Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
“Ho fumana mohloli o ka tšeptjoang, o sireletsehileng le o lekaneng oa metsi a hloekileng ke ntho ea motheo e hlokahalang bakeng sa hore batho bohle ba atlehe bophelong, boiketlong le moruong. Leha ho le joalo, re tsoela pele ho etsa lintho joalokaha eka metsi a hloekileng a fumaneha ka bongata a sa khaotse. Empa ha ho tojoa ’nete, ha ho joalo.”—KOFI ANNAN, MONGOLI-KAKARETSO OA MACHABA A KOPANENG.
KA LILEMO tse sekete tse fetileng, har’a mpa ea motšehare ka Labone le leng le le leng ho lula lekhotla la toka le ikhethileng motseng oa batho ba buang Sepanishe oa Valencia. Mosebetsi oa lona ke ho rarolla liqabang tsa metsi.
Lihoai tsa sebaka se nonneng sa Valencia li itšetlehile ka ho nosetsa, ’me ho nosetsa hona ho hloka metsi a mangata—ao haesale karolong ena ea Spain a sa fumaneheng ka bongata. Lihoai li ka ipiletsa lekhotleng la toka la metsi neng kapa neng ha li nka hore ha li fumane metsi a lekaneng. Liqabang ka metsi li tloaelehile, empa ke seoelo li rarolloang ka toka joaloka Valencia.
Lilemo tse ka bang 4 000 tse fetileng, ho ile ha qhoma qabang e mabifi har’a balisana tabeng ea ho sebelisa seliba se neng se le haufi le Beerseba, Iseraele. (Genese 21:25) ’Me mathata a metsi Bochabela bo Hare esale a mpefala ho tloha ka nako eo. Bonyane ke baeta-pele ba babeli ba hlahelletseng ba itseng metsi ke ’ona a ka etsang hore ba phatlalatse ntoa khahlanong le Naha ea boahelani.
Linaheng tseo pula e fokolang ho tsona lefatšeng, kamehla metsi a ’nile a hlahisa maemo a tsitsipano. Lebaka le hlakile: Metsi ke a bohlokoa bophelong. Joalokaha Kofi Annan a bontšitse, “metsi a hloekileng ke a bohlokoa: re ke ke ra phela ntle le ’ona. A ke ke a nkeloa sebaka ka ho hong: ha ho na ntho e ka phethang mosebetsi oa ’ona. ’Me a hloka ho baballoa: mesebetsi ea batho e na le tšusumetso e khōlō tabeng ea ho fumaneha ha metsi a hloekileng hammoho le boleng ba ’ona.”
Kajeno, ho feta leha e le neng pele, bongata le boleng ba metsi a hloekileng a lefatše lena la rōna bo kotsing. Ha rea lokela ho thetsoa ke metsi a bonahalang a le mangata libakeng tse itseng tsa lefatše tse lehlohonolo.
Phepelo ea ’Ona e Thefulehang
Elizabeth Dowdeswell, Letsoho la Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o re: “Ntho e ’ngoe eo e leng bothata bo boholo ho batho ke hore re nka lintho e le tsa bohlokoa haeba li fumaneha ka thata. Re ananela bohlokoa ba metsi feela ha mehloli ea ’ona e e-cha. ’Me mehloli ea cha le libakeng tseo ka tloaelo li nang le metsi a mangata, eseng feela libakeng tse ratoang ke komello.”
Ba fumanang metsi ka thata letsatsi le leng le le leng ba utloisisa bothata bona hantle. Asokan ea sebetsang ofising Madras, India, o tlameha ho tsoha lihora tse peli pele mafube a hlaha hoseng ho hong le ho hong. A nkile linkho tse hlano, o ea pompong ea sechaba, eo a tsamaeang metsotso e mehlano ho fihla ho eona. Kaha metsi a fumaneha feela lipakeng tsa hora ea bone le hora ea botšelela hoseng, o tlameha ho ea fola moleng pele ho nako eo. Metsi ao a ka linkhong a tlameha ho qeta letsatsi lohle. Maindia a mang a habo a mangata—hammoho le batho ba bang ba limilione tse sekete lefatšeng—ha ba lehlohonolo joaloka eena. Ha ba na pompo, nōka kapa seliba haufi le mahae a bona.
Abdullah, moshanyana ea lulang sebakeng sa Sahel se Afrika, ke e mong oa bana. Letšoao la tsela le tsebahatsang motse o monyenyane oo a lulang ho oona le o hlalosa e le sebaka se setalana ke bongata ba metsi; empa ke khale metsi a chele sebakeng sena, ’me ha ho le sefate se le seng se emeng. Abdullah o na le mosebetsi oa ho latela lelapa metsi selibeng se bohōle bo ka holimo ho k’hilomithara e le ’ngoe.
Likarolong tse ling tsa lefatše, ho se ho ntse ho hlokahala metsi a mangata ho feta a fumanehang. Lebaka ke le utloahalang: Karolo e khōlō ea batho e lula libakeng tsa komello kapa tse batlileng li omella, moo e leng khale metsi a fumaneha ka thata. (Bona ’mapa leqepheng la 19.) Ho latela Mokhatlo oa Tikoloho oa Stockholm, karolo ea boraro ea baahi ba lefatše e se e ntse e phela libakeng tse fumanang metsi a lekanyelitsoeng kapa moo a haellang. ’Me tlhokahalo ea metsi e phahame ka lebelo le imenneng habeli ho feta la ho eketseha ha baahi.
Ka lehlakoreng le leng, phepelo ea metsi e eme nģa e le ’ngoe. Mehloli e meholo le lipolokelo tse ncha tsa metsi li ka ’na tsa fana ka thuso ea nakoana, empa bongata ba pula e nang lefatšeng le bongata ba metsi a bokelloang ka tlas’a lefatše ha bo fetohe. Ka hona, litsebi tsa saense ea maemo a leholimo li lekanya hore lilemong tse 25 tse tlang, bongata ba metsi a fumanehang bakeng sa motho ka mong lefatšeng a tla be a fokotsehile ka halofo.
Phello e Bang Teng Bophelong bo Botle ba ’Mele le Lijong
Ho haella ha metsi ho ama batho joang? Pele ho tsohle, ho ntša bophelo ba bona bo botle ba ’mele kotsi. Hase hore ba tla bolaoa ke lenyora; empa boleng bo bobe ba metsi a fumanehang bakeng sa ho pheha le ho nooa bo ka ’na ba ba kulisa. Elizabeth Dowdeswell o bontša hore “karolo e ka etsang 80 lekholong ea maloetse ’ohle le karolo e fetang ea boraro ea batho bohle ba shoang linaheng tse tsoelang pele li bakoa ke metsi a silafetseng.” Linaheng tse batlileng li omella tse tsoelang pele, hangata metsi a silafatsoa ke mantle a batho kapa a liphoofolo, chefo ea likokoanyana, manyolo kapa lik’hemik’hale tsa lifeme. Lelapa le futsanehileng le ka ’na la se ke la e-ba le boikhethelo haese ho sebelisa metsi a joalo a silafetseng.
Joalokaha ’mele ea rōna e hloka metsi hore e ntše litšila, ho hlokahala metsi a mangata bakeng sa tsamaiso e nepahetseng ea likhoerekhoere—metsi ao boholo ba batho ba se nang ’ona. Palo ea batho ba se nang tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere e ile ea phahama ho tloha ho ba limilione tse likete tse 2,6 ka 1990, ho ea ho ba limilione tse likete tse 2,9 ka 1997. Ena ke palo e batlang e etsa halofo ea baahi bohle lefatšeng. ’Me bohloeki tabeng ena ke ntho e amang bophelo le lefu. Polelong e kopanetsoeng, ba boholong mokhatlong oa Machaba a Kopaneng, Carol Bellamy le Nitin Desai, ba ile ba lemosa: “Ha bana ba haelloa ke metsi a loketseng a ho noa le bakeng sa bohloeki, hoo e batlang e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba bona le ho hōla ha bona ho ba kotsing.”
Tlhahiso ea lijo e itšetlehile ka metsi. Ho hlakile hore lijalo tse ngata li nosetsoa ke pula, empa mehleng ea kajeno ho nosetsa ho fetohile ho ka sehloohong bakeng sa ho fepa baahi ba lefatšeng ba eketsehang ka sekhahla. Kajeno, karolo ea 36 lekholong ea lijo tse kotuloang lefatšeng e itšetlehile ka ho nosetsoa. Empa kakaretso ea masimo a nosetsoang lefatšeng e ile ea eketseha haholo lilemong tse 20 tse fetileng, ’me ho tloha ka nako eo ho fihlela joale e ntse e fokotseha butle-butle.
Haeba pompo e ’ngoe le e ’ngoe e malapeng e ntša metsi ka bongata, ’me eba re na le ntloana e hloekileng e tsamaisang mantle ka metsi, ho ka ’na ha e-ba thata ho lumela hore lefatše le haelloa ke metsi a lekaneng ho fepela baahi. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ke karolo ea 20 lekholong feela ea batho e thabelang mabothobotho ao. Afrika, basali ba bangata ba qeta lihora tse ka bang tšelela ka letsatsi ba kha metsi—’me hangata a silafetse. Basali bana ba utloisisa hantle ’nete ena e bohloko: Metsi a hloekileng, a sireletsehileng a fumaneha ka thata, ’me maemo a ntse a thatafala le ho feta.
Na theknoloji e ka rarolla bothata boo? Na mehloli ea metsi e ka sebelisoa ka tsela e baballang haholoanyane? Hantle-ntle metsi a ile kae? Lihlooho tse latelang li tla fana ka likarabo tsa lipotso tsena.
[Lebokose/Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 20]
MOO METSI A HLOEKILENG A LENG HONA TENG
Hoo e ka bang karolo ea 97 lekholong ea metsi a lefatšeng e leoatleng ’me a letsoai haholo hore a ka sebelisoa bakeng sa ho nooa, ho nosetsa le ho hlahisa lintho.
Ke hoo e ka bang karolo ea 3 feela lekholong ea metsi a lefatše a hloekileng. Leha ho le joalo, boholo ba ’ona ha a fumanehe habonolo, joalokaha mohlala o latelang o bontša.
[Setšoantšo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leqhoa le sa qhibiliheng le lehloa 68,7%
Metsi a ka tlas’a lefatše 30,1%
Leqhoa le ka tlas’a lefatše 0,9%
Matša, linōka le mekhoabo 0,3%
[Lebokose le leqepheng la 21]
MATHATA A METSI
◼ HO SILAFALA Poland, ke karolo ea 5 lekholong feela ea metsi a nōka a ka nooang, ’me karolo ea 75 lekholong ea ’ona a silafetse hoo a sa lokelang le ho sebelisoa lifemeng.
◼ PHEPELO METSENG EA LITOROPO Mexico City, toropo ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, mehloli ea metsi e fepelang motse ona ka karolo ea 80 lekholong e fokotseha haholo. Ho pompa metsi ho feta mehloli ea tlhaho e kollang ea metsi ka karolo e fetang 50 lekholong. Beijing, motse-moholo oa Chaena, le oona o na le bothata bo tšoanang. Mehloli ea metsi a mpeng ea lefatše e theohetse fatše ka botebo bo fetang mithara ka selemo, ’me karolo ea boraro ea liliba tsa eona e chele.
◼ HO NOSETSA Mohloli o moholo oa metsi a ka tlas’a lefatše Ogallala, United States, o se o fokola hoo masimo a nosetsoang a ka leboea-bophirimela ho Texas a fokotsehileng ka karolo ea boraro ka lebaka la khaello ea metsi. Chaena le India, naha ea bobeli le ea boraro ho tse khōlō ka ho fetisisa tse hlahisang lijo, li tobane le mathata a tšoanang. Sebakeng se ka boroa ba India sa Tamil Nadu, ho nosetsa ho thefutse mohloli oa metsi hore o fokotsehe ka ho fetang limithara tse 23 ho ea tlaase lilemong tse leshome.
◼ LINŌKA TSE CHANG Nakong ea ha pula e sa ne, nōka e khōlō ea Ganges ha e finyelle leoatleng, kaha metsi ’ohle a eona a khelosoa le pele a fihla ho lona. Ho joalo le ka Nōka ea Colorado e Amerika Leboea.
[’Mapa o leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MOO METSI A FUMANEHANG KA THATA
Libaka tse haelloang ke metsi