Pono Ea Bibele
Na ho na le Molimo a le Mong Feela oa ’Nete?
MOLOKE, Ashtorethe, Baale, Dagone, Merodake, Zeuse, Hermese le Artemise ke e meng ea melimo le melimotsana e boletsoeng ka mabitso ka Bibeleng. (Levitike 18:21; Baahloli 2:13; 16:23; Jeremia 50:2; Liketso 14:12; 19:24) Leha ho le joalo, ke Jehova feela ea hlalositsoeng e le Molimo ea Matla ’Ohle ka Mangolong. Pineng ea tlhōlō, Moshe o ile a etella pele batho ba habo pineng e neng e re: “Ke mang har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?”—Exoda 15:11.
Ka ho hlakileng, Bibele e phahamisetsa Jehova ka holim’a melimo e meng eohle. Empa melimo ee e tlaasana e phetha karolo efe? Na eona hammoho le melimo e meng e se nang palo e ’nileng ea rapeloa ka lilemo, ehlile ke melimo ea sebele e tlaasana ho Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova?
Khopolo e Inahanetsoeng
Bibele e hlalosa Jehova e le Molimo a le mong feela oa ’nete. (Pesaleme ea 83:18; Johanne 17:3) Moprofeta Esaia o ile a tlaleha mantsoe a Molimo ka boeena ha a ne a re: “Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong. ’Na—ke ’na Jehova, ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na.”—Esaia 43:10, 11.
Hase taba ea hore melimo e meng kaofela e tlaasana ho Jehova. Maemong a mangata ha e eo—e mpa e le monahano o iqapetsoeng ke batho. Bibele e bua ka melimo ena e le “e entsoeng ka matsoho a motho . . . , e ke keng ea bona kapa ea utloa kapa ea ja kapa ea fofonela.” (Deuteronoma 4:28) Bibele e ruta ka ho hlaka hore Jehova ke Molimo a le mong feela oa ’nete.
Ha ho makatse ke hona hore ebe Mangolo a lemosa ka tieo khahlanong le ho rapela molimo leha e le ofe ka ntle ho Jehova. Ka mohlala, molao oa pele Melaong e Leshome eo a ileng a e fa Moshe, sechaba sa boholo-holo sa Iseraele se ile sa bolelloa hore se se ke sa rapela molimo o mong osele. (Exoda 20:3) Hobane’ng?
Ntho ea pele, ho hlompha ka tsela ea borapeli molimo o sa pheleng le ho phela ke thohako ho ’Mōpi. Barapeli ba melimo ena ea bohata ba hlalositsoe ka Bibeleng e le ba “ileng ba fapanyetsa ’nete ea Molimo ka leshano ’me ba hlompha pōpo ka borapeli ’me ba e etsetsa tšebeletso e halalelang ho e-na le ho e etsetsa Ea bōpileng.” (Baroma 1:25) Hangata melimo ena e inahanetsoeng e emeloa ke litšoantšo tse entsoeng ka lintho tse fumanehang, tse kang tšepe kapa lehong. Melingoana e mengata e amahanngoa le lintho tse itseng tsa tlhaho, tse kang sealuma, maoatle le moea. Ka sebele hoa hlaka hore ho hlompha melimo e joalo ea bohata ke ketso e mpe haholo ea ho hlompholla Molimo ea Matla ’Ohle.
’Mōpi o nyonya melimo ea bohata le litšoantšo tsa eona. Leha ho le joalo, mantsoe a Molimo a bontšang ho se khahlisoe ke seo a toba ka ho khetheha batho ba entseng melimo ena ea bohata. Maikutlo a hae a hlalosoa ka matla ke mantsoe ana: “Litšoantšo tse rapeloang tsa lichaba ke silevera le khauta, mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše. Li na le melomo, empa ha li bue letho; li na le mahlo, empa ha li bone letho; li na le litsebe, empa ha li utloe letho. Hape ha ho na moea melomong ea tsona. Ba li etsang ba tla ba feela joaloka tsona, e mong le e mong ea li tšepang.”—Pesaleme ea 135:15-18.
