Buka ea Bibele ea 4—Numere
Mongoli: Moshe
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Lefeelleng le Mahoatateng a Moabe
Ho Ngoloa ho phethiloe ka: 1473 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 1512–1473 B.C.E.
1. Ke hobane’ng ha liketsahalo tsa Numere li tlalehiloe, hona li hatisa eng ho rōna?
LIKETSAHALO tsa leeto la Baiseraele lefeelleng li tlalehiloe Bibeleng molemong oa rōna kajeno.a Joalokaha moapostola Pauluse a itse: “Tsena li etsahetse hore e be mohlala ho rōna, hore re se ke ra lakatsa tse khopo, joalokaha ba ne ba li lakatsa.” (1 Ba-Kor. 10:6, BPN) Tlaleho e hlakileng ho Numere e hatisa ho rōna hore pholoho e itšetlehile ka ho halaletsa lebitso la Jehova, ho mo utloa tlas’a maemo ’ohle, le ho bontša tlhompho ho baemeli ba hae. Mohau oa hae ha o tle ka lebaka la molemo ofe kapa ofe kapa ho tšoaneleha ha batho ba hae empa ka lebaka la mohau oa hae o moholo le mosa oa hae o sa tšoanelang.
2. Lebitso Numere le supa eng, empa ke sehlooho sefe se loketseng haholoanyane seo Bajode ba se fileng buka ee?
2 Lebitso lena Numere (Lipalo) le supa ho baloa ha batho ho ileng ha etsahala ka lekhetlo la pele Thabeng ea Sinai ’me hamorao Mahoatateng a Moabe, joalokaha ho tlalehiloe likhaolong 1-4 le 26. Lebitso lena le nkiloe ho tlotla Numeri ho Vulgate ea Selatine ’me le fumanoe ho A·rith·moiʹ ho Septuagint ea Segerike. Leha ho le joalo, ka ho loketseng haholoanyane Bajode ba bitsa buka ena Bemidh·barʹ, e bolelang “Lefeelleng.” Lentsoe la Seheberu midh·barʹ le bontša sebaka se bulehileng, le se nang metse le metsana. E ne e le lefeelleng ho ea ka boroa le ho ea ka bochabela ho Kanana moo liketsahalo tsa Numere li etsahetseng teng.
3. Ke eng e pakang hore Moshe o ngotse Numere?
3 Numere ka ho hlakileng e ne e le karolo ea moqolo o hahlano oa pele o neng o akarelletsa libuka tsena ho tloha ho Genese ho ea ho Deuteronoma. Temana ea eona ea pele e qala ka sehokelo “’me,” ho e hokahanya le se tlileng pele. Kahoo, e tlameha e be e ngotsoe ke Moshe, mongoli oa litlaleho tse tlileng pele ho ena. Hona ho boetse ho hlakisoa ke polelo e bukeng ena ea hore “Moshe a ’na a tlaleha,” le ke sephetho sena, “Ke tsona litaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe.”—Num. 33:2, NW; 36:13.
4. Ke nako e kae e nkiloeng ke Numere, hona buka eo e phethiloe neng?
4 Baiseraele ba ne ba tlohile Egepeta nako e ka holimonyana ho selemo pejana. Ha e tsoela pele ka tlaleho ka khoeli ea bobeli selemong sa bobeli ka mor’a Exoda, Numere e nka lilemo tse 38 tse latelang le likhoeli tse robong, ho tloha ka 1512 ho ea ho 1473 B.C.E. (Num. 1:1; Deut. 1:3) Le hoja li sa kenelle nakong ena, liketsahalo tse boletsoeng ho Numere 7:1-88 le 9:1-15 li kenyellelitsoe e le boitsebiso bo tšehetsang. Likarolo tsa pejana tsa buka ena ha ho pelaelo hore li ngotsoe ha liketsahalo li ntse li etsahala, empa ho totobetse hore Moshe o ne a ke ke a phetha Numere ho fihlela qetellong ea selemo sa bo40 lefeelleng, pejana selemong sa k’halendara sa 1473 B.C.E.
5. Ke litšobotsi life tse pakang bonnete ba Numere?
5 Ho ke ke ha belaelloa bonnete ba tlaleho ena. Naheng eo ka kakaretso e omeletseng eo ba tsamaileng ho eona, Moshe o boletse hore e ne e le “nahathothe eane kaofela e kholo, e tšabehang,” ’me ke ’nete le kajeno hore baahi ba qalikaneng ka mehla ba ntse ba tsamaea ba batla makhulo le metsi. (Deut. 1:19) Ho feta moo, litaelo tse qaqileng tse mabapi le ho hloma liahelo ha sechaba, taolo ea ho tsamaea, le mekhosi ea terompeta ho laola litaba tsa liahelo li paka hore tlaleho eo ruri e ngoletsoe “lefeelleng.”—Num. 1:1.
6. Lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li tšehetsa Numere joang?
6 Esita le tlaleho e tšosang ea lihloela ha li khutla leetong la tsona Kanana, hore “metse ea teng e hahelelitsoe ka marako, ’me e meholo haholo,” e pakoa ke boepolli ba lintho tsa khale. (13:28) Lintho tse ntseng li sibolloa kajeno li bontšitse hore baahi ba Kanana ka nako eo ba ne ba kopantse letoto la liqhobosheane tsa bona tse neng li namme ho pholletsa le naha libakeng tse ’maloa, ho tloha Phuleng ea Jezreele ka leboea ho ea Gerare ka boroa. Hase feela hore metse eo e ne e sirelelitsoe ka marako empa ka tloaelo e ne e hahuoa holim’a maralla, litora li hlahella ka holim’a marako a eona, li e etsa e khahlang haholo ho batho ba kang Baiseraele, ba phetseng lilemo-lemo naheng e bataletseng ea Egepeta.
7. Ke khatiso efe ea botšepehi eo Numere e nang le eona?
7 Lichaba tsa lefatše li sekamela ho koahela ho hlōleha ha tsona ’me li hōlise litlhōlo tsa tsona, empa ka botšepehi bo buang ’nete ea histori, tlaleho ea Numere e bolela hore Iseraele e ile ea putuloa ka ho felletseng ke Baamaleke le Bakanana. (14:45) Ka ho otlolohileng e lumela hore batho ba ile ba ipaka ba sa tšepahale ’me ba hlompholla Molimo. (14:11) Ka ho hloka leeme ho tsotehang, moprofeta oa Molimo Moshe o senola libe tsa sechaba, tsa bara ba bana babo, le tsa ngoan’abo le tsa khaitselie. Leha e le hore o itšiea ka thōko hobane o bolela ka nako eo a ileng a hlōleha ho halaletsa Jehova ha ho ne ho fanoa ka metsi Meriba, hoo a ileng a hlōloa ke tokelo ea ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—3:4; 12:1-15; 20:7-13.
8. Bangoli ba bang ba Bibele ba paka ho bululeloa ha Numere joang?
8 Hore tlaleho ena ke karolo ea ’nete ea Mangolo a bululetsoeng ke Molimo le hore e molemo ho pakoa ke ’nete ea hore hoo e ka bang liketsahalo tsohle tsa eona tse khōlō, hammoho le makolopetso a mang a mangata, ka ho toba a suptjoa ke bangoli ba bang ba Bibele, bao bongata ba bona bo totobatsang bohlokoa ba eona. Ka mohlala, Joshua (Josh. 4:12; 14:2), Jeremia (2 Mar. 18:4), Nehemia (Neh. 9:19-22), Asafe (Pes. 78:14-41), Davida (Pes. 95:7-11), Esaia (Esa. 48:21), Ezekiele (Ezek. 20:13-24), Hosea (Hos. 9:10), Amos (Amose 5:25), Mikea (Mikea 6:5), Luka tlalehong ea hae ea puo ea Setefane (Lik. 7:36), Pauluse (1 Ba-Kor. 10:1-11), Petrose (2 Pet. 2:15, 16), Juda (Juda 11), le Johanne ha a tlaleha mantsoe a Jesu a eang phuthehong ea Pergame (Tšen. 2:14), kaofela ba kha tlalehong ea Numere, joalokaha ho entse Jesu Kreste ka boeena.—Joh. 3:14.
9. Numere e hatisa eng mabapi le Jehova?
9 Joale Numere e sebeletsa morero ofe? Ruri tlaleho ea eona e molemo ho feta ea histori. Numere e hatisa hore Jehova ke Molimo oa taolo, o hlokang boinehelo bo ikhethang ho libōpuoa tsa oona. Hona ho hatisoa ka ho hlaka kelellong ea ’mali ha a hlokomela ho baloa, ho lekoa le ho hlokoloa ha Iseraele le ho bona kamoo tsela ea ho se utloe ha sechaba le ea borabele ba sona e sebelisoang ka teng ho hatisa tlhokahalo ea bohlokoa ea ho utloa Jehova.
