Na Nako ea Lijo e ka Matlafatsa Lelapa Boitšoarong?
“Bophelong ho na le lintho tse thabisang le tse monate, empa ho boetse ho na le tse hlomolang le tse bohloko. Empa ebang re thabile kapa re hloname, re tlameha ho ja. Batho ba thabileng le ba hlonameng ba ka hlasimolloa ke lijo tse hlabosang.”—Laurie Colwin, mongoli oa Leamerika.
LILEMONG tse fetileng, malapa a mangata a linaheng tsa Bophirimela a ne a e-na le tloaelo eo a e nkang e le ea bohlokoa. Bohle ka lapeng ba ne ba jella tafoleng hammoho, bonyane hang ka letsatsi. Ba ne ba sa lumelle letho hore le ba sitise. Ho ne ho se na ea shebellang thelevishene, ea kenyang li-earphone, kapa ea romellang metsoalle melaetsa ka fono. Tikoloho eo e renang khotso e ne e fa ba teng monyetla oa hore ba fumane bohlale, ba matlafatse maqhama a lelapa ’me ba tšehe lintho tse etsahetseng motšehare ha ba ntse ba e-ja lijo tse hahang ’mele.
Ho batho ba bangata kajeno, ho ja hammoho e le lelapa ho ka ’na ha utloahala e le ntho e tsoileng fesheneng. Malapeng a mangata ho ja hammoho ke ntho e etsoang ka seoelo. Ke hobane’ng ha malapa a thatafalloa ho ja hammoho? Na ho na le bohlokoa ba ho baballa tloaelo ee? E ka tsoela setho ka seng sa lelapa molemo joang?
Ho ja Hammoho le le Lelapa—Tloaelo e Ntseng e Nyamela
Bukeng e reng Bowling Alone, Robert Putnam o re: “Taba ea hore nakong ea moloko o le mong feela, tloaelo ena [ea ho ja lijo tsa mantsiboea hammoho] e nyametse . . . ke bopaki bo hlollang ba kamoo likamano tsa rōna sechabeng li fetohileng ka sekhahla kateng.” Ke’ng se tlisitseng phetoho ee? Ntlha ea pele, theko e phahameng ea lintho e entse hore banna le basali ba sebetse lihora tse ngata. Batsoali ba se nang balekane, bao hangata ba hulang ka thata licheleteng ha ba na nako le ho feta. Ntlha ea bobeli, bophelo ba kajeno bo potlakileng bo etsa hore batho ba reke lijo tse seng li ntse li phehiloe ’me ba je ba potlakile. Hase batho ba baholo feela ba nang le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa empa bana le bona ba lokela ho etsa lintho tse kang lipapali le lintho tse ling tseo ba li etsang ha sekolo se tsoile.
Ho feta moo, bo-ntate ba bang ba khetha ho fihla hae ha bana ba se ba robetse e le hore ba qobe lerata la bona nakong ea lijo tsa mantsiboea. Batsoali ba bang, ba fihlang hae ka nako, ba khetha ho ngoathela bana lijo tsa mantsiboea pele ebe baa ba robatsa e le hore monna le mosali ba je hammoho ho khutsitse.
Sena se etsa hore litho tsa lelapa li je ka linako tse sa tšoanang. Puisano e bang teng nakong ea lijo e nkeloa sebaka ke melaetsa e khomaretsoang forijing. E mong le e mong ka lapeng ha a fihla hae, o iphuthumalletsa lijo tse seng li ntse li phehiloe, ebe o lula fatše o shebella TV, o sebelisa k’homphieutha, kapa o bapala papali ea elektronike. Ho ka ’na ha bonahala eka mekhoa ena e seng e tloaelehile e ke ke ea fetoloa. Kahoo na ke habohlokoa ho nahana ka botebo ka litsela tsa ho hanela tloaelo ee?
