela kapa hona ho bolaea batho ba likete ka ketso e le ’ngoe feela ea lonya.” Tšabo e joalo e ile ea ipaka e le e utloahalang ha likhukhuni tsa sehlotšoana sa bokhelohi li ne li sebelisa sarin, e leng motsoako o amang methapo ea boko, ho hlasela baeti tereneng e tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo ka March 1995. Batho ba 12 ba ile ba shoa, ’me ba 5 500 ba tsoa likotsi.

Moprofesa oa saense ea lipolotiki Leonard Cole o re: “Haeba tlhaselo ea lik’hemik’hale ea tšosa, sebetsa sa metsoako e chefo se tšosa le ho feta. Lik’hemik’hale ha li phele, empa libaktheria, livaerase le likokoana-hloko tse ling tse phelang e ka ba tse tšoaetsanoang le tse ikatisang. Ha li itsetsepela sebakeng se itseng, li ka ikatisa. Ho fapana le sebetsa leha e le sefe se seng, li ba kotsi le ho feta ha nako e ntse e feta.”

E le ho leka ho thibela keketseho ea libetsa tsa lik’hemik’hale le tsa metsoako e chefo, Selekane sa Libetsa tsa Metsoako e Chefo sa 1972 le Selekane sa Libetsa tsa Lik’hemik’hale sa 1993 li ile tsa qala ho sebetsa. Leha ho le joalo, The Economist e bolela hore ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle joalo, “ha ho na tsamaiso e phethahetseng ea ho laola libetsa. . . . E sitoa ho hlokomela tlōlo e ’ngoe le e ’ngoe.” Tlaleho eo ea hlalosa: “’Me ha e le hantle, baqhekelli ba sebele ba ka ’na ba se ke ba tekenela le sona selekane seo.”

[Litšoantšo]

Ba boholong ba hlokomelang hore molao oa bolokoa ba tšoha hore libetsa tsa lik’hemik’hale le tsa metsoako e chefo li ka ’na tsa sebelisoa ke likhukhuni habonolo

[’Mapa o leqepheng la 7]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Linaha tse khonang ho etsa libetsa tsa nyutlelie

BRITHANI

CHAENA

FORA

RUSSIA

UNITED STATES

Linaha tseo ho tsebahalang hore li ile tsa etsa liteko tsa nyutlelie

INDIA

ISERAELE

PAKISTAN

Linaha tseo ho lumeloang hore li ntse li fetoha tse nang le matla a ho hlahisa libetsa tsa nyutlelie

ALGERIA

IRAN

IRAQ

KOREA LEBOEA

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Ho lihuoa ha bomo ea nyutlelie ea B-61, e etselitsoeng ho senya libaka tse ka tlas’a lefatše

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Air Force Photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

U.S. Air Force Photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela