Khaolo 42
Leholimo le Lecha le Lefatše le Lecha
1. Johanne o hlalosa eng ha lengeloi le mo khutlisetsa morao qalong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete?
PONO ena e khanyang e tsoela pele ho senoleha ha lengeloi le khutlisetsa Johanne qalong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. O hlalosa eng? “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, ’me leoatle ha le sa le eo.” (Tšenolo 21:1) Joale ho bonahala ketsahalo e hohelang haholo!
2. (a) Boprofeta ba Esaia bo buang ka maholimo a macha le lefatše le lecha bo ile ba phethahala joang ho Bajuda ba khutliselitsoeng naheng ea habo bona ka 537 B.C.E.? (b) Re tseba joang hore boprofeta ba Esaia bo tla phethahala ka ho eketsehileng, ’me tšepiso ee e phethahala joang?
2 Makholo a lilemo pele ho mehla ea Johanne, Jehova o ne a ile a re ho Esaia: “Etsoe bonang! ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17; 66:22) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ha Bajuda ba tšepahalang ba khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E. ka mor’a hore ba be kholehong Babylona ka lilemo tse 70. Tsosolosong eo, ba ile ba theha mokhatlo o hloekisitsoeng, e leng “lefatše le lecha,” tlas’a tsamaiso ea puso e ncha, e leng “maholimo a macha.” Leha ho le joalo, moapostola Petrose o ile a bua ka ho phethahala ho hong ha boprofeta bona, a re: “Empa ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Joale Johanne o bontša hore tšepiso ena e phethahala letsatsing la Morena. “Leholimo la pele le lefatše la pele,” e leng tsamaiso ea lintho ea Satane e nang le sebōpeho sa puso se susumelitsoeng ke Satane le bademona ba hae, li tla feta. “Leoatle” le befileng la batho ba khopo, ba tletseng bofetoheli le tla khaotsa ho ba teng. Sebakeng sa lona e tla ba “leholimo le lecha le lefatše le lecha”—mokhatlo o mocha oa lefatšeng o tlas’a puso e ncha, e leng ’Muso oa Molimo.—Bapisa le Tšenolo 20:11.
3. (a) Johanne o hlalosa eng, ’me Jerusalema e Mocha ke eng? (b) Jerusalema e Mocha “o theoha leholimong” joang?
3 Johanne o tsoela pele ho re: “Ka bona le motse o halalelang, Jerusalema e Mocha, o theoha leholimong ho Molimo ’me o lokisitsoe joaloka monyaluoa ea khabileng bakeng sa monna oa hae.” (Tšenolo 21:2) Jerusalema e Mocha ke monyaluoa oa Kreste, ea entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba lutseng ba tšepahala ho fihlela lefung ba tsoselitsoeng ho ea ba marena le baprista le Jesu ea tlotlisitsoeng. (Tšenolo 3:12; 20:6) Joalokaha Jerusalema ea lefatšeng e ile ea e-ba setsi sa puso Iseraeleng ea boholo-holo, Jerusalema e Mocha e khanyang le Monyali oa eona ke puso ea tsamaiso ea lintho e ncha. Ke lona leholimo le lecha. ‘Monyaluoa o theoha leholimong,’ eseng ka mokhoa oa sebele, empa ka kutloisiso ea ho ela lefatše hloko. Monyaluoa oa Konyana e lokela ho ba mothusi oa hae ea tšepahalang ha a sebelisa puso e lokileng holim’a batho bohle. Ka sebele ke tlhohonolofatso lefatšeng le lecha!
4. Ke tšepiso efe eo Molimo a e etsang e tšoanang le eo a ileng a e etsetsa sechaba sa Iseraele se neng se sa tsoa thehoa?
4 Johanne o tsoela pele ho re: “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.’” (Tšenolo 21:3) Ha Jehova a ne a etsa selekane sa Molao le sechaba sa Iseraele se neng se sa le secha ka nako eo, o ile a tšepisa sena: “Ka sebele ke tla beha tabernakele ea ka har’a lōna, ’me moea oa ka o ke ke oa le nyonya. Ke tla tsamaea har’a lōna ke be Molimo oa lōna, ’me le tla ba sechaba sa ka.” (Levitike 26:11, 12) Joale Jehova o tšepisa batho ba tšepahalang ntho e tšoanang. Letsatsing la Kahlolo la lilemo tse sekete, e tla ba sechaba se khethehileng haholo ho eena.
5. (a) Molimo o tla lula le batho joang nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? (b) Molimo o tla lula har’a batho joang ka mor’a Puso ea Lilemo Tse Sekete?