Melemo ea Tloaelo Ena
Ho ja le le lelapa ho fa batsoali monyetla o ikhethang oa ho hlokomela hore bana ba bona baa atleha maikutlong. Bukeng ea hae e reng The Surprising Power of Family Meals, Miriam Weinstein o hlalosa hore ha ba ja lijo tsa mantsiboea ba lutse tafoleng, “ka ho hlakileng bana ba fumana monyetla oa ho qeta nako ba e-na le batsoali ba bona le hona ba lokolohile. Ho ja lijo tsa mantsiboea hammoho ho ka ’na ha se ke ha rarolla mathata ’ohle, empa ka sebele ho ka thusa lelapa ka tsela e itseng.”
Ntate e mong oa Spain ea bitsoang Eduardo o lumellana le seo. O re: “Ha ke ne ke lula le batsoali ba ka, letsatsi le leng le le leng ho ne ho lula batho ba 11 tafoleng. Ntate o ne a leka ka matla hore a tle hae motšehare e le hore a je le lelapa la hae. E ne e le ketsahalo e ikhethang ka litsela tsohle. Re ne re lula re tseba hore na ho etsahala’ng bophelong ba e mong le e mong ka lapeng. Re ne re atisa ho etsa metlae le ho tšeha. Ho hopola linako tseo tse thabisang ho ile ha nkholisa hore ke lokela ho etsisa mohlala oa Ntate.”
Ho ja hammoho le le lelapa ho boetse ho thusa bana hore ba etse lintho ka tsela e leka-lekaneng le ho itlhokomela ’meleng. Setsi sa Sechaba sa Temallo le Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi Univesithing ea Columbia, United States se fumane hore bacha ba jang le ba malapa abo bona ka makhetlo a ka bang mahlano ka beke, ha ba be le mathata a makaalo a amanang le ho tšoenyeha, ho jeoa ke bolutu kapa ho hloka thahasello ’me ba sebetsa hantle sekolong.
Eduardo o phaella ka ho re: “Ke lumela hore ho ja hammoho re le lelapa ho etsa hore bana ba be le botsitso. Barali ba ka ha ba tšoenyehe ka hore na ba tla fumana neng monyetla oa ho re bolella taba e itseng. Ho ja hammoho re le lepala ho ba fa monyetla o motle oa hore ba etse seo letsatsi le letsatsi. Ho feta moo, nako ena e nthusa hore ke tsebe mathata ao barali ba ka ba nang le ’ona.”
Kamoo ho bonahalang kateng, ha malapa a ja hammoho, seo se ka ba sa a thusa ho qoba tloaelo ea ho ja ka tsela e fosahetseng. Univesithi ea Navarre, Spain, e tlaleha hore ha motho a ja a le mong o ipeha kotsing ea ho ba le mathata a tsamaisanang le ho ja. Ke ’nete hore motho o ntse a ka ’na a ba le mathata ao, empa ho lula a ja a le mong ho mo beha kotsing le ho feta. ’Mè e mong ea nang le barali ba babeli ea bitsoang Esmeralda, o re: “Bana ba ikutloa ba hlokometsoe hantle ha ho e-na le kemiso ea hore re je hammoho kamehla. Ho ja hammoho re le lelapa ho etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile, kaha ba na le lelapa le mofuthu le le lerato.”
Ho ja hammoho le le lelapa ho boetse ho fa batsoali monyetla oa hore ba hlokomele bana moeeng. Lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng, Molimo o ile a khothalletsa Baiseraele hore ba qete nako ba e-na le bana ba bona e le hore ba ba rute mekhoa e metle ea moea. (Deuteronoma 6:6, 7) Ntate e mong ea nang le bana ba babeli ea bitsoang Ángel, o re: “Ha lelapa le rapela hammoho le bile le tšohla temana ea Bibele, nako ea lijo e ba e hahang moeeng.” Ka lebaka la melemo e mengata e tlisoang ke ho ja hammoho e le malapa, ke’ng seo a mang a se entseng e le hore a je hammoho kamehla?