10. Numere e ile ea bolokoa molemong oa bo-mang, hona hobane’ng?
10 Tlaleho eo e ile ea bolokoa molemong oa meloko e tlang, feela joalokaha Asafe a hlalositse, “Hore le bona . . . ba ke ba itšepele Molimo, ba se ke ba lebala liketso tsa Molimo, ’me ba boloke litaelo tsa oona” le hore “ba se ke ba etsisa bo-ntat’a bona, bao e bileng moloko o ikhantšang, o hanyetsang, moloko o sa kang oa tsamaea ka pelo e tiileng, oo moea oa oona o sa kang oa tšepeha ho Molimo.” (Pes. 78:7, 8) Khafetsa khafetsa, liketsahalo tsa Numere li phetiloe lipesalemeng, tseo e neng e le lipina tse halalelang har’a Bajode ’me kahoo hangata li ne li phetoa e le tse molemo ho sechaba.—Lipesaleme 78, 95, 105, 106, 135, 136.
LITABA TSE KA HARE TSA NUMERE
11. Litaba tse ka hare tsa Numere li ka aroloa likarolo life tse tharo?
11 Ka nepo Numere e oela likarolong tse tharo. Ea pele ho tsena, e qetellang khaolong ea 10, temana ea 10, e koahela liketsahalo tse etsahetseng ha Baiseraele ba ne ba ntse ba le Thabeng ea Sinai. Karolo e latelang, e qetellang ka khaolo ea 21, e bolela hore na ho etsahetse’ng nakong ea lilemo tse latelang tse 38 le khoeli kapa tse peli, ha ba le lefeelleng le ho fihlela ba fihla Mahoatateng a Moabe. Karolo e qetellang, ho fihla ho khaolo ea 36, e amehile ka liketsahalo Mahoatateng a Moabe ha Baiseraele ba itokisetsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.
12. Liahelo tsa Iseraele li khōlō hakae Sinai, hona liahelo tseo li hlophisoa joang?
12 Liketsahalo Thabeng ea Sinai (1:1–10:10). Baiseraele ba se ba bile sebakeng se lithaba sa Sinai hoo e ka bang selemo. Ke mona moo ba bōpiloeng ho ba mokhatlo o hlophisitsoeng o momahaneng. Ka taelo ea Jehova ho nkoa palo ea sechaba ea banna bohle ba lilemo li 20 le ho feta. Merabe ka boholo e fumanoe e ba ho tloha ho banna ba linatla ba 32 200 ho Manasse ho ea ho ba 74 600 ho Juda, ba etsa kakaretso ea banna ba 603 550 ba tšoanelehang ho sebeletsa sesoleng sa Iseraele, ka ntle ho Balevi le basali le bana—phiphitha mohlomong ea ba baloang ka limillione tse tharo kapa ho feta. Tente ea pokano e bohareng ba liahelo, ’moho le Balevi. Libakeng tseo ba li abetsoeng lehlakoreng le leng le le leng ho lutse Baiseraele ba bang, ka likarolo tsa merabe e meraro, morabe o mong le o mong o filoe litaelo mabapi le ho koloka ha ba liahelong ba tsamaea. Jehova o ntša litaelo, ’me tlaleho e re: “Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a li laetseng Moshe.” (2:34) Ba utloa Jehova ’me ba bontša ho hlompha Moshe, moemeli ea bonahalang oa Molimo.
13. Ke ho latela tokisetso efe Balevi ba abeloang mosebetsi?
13 Joale Balevi ba beetsoe ka thōko bakeng sa tšebeletso ea Jehova, e le topollo bakeng sa matsibolo a Iseraele. Ba aroloa lihlopha tse tharo, ho latela ho hlahlamana ha bona ho tloha ho bara ba bararo ba Levi: Gershone, Kehathe, le Merari. Hore na ba lula hokae ka liahelong le boikarabelo ba tšebeletso ea bona li reroa motheong oa ho aroloa hona. Ho tloha ka ba lilemo li 30 ho ea pele, ba lokela ho etsa mosebetsi o boima oa ho tsamaisa tabernakele. Hore ho tle ho etsoe mosebetsi o bobebe, ho entsoe tokisetso ea hore ba bang le bona ba sebeletse, ho qala ka ba lilemo li 25. (Tsena li ile tsa fokotsoa nakong ea Davida ho ea ho ba lilemo li 20.)—1 Likron. 23:24-32; Esdr. 3:8.