Ho na le lebaka le leng le etsang hore Bibele e lemose ka tieo khahlanong le ho rapela motho kapa ntho leha e le efe e ’ngoe ka ntle ho Jehova Molimo. Borapeli bo joalo ke tšenyo ea nako feela le ho bapala ka matla. Ka nepo moprofeta Esaia o ile a re: “Ke mang ea entseng molimo kapa ea foromileng setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa? Ha sea ba le molemo oa letho.” (Esaia 44:10) Bibele e boetse e re “melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela.” (Pesaleme ea 96:5) Melimo ea bohata ke ea lefeela ’me ho rapela lefeela ke tšenyo feela ea nako.
Jesu, Mangeloi le Diabolose
Ka linako tse ling Mangolo a bua ka batho ba itseng e le melimo. Leha ho le joalo, ho hlahloba ka hloko ho senola ka ho hlaka hore lentsoe “molimo” maemong ana ha lea rereloa ho beha batho bana boemong ba melingoana. Ho e-na le hoo, ka lipuo tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona tšimolohong, lentsoe “molimo” le ne le boetse le sebelisoa bakeng sa ho hlalosa motho ea matla kapa ea nang le bomolimo kapa ea amanang haufi-ufi le Molimo ea Matla ’Ohle.
Ka mohlala, litemana tse ling tsa Bibele li bua ka mokhoa o sa tobang ka Jesu Kreste e le molimo. (Esaia 9:6, 7; Johanne 1:1, 18) Na see se bolela hore Jesu o lokela ho rapeloa? Jesu ka boeena o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Luka 4:8) Ka ho hlakileng, le hoja Jesu a e-na le matla a maholo le botho bo kang ba Molimo, Bibele ha e mo hlahise e le motho ea lokeloang ho rapeloa.
Mangeloi le ’ona ho buuoa ka ’ona e le “ba kang melimo.” (Pesaleme ea 8:5; Baheberu 2:7) Leha ho le joalo, ha ho na moo Mangolo a khothalletsang hore batho ba rapele mangeloi. Ha e le hantle, boemong bo bong moapostola Johanne ea neng a se a hōlile o ile a tlala tšabo e nang le tlhompho ha a bona lengeloi hoo a ileng a khumama hore a le rapele. Empa lengeloi leo le ile la re: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! . . . Rapela Molimo.”—Tšenolo 19:10.
Moapostola Pauluse o ile a hlalosa Diabolose e le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) Kaha ke “’musi oa lefatše lena,” Diabolose o ’nile a khothalletsa hore ho rapeloe melimo e mangata-ngata ea bohata. (Johanne 12:31) Ka hona, borapeli bohle bo lebisoang melimong e entsoeng ke batho, ha e le hantle, ke ho rapela Satane. Empa Satane hase eena molimo eo re lokelang ho mo rapela. O ipehile setulong sa borena, o iphile sona a sa se fuoa. Qetellong o tla timetsoa, eena le mefuta eohle ea borapeli ba bohata. Ha seo se etsahala, batho bohle—e pōpo eohle—ba tla lumela ho ea ka ho sa feleng hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete le ea phelang.—Jeremia 10:10.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Bibele e ruta’ng ka borapeli ba litšoantšo?—Pesaleme ea 135:15-18.
◼ Na Jesu le mangeloi ba lokela ho rapeloa joaloka melimo?—Luka 4:8.
◼ Molimo a le mong feela oa ’nete ke mang?—Johanne 17:3.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Litšoantšo ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: Maria, Italy; Molimo oa Mamaya oa poone, Mexico le Amerika Bohareng; Ashtorethe, Kanana; setšoantšo sa thatho, Sierra Leone; Buddha, Japane; Chicomecóatl, Aztec, Mexico; Horus Egepeta; Zeuse, Greece
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Maize god, Horus falcon, and Zeus: Photograph taken by courtesy of the British Museum