Tiisang Hore le ba le Nako ea ho ja Hammoho
Esmeralda o re: “Ho hlokahala tlhophiso le boikemisetso. Le lokela ho etsa sohle se matleng a lōna ho feto-fetola nako e le hore le emele ea liehang ho fihla lapeng.” ’Mè e mong ea nang le bana ba babeli ea bitsoang Maribel, o re, “Re ja lijo tsa mantsiboea hammoho letsatsi le leng le le leng, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng.” Malapa a mang a sebelisa nako e eketsehileng ea mafelo-beke ho lokisa kapa hona ho pheha lijo tse tla jeoa har’a beke.
Ho nka ho ja hammoho le le lelapa e le habohlokoa le hona hoa thusa. Eduardo o re: “Ke ile ka tlameha ho fetola tsela eo ke sebetsang ka eona e le hore ke be lapeng nakong ea lijo tsa mantsiboea, ’me hoo e bile ho putsang. Hona joale ke batla ke tseba se eketsehileng ka lelapa la rōna. Kaha ha ke le mosebetsing ke tlameha ho qeta lihora tse ngata ke tsepamisitse mohopolo, ke tla be ke sa nahanele ba lelapa la ka haeba ke sa ba ele hloko nakong ea lijo.”
Ho thoe’ng ka litšitiso? David ea lilemo li 16 o re: “Heso re jella sebakeng seo ho se nang thelevishene. Re sebelisa nako eo ho bolella ’Mè le Ntate lintho tse re etsahalletseng motšehare, ’me ba atisa ho re fa likeletso tse molemo.” David o phaella ka ho re: “Matsatsing ana, bacha ha ba buisane hakaalo le batsoali ba bona. Esita le haeba bohle ba le teng lapeng, e mong le e mong o itjella a le mong a shebeletse thelevishene. Ha ba hlokomele hore na ba lahleheloa hakae.” Sandra ea lilemo li 17 o lumellana le eena, o re: “Ke utloa bohloko ha bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng ba re, ‘Kea ipotsa hore na ’Mè o re sietse’ng ka forijing.’ Ho ’na ho ja hammoho re le lelapa hase feela taba ea ho ja. Ho re fa nako ea ho tšeha, ea ho buisana le ea ho bontšana lerato.”
Buka ea The Surprising Power of Family Meals e re ho ja hammoho le le lelapa e ka “ba tšireletso mathateng ao bohle re tobanang le ’ona letsatsi le letsatsi.” Na ho ka fa lelapa la hao monyetla oa hore le atamelane haholoanyane? Haeba u lula u le maphathaphathe, ho ja hammoho le lelapa ho u fa monyetla oa hore u qhanolle ho se hokae, u qoqe le batho bao u ba ratang. Ka sebele le ke ke la ikoahlaea ka boiteko boo le bo entseng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
HA LE NTSE LE JA LE LE LELAPA LE KA ITHUTA . . .
Ho buisana. Bana ba ka ithuta ho bua le ho mamela ka tsela e nang le tlhompho. Ho qoqa ho eketsa mantsoe ao ba a tsebang ’me ho ba ruta hore ba itlhalose.
Ho ja lijo tse matlafatsang ka nako e itseng e behiloeng.
Ho sebelisana hammoho. Bana ba ka thusa ka ho teka tafole le ho tlosa lijana ha ho qetoa, ba hloekisa ka mor’a moo, kapa ba fa ba bang lijo. Ha ba ntse ba hōla, ba ka boetse ba thusa ka ho lokisa lijo.
Ho ba le mekhoa e metle. Ithute ho ba mosa ka hore u arolele ba bang lijo ’me u se ke ua tsitlella ho khetha likarolo tse ntle ka ho fetisisa. Hape ithute ho hlokomela seo ba bang ka lapeng ba se hlokang ha le ntse le ja.