5 Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jehova o tla “lula” har’a batho ka tokisetso ea nakoana, a emeloa ke Mora oa hae oa morena, Jesu Kreste. Leha ho le joalo, qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ha Jesu a busetsa ’Muso ho Ntat’ae, ho ke ke ha hlola ho hlokahala moemeli oa morena kapa mokena-lipakeng. Jehova o tla lula le “batho ba hae” ka tsela ea moea ka ho sa feleng le ka mokhoa o tobileng. (Bapisa le Johanne 4:23, 24.) Ke tlotla e phahameng hakaakang eo batho ba tsosolositsoeng ba e fuoang!
6, 7. (a) Ke litšepiso life tse hlollang tseo Johanne a li senolang, ’me ke bo-mang ba tla thabela litlhohonolofatso tseo? (b) Esaia o hlalosa paradeise ea moea le ea sebele joang?
6 Johanne o tsoela pele ho re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Re sa boetse re hopotsoa litšepiso tsa pejana tse bululetsoeng. Esaia le eena o ne a ntse a lebeletse nako eo ka eona lefu le ho siama li neng li ke ke tsa hlola li e-ba teng le masoabi a neng a tla be a nketsoe sebaka ke thabo. (Esaia 25:8; 35:10; 51:11; 65:19) Joale Johanne o tiisa hore litšepiso tsena li phethahala ka mokhoa o hlollang nakong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse sekete. Pele ke bongata bo boholo bo tla thabela litlhohonolofatso tseo. “Konyana, e leng har’a terone,” e tla tsoela pele ho ba alosa, “e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 7:9, 17) Empa qetellong bohle ba tsositsoeng ba bontšang tumelo litokisetsong tsa Jehova ba tla ba le bona, ba thabela paradeise ea moea le ea sebele.
7 Esaia o re: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha.” E, “ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 35:5, 6) Hape, ka nako eo, “ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate; ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.” (Esaia 65:21, 22) Kahoo ba ke ke ba fotholoa lefatšeng.
8. Jehova ka boeena o re’ng mabapi le bonnete ba litšepiso tsee tse hlollang?
8 Likelello tsa rōna li lebella lintho tse hlollang hakaakang ha re nahanisisa ka litšepiso tsee! Batho ba tšepahalang ba boloketsoe litokisetso tse hlollang tlas’a puso ea leholimo e lerato. Na litšepiso tse joalo e mpa e le menahano e monate feela e ke keng ea etsahala? Na e mpa e le litoro tsa monna-moholo ea botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose? Jehova ka boeena o araba tjena: “Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape, o re: ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’ A re ho ’na: ‘Li etsahetse! Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello.’”—Tšenolo 21:5, 6a.
9. Ke hobane’ng ha litlhohonolofatso tsee tsa ka moso li ka talingoa e le tseo joang kapa joang li tla phethahala?
9 Ho joalokaha eka Jehova ka boeena o saenela batho ba tšepahalang tiiso, kapa lengolo la bopaki, mabapi le litlhohonolofatso tsena tsa ka moso. Ke mang ea ka lekang ho belaella Ea Fanang ka Tiiso e joalo? Litšepiso tsena tsa Jehova li tiile hoo a buang joalokaha eka li se li phethahetse: “Li etsahetse!” Na Jehova hase eena “Alfa le Omega . . ., Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang, Ea Matla ’Ohle”? (Tšenolo 1:8) Ka sebele ke eena! Eena ka boeena o re: “Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela, ’me ha ho na Molimo ntle ho ’na.” (Esaia 44:6) Kaha o boemong bo joalo, a ka bululela boprofeta le ho bo phethahatsa ka litsela tsohle. Ke ho matlafatsang tumelo hakaakang! Kahoo oa tšepisa: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha”! Ho e-na le ho belaella hore na limakatso tsena li tla hle li etsahale, ruri re lokela ho ipotsa: ‘Ke eng seo ’na ka bonna ke lokelang ho se etsa e le hore nka rua litlhohonolofatso tse joalo?’
“Metsi” a ba Nyoriloeng
10. Jehova o fana ka “metsi” afe, ’me a emela eng?
10 Ke Jehova ka boeena ea reng: “Mang kapa mang ea nyoriloeng ke tla mo fa ho tsoa selibeng sa metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 21:6b) Ho tlosa lenyora leo, motho o lokela ho ela hloko tlhoko ea hae ea moea a be a ikemisetse ho amohela “metsi” ao Jehova a fanang ka ’ona. (Esaia 55:1; Matheu 5:3) “Metsi” afe? Jesu ka boeena o ile a araba potso eo ha a ne a pakela mosali e mong pel’a seliba Samaria. O ile a re ho eena: “Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.” ‘Seliba seo sa metsi a bophelo’ se phalla se tsoa ho Molimo ka Kreste e le tokisetso ea hae ea ho tsosolosetsa batho bophelong bo phethahetseng. Joaloka mosali oa Mosamaria, re lokela ho thahasella ho noa selibeng seo hakaakang! ’Me joaloka mosali eo, re lokela ho ikemisetsa hakaakang ho lahla lintho tsa lefatše e le hore re ka bolella ba bang litaba tse molemo!—Johanne 4:14, 15, 28, 29.
