Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 5
Greece Historing ea Bibele
Sehlooho sena ke sa bohlano letotong la tse supileng tse hlahang makasineng ea “Tsoha!” tse tšohlang mebuso e supileng e matla ea lefatše eo ho buuoang ka eona historing ea Bibele. Sepheo sa sona ke ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.
LEKHOLONG la bone la lilemo B.C.E., mohlankana e mong oa Macedonia ea bitsoang Alexandere o ile a beha Greecea ’mapeng oa lefatše. Ha e le hantle, o ile a etsa hore Greece e be ’muso oa bohlano o matla oa lefatše historing ea Bibele ’me qetellong a bitsoa Alexandere e Moholo. Mebuso e neng e tlile pele ho eona ke Egepeta, Assyria, Babylona le Medo-Persia.
Ka mor’a lefu la Alexandere, ’muso oa hae o ile oa aroha likoto ’me oa qala ho felloa ke matla. Leha ho le joalo, Greece e ile ea tsoela pele ho ba le tšusumetso setsong, puong, bolumeling le filosofing nako e telele ka mor’a hore e khaotse ho busa libakeng tse ling.
Histori e ka Tšeptjoang
Tlaleho ea Bibele ha e bue ka baprofeta leha e le bafe ba Molimo ba neng ba profeta nakong eo Greece e neng e le ’muso o matla oa lefatše, ebile ha ho na libuka tse bululetsoeng tsa Bibele tse ngotsoeng nakong eo. Leha ho le joalo, ho buuoa ka Greece boprofeteng ba Bibele. Ho feta moo, Mangolo a Segerike a Bakreste ao ka tloaelo a bitsoang Testamente e Ncha, a atisa ho bua ka tšusumetso ea Bagerike. Ha e le hantle, ho ne ho e-na le metse e leshome ea Bagerike, eo boholo e neng e le Iseraele, ’me e ne e bitsoa Dekapolise, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “metse e leshome.” (Matheu 4:25; Mareka 5:20; 7:31) Bibele e bua ka sebaka sena ka makhetlo a ’maloa, ’me litlaleho tsa histori le lithako tsa mabala a khahlehang a liketsahalo le a lipapali, litempele le libaka tsa ho tola li tiisa hore sebaka sena se kile sa e-ba teng.
Bibele e boetse e bua ka setso le bolumeli ba Bagerike ka makhetlo a ’maloa, haholo-holo bukeng ea Liketso, e ngotsoeng ke ngaka Luka. Nahana ka mehlala ena e seng mekae:
Ha Bibele e hlalosa lintho tse ileng tsa etsahala ha moapostola Pauluse a ne a etetse Athene ka selemo sa 50 C.E., e re motse oo “o ne o tletse litšoantšo tse rapeloang.” (Liketso 17:16) Bopaki ba histori bo tiisa hore Athene le metse ea eona e ne e tletse litšoantšo tse rapeloang tsa bolumeli le litempelana.
Liketso 17:21 e re: “Baathene bohle le basele ba etetseng moo ka nakoana ba ne ba sa sebelisetse nako ea bona ea phomolo letho haese ho bolela ho hong kapa ho mamela ho hong ho hocha.” Litlaleho tse ngotsoeng ke Thucydides le Demosthenes li tiisa hore Baathene ba ne ba rata ho qoqa le ho phehisana ka litaba tse itseng.
Bibele e bolela ka ho toba hore ‘bo-rafilosofi ba Baepikure hammoho le ba Bastoike ba ile ba qala ho tsekisana le Pauluse’ le hore ba ile ba mo isa Areopago ho ea utloa haholoanyane seo a neng a se bua. (Liketso 17:18, 19) Athene e ne e tsebahala ka ho ba le bo-rafilosofi ba bangata, ba akarelletsang Baepikure le Bastoike.
Pauluse o ile a bua ka aletare ea Baathene e neng e ngotsoe mantsoe a reng, “Ho Molimo ea sa Tsejoeng.” (Liketso 17:23) Ho ka etsahala hore ebe lialetare tse neng li nehetsoe ho molimo ea sa tsejoeng li ne li hahiloe ke Epimenides oa Kreta.
Ha Pauluse a ne a bua le Baathene, o ile a qotsa mantsoe a reng, “etsoe le rōna re bana ba hae,” a hlalosa hore mantsoe ao hase a seroki se le seng feela empa ke a “ba bang ba liroki har’a lōna.” (Liketso 17:28) Kamoo ho bonahalang kateng, liroki tsena tsa Bagerike e ne e le Aratus le Cleanthes.
Ke ka ho utloahalang setsebi se seng se ileng sa etsa qeto ena: “Ke bona eka tlaleho ea leeto la Pauluse, Athene, e ngotsoe ke motho ea boneng liketsahalo tseo ka mahlo.” Ho ka boleloa se tšoanang ka lintho tse etsahaletseng Pauluse ha a ne a le Efese e Asia Minor. Lekholong la pele la lilemo C.E., batho ba motse oo ba ne ba ntse ba khomaretse bolumeli ba bohetene ba Segerike, ’me bo ka sehloohong e ne e le ba ho rapela molimotsana Artemise.
Bukeng ea Liketso, ho buuoa ka makhetlo a ’maloa ka tempele ea Artemise, e leng e ’ngoe ea lintho tse supileng tse hlollang tsa mehleng ea boholo-holo. Ka mohlala, re bolelloa hore ha Pauluse a ne a etsa mosebetsi oa boboleli Efese, seo se ile sa halefisa Demetriase eo e neng e le setei sa silevera ’me a e-na le khoebo e atlehileng ea ho etsa litempelana tsa silevera tsa Artemise. Demetriase ea halefileng o ile a re: ‘Pauluse enoa o susumelitse bongata bo boholo eaba o bo retelletsa maikutlong a mang, a re melimo e entsoeng ka matsoho hase melimo.’ (Liketso 19:23-28) Kahoo Demetriase o ile a susumetsa mokhopi o halefileng, o ileng oa qala ho hoeletsa, oa re: “O moholo Artemise oa Baefese!”
Kajeno u ka etela lithakong tsa Efese le sebakeng sa tempele ea Artemise. Ho feta moo, litlaleho tsa boholo-holo tse ngotsoeng ke batho ba neng ba le Efese li tiisa hore ho ne ho etsoa litšoantšo ho tlotla molimotsana eo le hore ho ne ho e-na le mokhatlo oa litei tsa silevera motseng oo.
Boprofeta bo ka Tšeptjoang
Lilemo tse ka bang 200 pele ho mehla ea Alexandere e Moholo, moprofeta oa Jehova Molimo ea bitsoang Daniele o ile a ngola sena mabapi le ’muso oo oa lefatše: “Bonang! ho ne ho e-na le phooko e tsoang bophirima-tsatsi holim’a lefatše lohle, ’me e ne e sa thetse fatše. Ha e le phooko, e ne e e-na le lenaka le hlaheletseng pakeng tsa mahlo a eona. Ea ’na ea tla ho ea fihla ho pheleu e nang le linaka tse peli, . . . ea tla ho eona e matha ka khalefo e matla. . . . Ea thula pheleu ’me ea roba linaka tsa eona tse peli, ’me pheleu ha ea ka ea e-ba le matla a ho ema ka pel’a eona. Kahoo ea e lahlela fatše ’me ea e hatakela . . . Phooko ea ikhohomosa ka ho fetisisa; empa hang ha e e-ba matla, lenaka le leholo la robeha, ’me ha hlaha tse ’nè ka ho hlaheletseng sebakeng sa lona, ka nģ’a meea e mene ea maholimo.”—Daniele 8:5-8.
Mantsoe ao a ile a phethahala ho mang? Daniele oa araba: “Pheleu eo u e boneng e e-na le linaka tse peli e emela marena a Media le Persia. Phooko e boea bo bongata e emela morena oa Greece; ha e le lenaka le leholo le neng le le pakeng tsa mahlo a eona, le emela morena oa pele.”—Daniele 8:20-22.
Ak’u nahane ka seo! Nakong eo Babylona e neng e le ’muso o matla oa lefatše, Bibele e ile ea bolela esale pele hore e tla lateloa ke Medo-Persia le Greece. Ho feta moo, joalokaha ho boletsoe pejana, Bibele e ile ea bolela ka ho toba hore “hang ha [phooko] e e-ba matla, lenaka le leholo”—e leng Alexandere—le ne le tla “robeha,” le nkeloe sebaka ke linaka tse ’nè, e leng babusi ba bane ’me ea phaella ka ho re ha ho le ea mong oa bona ea neng a tla tsoa lelokong la Alexandere.—Daniele 11:4.
Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka ho feletseng. Alexandere e ile ea e-ba morena ka 336 B.C.E., ’me le pele ho feta lilemo tse supileng o ile a hlōla Morena Dariuse III ea matla oa Persia. Ka mor’a moo, Alexandere o ile a tsoela pele ho atolosa ’muso oa hae ho fihlela a khaoletsoa ke lefu ka 323 B.C.E., a le lilemo li 32. Ha ho mohlahlami le ea mong oa Alexandere ea ileng a busa ka ho feletseng joaloka eena, ’me ha ho ngoana oa hae ea ileng a busa. Buka e bitsoang The Hellenistic Age e re ho e-na le hoo, balaoli ba hae ba bane ba mabotho—e leng Lysimachus, Cassander, Seleucus le Ptolemy—“ba ile ba phatlalatsa hore ke marena” ’me ba nka puso.