14. Ho fanoa ka litaelo life ho tiisa bohloeki ba liahelo?
14 E le hore liahelo li bolokoe li hloekile, ho fanoa ka litaelo bakeng sa ho behella ka thōko bao ba tšoaroang ke mafu, bakeng sa ho etsetsa liketso tsa ho se tšepahale pheko, bakeng sa ho rarolla litaba tseo ho tsona monna a ka ’nang a belaella boitšoaro ba mosali oa hae, le bakeng sa ho tiisa boitšoaro bo nepahetseng ka lehlakoreng la ba behetsoeng ka thōko ke kano ea ho phela e le Banazare ho Jehova. Kaha batho ba lokela ho ba le lebitso la Molimo oa bona holim’a bona, ba tlameha ho itšoara tumellanong le litaelo tsa hae.
15. (a) Mabapi le ho khakoloa ha aletare, ho ile ha etsoa menehelo efe? (b) Ke kamano efe eo Iseraele e tlamehang ho e hopola, ’me Paseka e lokela ho ba hopotsa ka eng?
15 Ha a tlatselletsa ka makolopetso a mang ho tloha khoeling e ka pele (Num. 7:1, 10; Ex. 40:17), Moshe joale o bolela ka menehelo ea thepa e entsoeng ke lihlooho tse 12 tsa sechaba ka nako ea matsatsi a 12 ho tloha letsatsing leo ho neng ho khakoloa aletare ka lona. Ho ne ho se na tlholisano kapa ho batla boithoriso; e mong le e mong o ne a ntša hantle seo ba bang ba se ntšitseng. Bohle joale ba tlameha ho hopola hore holim’a lihlooho tsena, le holim’a Moshe ka boeena, Jehova Molimo o teng, ea bolellang Moshe litaelo. Le ka mohla ba se lebale kamano ea bona le Jehova. Paseka ke ho ba hopotsa ka topollo e babatsehang ea Jehova Egepeta, ’me ba e ketekela mona lefeelleng ka nako e khethiloeng, selemo hoba ba tlohe Egepeta.
16. Jehova o etella sechaba pele joang, ’me ho lokisetsoa melumo efe ea terompeta?
16 Ka tsela e tšoanang le eo a tataisitseng ho tsamaea ha Iseraele ho tsoa Egepeta, Jehova o ntse a etella pele sechaba ha se tsamaea ka leru le koahelang tabernakele ea tente ea Bopaki motšehare le ka ho bonahala ha mollo moo bosiu. Ha leru le tsamaea, sechaba sea tsamaea. Ha leru le lula holim’a tabernakele, sechaba se lula liahelong, e bang ke ka matsatsi a fokolang kapa khoeli kapa ho feta, hobane tlaleho ea re bolella: “Ba ne ba emisa ka taelo ea Jehova, hape ba ne ba tloha ka taelo ea Jehova: ba ne ba ela taelo ea Jehova hloko, kamoo Jehova a neng a laetse ka Moshe kateng.” (Num. 9:23) Ha nako ea ho tloha Sinai e atamela, ho lokisetsoa melumo ea terompeta bakeng sa ho bokella sechaba le ho tataisa likarolo tse sa tšoaneng tsa bongata bo liahelong leetong la bona le boima la lefeelleng.
17. Hlalosa mokhoa oa ho tsamaea.
17 Liketsahalo lefeelleng (10:11–21:35). Qetellong, ka letsatsi la bo20 la khoeli ea bobeli, Jehova o phahamisa leru holim’a tabernakele, kahoo a bontša ho tloha ha Iseraele sebakeng sa Sinai. Areka ea selekane sa Jehova e le bohareng ba bona, ba leba Kadeshe-Barnea, lik’hilomithara tse ka bang 240 ho ea ka leboea. Ha ba tsamaea motšehare, leru la Jehova le holim’a bona. Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha Areka e tsoa, Moshe o rapela Jehova hore a tsohe ’me a qhalakanye lira tsa hae, ’me nako le nako ha e ema, o rapela Jehova hore a khutlele “likete-keteng tsa likete tsa Iseraele.”—10:36.
