Matla a Hao a ho Latsoa
Na a Entsoe?
◼ Hang ha u loma sejo se itseng seo u se ratang, u utloa tatso ea sona. Empa hantle-ntle ntho ee e hlollang e etsahala joang?
Ak’u nahane: Ho na le lihlopha tsa lisele tsa tatso lelemeng la hao hammoho le likarolong tse ling ka hanong le ’metsong. Boholo ba tsona li karolong e ka holimo ea leleme. Sele ka ’ngoe e na le lisele tse ling tse makholo tse ka khethollang hore na sejo se oela mofuteng ofe oa tatso—ebang se bolila, se letsoai, se tsoekere kapa sea baba.a Sejo se tšetsoeng linōko se oela sehlopheng se fapaneng ka ho feletseng. Linōko ha li tsose lisele tsa tatso, ho e-na le hoo, li tsosa lisele tse sebetsang ha motho a utloa bohloko! Ha e le hantle, lisele tsa tatso li hokahane le methapo ea kutlo, eo e reng ha e tsosoa ke lik’hemik’hale tse lijong, e romelang molaetsa ka potlako karolong e tlaase ea boko.
Leha ho le joalo, tatso ha e ame lehano feela. Lisele tse limilione li hlano tse fofonelang monko tse ka nkong—tse etsang hore u khone ho khetholla menko e ikhethang e ka bang 10 000—li phetha karolo ea bohlokoa tatsong ea lijo. Ho ’nile ha hakanngoa hore karolo e ka etsang 75 lekholong ea seo re reng ke tatso, ha e le hantle ke monko oo re o utloang.
Bo-rasaense ba qapile mochine o fofonelang monko. Leha ho le joalo, John Kauer eo e leng ngaka e sebetsanang le methapo ea kutlo, ea qotsitsoeng ho Research/Penn State, o re: “Mochine leha e le ofe o entsoeng o tla lula o haelloa ha o bapisoa le tsela e hlollang le e rarahaneng eo lintho tsa tlhaho li sebetsang ka eona.”
Ha ho motho ea ka hanang hore tatso e etsa hore motho a natefeloe ke lijo. Leha ho le joalo, ba etsang lipatlisiso ba ntse ba emisitsoe lihlooho ke hore na ke eng e etsang hore batho ba rate tatso e itseng ho feta e ’ngoe. Science Daily e re: “Bo-rasaense ba ka ’na ba utloisisa motheo oo ’mele oa motho o sebetsang ka oona, empa ha ba e-s’o utloisise tsela eo matla a tatso le a ho fofonela a sebetsang ka eona.”
U nahana’ng ka see? Na matla a hao a tatso a bile teng ka tšohanyetso? Kapa na a entsoe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lilemong tsa morao tjena bo-rasaense ba bang ba ekelitse mofuta oa tatso o bitsoang umami. Umami ke matsoai a ikhethang a fumanoang liprotheineng tsa limela le tsa liphoofolo. Le leng la matsoai ana ke le tsosang tatso le bitsoang monosodium glutamate.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leleme le sehiloeng bohareng
[Setšoantšo]
Karolo e ka holimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Dr. John D. Cunningham/Visuals Unlimited