Alexandere o ile a boela a phethahatsa boprofeta bo bong ba Bibele nakong eo a neng a le letšolong la ho atolosa puso ea hae. Ka mohlala, moprofeta Ezekiele ea phetseng lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. le moprofeta Zakaria ea phetseng lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., ba ile ba bolela esale pele hore motse oa Tyre o tla timetsoa. (Ezekiele 26:3-5, 12; 27:32-36; Zakaria 9:3, 4) Ezekiele o ile a ba a ngola hore majoe a motse oa Tyre le lerōle la oona a ne a tla akheloa “ka har’a metsi.” Na mantsoe ao a ile a phethahala?
Nahana ka seo mabotho a Alexandere a ileng a se etsa ha a ne a thibeletse motse oa Tyre ka 332 B.C.E. A ile a heletsa lithako tsa motse oa Tyre oa pele o neng o le pel’a leoatle ’me a lahlela maloanlahla ao ka leoatleng e le hore a etse tsela e eang motseng oa Tyre o sehlekehlekeng. Leqheka leo le ile la atleha ’me Tyre ea oa. Motho e mong oa lekholong la bo19 la lilemo ea neng a hlahloba sebaka seo, o ile a re: “Lintho tsohle tse neng li profetiloe khahlanong le motse oa Tyre li ile tsa phethahala ka ho feletseng.”b
Tšepiso eo U ka e Tšepang
Tlhōlo ea Alexandere ha ea ka ea tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng. Ka mor’a hore setsebi se seng se hlahlobe puso ea Bagerike ba boholo-holo, se ile sa re: “Maemo a bophelo a batho ka kakaretso . . . a ne a sa fetoha hakaalo.” Boemo bona bo ’nile ba etsahala khafetsa ho theosa le histori ’me bo boetse bo tiisa hore seo Bibele e se buang ha e re, ‘motho o busitse motho e mong ho mo ntša kotsi’ ke ’nete.—Moeklesia 8:9.
Leha ho le joalo, puso e mpe ha e na ho tsoela pele ka ho sa feleng, hobane Molimo o thehile puso e phahametseng hōle puso leha e le efe e qapiloeng ke motho. Puso ena e bitsoang ’Muso oa Molimo, e tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka ’me bafo ba eona ba tla thabela khotso ea ’nete le tšireletseho ka ho sa feleng.—Esaia 25:6; 65:21, 22; Daniele 2:35, 44; Tšenolo 11:15.
Morena oa ’Muso oa Molimo ke Jesu Kreste. Ho fapana le babusi ba nyoretsoeng matla ba bileng ba sa tsotelleng batho, Jesu eena o susumetsoa ke ho rata Molimo le batho. Ha a bua ka eena esale pele, mopesaleme o ile a re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:12-14.
Na u ka rata ho busoa ke ’Musi ea joalo? Haeba ho joalo, u lokela ho hlahloba ’muso oa botšelela o matla oa lefatše historing ea Bibele—e leng Roma. Ha e le hantle, Mopholosi ea boletsoeng esale pele o hlahile nakong eo ho neng ho busa ’muso oa Roma ’me o ile a etsa lintho tse ke keng tsa lebaleha historing ea batho. Ka kōpo bala sehlooho sa botšelela letotong lena, se tla hlaha makasineng e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Greece eo ho buuoang ka eona sehloohong sena ke ea boholo-holo, pele ho lekholo la pele la lilemo ’me ha e amane le meeli ea Greece ea kajeno.
b Joalokaha Ezekiele a ne a boletse esale pele, Tyre e ile ea hlōloa ka lekhetlo la pele ke Morena Nebukadrezare oa Babylona. (Ezekiele 26:7) Ka mor’a moo, motse oo o ile oa tsosolosoa. Motse ona o ileng oa tsosolosoa ke oona oo Alexandere a ileng a o timetsa, ’me a phethahatsa ka botlalo sohle se boletsoeng ke baprofeta.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Bibele e ile ea bolela ka nepo esale pele libaka tseo Alexandere e Moholo a neng a tla li hapa le hore ’muso oa hae o tla aroha likoto
[’Mapa]
’MUSO OA GREECE
GREECE
EGEPETA
MEDIA
PERSIA
INDIA
[Limmapa tse leqepheng la 20]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Alexandere o ile a phethahatsa boprofeta ba Bibele ha a sebelisa maloanlahla a motse oa khale oa Tyre o pel’a leoatle ho etsa tsela e eang motseng o sehlekehlekeng
SEBAKA SE PEL’A LEOATLE
Tsela e entsoeng ke Alexandere
TYRE
TYRE EA KAJENO
Sebaka se katiloeng ka ho lahlela litšila ka lilemo tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lilemo tse ka bang 200 esale pele, boprofeta ba Bibele bo ile ba bua ka Alexandere e Moholo
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Seemahale sa Artemise, molimotsana oa Baefese
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Aletare e neng e nehetsoe ho molimo ea sa tsejoeng
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Top, time line: Egyptian wall relief and bust of Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Persian wall relief: Musée du Louvre, Paris; bottom, bust of Alexander the Great: Musée du Louvre, Paris