18. Ke ho belaela hofe ho ileng ha qhoma tseleng ho ea Kadeshe-Barnea, ’me Jehova o lokisa mokhoa oa puso ea hae joang liahelong?
18 Leha ho le joalo, ho hlaha khathatso liahelong. Leetong ho ea ka leboea ho Kadeshe-Barnea, bonyane ba belaela ka makhetlo a mararo. E le ho kokobetsa borabele bona ba pele, Jehova o romela mollo ho timetsa ba bang ba batho bana. Joale “letšoele le kopakaneng” le susumelletsa Iseraele hore e ngongorehe hore ha e sa na lijo tse kang tlhapi, likomokomore, mahapu, lisholothe, lieie, le sefotha-fotha tsa Egepeta, haese manna feela. (11:4) Moshe o tepelletse hoo a kōpang Jehova hore a ’molaee ho e-na le ho tsoela pele e le mohlokomeli e motona oa sechaba sena kaofela. Ka ho nahanela, Jehova o nka o mong oa moea o ho Moshe ’me o o bea holim’a banna ba hōlileng ba 70, ba tsoelang pele ho thusa Moshe e le baprofeta liahelong. Joale nama e tla ka bongata. Joalokaha ho kile ha etsahala pele, moea o tsoang ho Jehova o khanna likoekoe tse tsoang leoatleng, ’me batho ka meharo ba nka tse ngata, ka boikhabi baa li pata. Bohale ba Jehova ba tukela sechaba, bo bolaea ba bangata ka lebaka la takatso ea bona ea boithati.—Ex. 16:2, 3, 13.
19. Jehova o sebetsana joang le ho tšoaea phoso ha Miriame le Aarone?
19 Likhathatso li tsoela pele. Ka ho hlōleha ho talima ka nepo ngoan’abo bona e monyenyane, Moshe, e le moemeli oa Jehova, Miriame le Aarone ba mo tšoaea phoso ka mosali oa hae, ea sa tsoa fihla liahelong. Ba batla matla a eketsehileng, a tšoanang le a Moshe, le hoja “Moshe, e ne e le monna ea mosa, ea mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Num. 12:3) Jehova ka boeena o lokisa taba ’me o tsebahatsa hore Moshe o lutse boemong bo khethehileng, a otla Miriame ka lepera, eo e ka ’nang eaba ke eena mohlohlelletsi oa pelaelo eo. Ke ka ho kenella ha Moshe feela a ileng a fola hamorao.
20, 21. Ke liketsahalo life tse phahamisitseng taelo ea Jehova ea hore Iseraele e tlameha ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40?
20 Ha e fihla Kadeshe, Iseraele e hloma liahelo lintšing tsa Naha e Tšepisitsoeng. Joale Jehova o laela Moshe hore a romele lihloela ho ea hloela naha. Ba kena ka boroa, ba tsamaea ba lebile leboea “ho ea fihla Khorong ea Hamathe,” ba tsamaea lik’hilomithara tse makholo-kholo ka matsatsi a 40. (13:21, BPN) Ha ba khutla le tse ling tsa litholoana tse nonneng tsa Kanana, ba leshome ba lihloela tsena ba pheha khang ka ho hloka tumelo hore e ne e tla ba bothoto ho ea loantša batho ba matla hakaalo le metse e sirelelitsoeng ka marako e meholo hakaalo. Kalebe o leka ho kokobetsa phutheho ka tlaleho e molemo, empa a hlōleha. Lihloela tsa marabele tsa kenya tšabo lipelong tsa Baiseraele, ba bolela hore naha ke “e jang baahi ba eona” le ho re, “batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele.” Ha ho korotla ha borabele ho anela liahelo, Joshua le Kalebe baa rapela, “Jehova o na le rōna; le se ke la ba tšaba.” (13:32; 14:9) Leha ho le joalo, phutheho e qala ho bua ka ho ba betsa ka majoe.