Ba Hlōlang
11. Jehova o tšepisa eng, ’me mantsoe ao a sebetsa ho bo-mang pele?
11 Ba noang “metsi” ao a khathollang le bona ba tlameha ho hlōla, joalokaha Jehova a tsoela pele ho re: “Mang kapa mang ea hlōlang o tla rua lintho tsena, ’me ke tla ba Molimo oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.” (Tšenolo 21:7) Tšepiso ena e tšoana le litšepiso tse fumanoang melaetseng e eang liphuthehong tse supileng; ka lebaka leo, e tlameha ebe mantsoe ana a sebetsa pele ho barutuoa ba tlotsitsoeng. (Tšenolo 2:7, 11, 17, 26-28; 3:5, 12, 21) Ho theosa le lilemo barab’abo Kreste ba moea ba ’nile ba lebella ka thahasello tlotla ea ho ba karolo ea Jerusalema e Mocha. Haeba ba hlōla, joalokaha Jesu a hlōtse, tšepo ea bona e tla phethahala.—Johanne 16:33.
12. Tšepiso ea Jehova e hlahang ho Tšenolo 21:7 e tla phethahatsoa joang ho bongata bo boholo?
12 Bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le bona bo lebeletse tšepiso ena. Le bona ba tlameha ho hlōla, ba sebeletse Molimo ka botšepehi ho fihlela ba feta matšoenyehong a maholo. Joale ba tla kena lefeng la bona la lefatšeng, e leng ‘’muso oo ba o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’ (Matheu 25:34) Bana le ba bang ba linku tsa Morena tse lefatšeng ba fetang tekong eo qetellong ea lilemo tse sekete, ba bitsoa “bahalaleli.” (Tšenolo 20:9) Ba tla thabela ho ba le kamano e halalelang le ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo, e kang ea bana le motsoali, e le litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae oa bokahohleng.—Esaia 66:22; Johanne 20:31; Baroma 8:21.
13, 14. E le hore re rue litšepiso tse hlollang tsa Molimo, ke mekhoa efe eo re tlamehang ho e qoba ka tieo, hona hobane’ng?
13 Ka lebaka la ntho ena e khōlō eo li e lebeletseng, ke habohlokoa hakaakang hore hona joale Lipaki Tsa Jehova li lule li hloekile linthong tse silafatsang tsa lefatše la Satane! Ho hlokahala hore re be matla, re be sebete, ’me re ikemisetse hore ha ho mohla Diabolose a tla re hulela sehlopheng seo Jehova ka boeena a se hlalosang mona: “Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo le ba nyonyehang litšileng tsa bona le babolai le lihlola le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo le sebabole. Sena se bolela lefu la bobeli.” (Tšenolo 21:8) E, motho eo e tla ba mojalefa o lokela ho qoba mekhoa e silafalitseng tsamaiso ena ea khale ea lintho. O lokela ho hlōla ka hore a lule a tšepahala tlas’a likhatello tsohle le liteko tsohle.—Baroma 8:35-39.
14 Le hoja Bokreste-’mōtoana bo ipolela hore ke monyaluoa oa Kreste, bo khetholloa ka mekhoa e manyala eo Johanne a e hlalosang mona. Kahoo bo ea timetsong ea ka ho sa feleng hammoho le likarolo tsohle tse ling tsa Babylona e Moholo. (Tšenolo 18:8, 21) Ka ho tšoanang, mang kapa mang ho batlotsuoa kapa ho bongata bo boholo ea tloaelang ho etsa mekhoa e mebe joalo, kapa ea qalang ho e khothalletsa, o tobane le timetso ea ka ho sa feleng. Haeba ba tsitlella liketsong tsena, ba ke ke ba rua litšepiso tseo. ’Me lefatšeng le lecha, mang kapa mang ea lekang ho hlahisa mekhoa e joalo o tla timetsoa ka potlako, a ee lefung la bobeli moo ho se nang tšepo ea tsoho.—Esaia 65:20.
15. Ke bo-mang ba ikhethileng e le bahlōli, hona Tšenolo e fihlisoa tlhōrōng e phahameng ka pono efe?
15 Ba ikhethileng e le bahlōli ke Konyana, Jesu Kreste, le monyaluoa oa hae oa ba 144 000, e leng Jerusalema e Mocha. Joale, ke ho loketseng hakaakang hore Tšenolo e lokela ho fihlisoa tlhōrōng e phahameng ka pono ea ho qetela e khanyang ea Jerusalema e Mocha! Joale Johanne o hlalosa pono ea ho qetela.
[Litšoantšo tse leqepheng la 302]
Mokhatlong oa lefatše le lecha, bohle ba tla thabela mosebetsi o thabisang le botsoalle