21 Joale Jehova o kenella ka ho toba, a re ho Moshe: “Na sechaba sena se tla ’nyelisa ho isa neng na? na se tla hana ho isa neng ho lumela ho ’na, se sa re letho ka mehlolo eohle eo ke e entseng har’a sona na?” (14:11) Moshe o mo rapela hore a se ke a timetsa sechaba, kaha ho ameha lebitso la Jehova le botumo ba hae. Ka lebaka leo Jehova o laela hore Iseraele e tlameha ho tsoela pele e ntse e lelera lefeelleng ho fihlela bohle ba ngolisitsoeng har’a sechaba, ho tloha ho ba lilemo li 20 ho ea holimo, ba shoele. Ho ba batona ba ngolisitsoeng, ke Kalebe le Joshua feela ba tla lumelloa ho kena Naheng ea Tšepiso. Sechaba sa leka ho nyoloha ka bosona empa sa hlōloa hampe ke Baamaleke le Bakanana. Batho baa ba ile ba lefa theko e phahameng hakaakang ka lebaka la ho hlompholla ha bona Jehova le baemeli ba hae ba tšepahalang!
22. Bohlokoa ba kutlo bo hatisitsoe ka litsela life?
22 Ka sebele, ho na le ho hongata hoo ba lokelang ho ithuta hona ka morero oa kutlo. Ka ho loketseng, Jehova o ba fa melao e eketsehileng e totobatsang tlhokahalo ena. O ba tsebisa hore ha ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, liphoso li tlameha ho etsetsoa pheko, empa ba sa utloeng ka boomo ba tlameha ho tlosoa ntle ho tieho. Kahoo, ha monna a fumanoa a roalla patsi a tlōla molao oa Sabbatha, Jehova oa laela: “Motho eo o tšoanetse ho bolaoa.” (15:35) E le khopotso ea litaelo tsa Jehova le bohlokoa ba ho li boloka, Jehova o laela sechaba hore se apare liaparo tse litjellane memenong.
23. Phello ea borabele ba Kore, Dathane, le Abirame e bile efe?
23 Leha ho le joalo, borabele bo qhoma hape. Kore, Dathane, Abirame, le banna ba hlahelletseng ba 250 ba phutheho baa bokana ho ba khahlanong le matla a Moshe le Aarone. Moshe o bea taba ho Jehova, a re ho marabele ana: ‘Nkang lipitsa tsa libano le mollo ’me le li hlahise ho Jehova ’me o tla khetha.’ (16:6, 7) Joale khanya ea Jehova e hlaha ho phutheho eohle. Ka potlako o liha kahlolo, a etsa hore lefatše le ahlame ’me le metse ba matlo a Kore, Dathane, le Abirame, le ho romela mollo ho timetsa banna ba 250 ba nyehelang libano, ba akarelletsang le Kore. Letsatsing le hlahlamang feela, batho ba qala ho nyatsa Moshe le Aarone bakeng sa seo Jehova a se entseng, ’me O sa boetse a ba otla, a tlosa babelaeli ba 14 700.
24. Jehova o etsa pontšo efe ho felisa borabele?
24 Ha ho talingoa liketsahalo tsena, Jehova o laela morabe o mong le o mong hore o hlahise lere ka pel’a hae, ho akarelletsa le lere le nang le lebitso la Aarone bakeng sa morabe oa Levi. Letsatsing le hlahlamang ho bontšoa Aarone e le mokhethoa oa Jehova bakeng sa boprista, hobane ke lere la hae feela le fumanoeng le thuntse ’me le beile lialmonde tse butsoitseng. Le lokela ho bolokoa ka arekeng ea selekane “e be pontšo ho baikhantši.” (Num. 17:10; Ba-Heb. 9:4) Ka mor’a litaelo tse tsoelang pele bakeng sa ho tšehetsa boprista ka likarolo tsa leshome le mabapi le tšebeliso ea metsi a hloekisang a nang le molora oa khomo e khunong, tlaleho e re busetsa Kadeshe. Miriame o shoela teng ’me oa patoa.
25. Moshe le Aarone ba hlōleha ho halaletsa Jehova joang, hona ka phello efe?
25 Hape e le lintšing tsa Naha ea Tšepiso phutheho e ngangisana le Moshe ka lebaka la ho haella ha metsi. Jehova o ho nka e le ho ngangisana le Eena, ’me O hlaha khanyeng ea Hae, a laela Moshe hore a nke lere ’me a ntše metsi lefikeng. Na joale Moshe le Aarone ba halaletsa Jehova? Ho e-na le hoo Moshe o otla lefika habeli ka bohale. Sechaba le mehlape ea sona se fumana metsi a ho noa, empa Moshe le Aarone ba hlōleha ho lebisa tlotla ho Jehova. Le hoja leeto le sithabetsang pelo la lefeelleng le se le le haufi le ho fela, ka bobeli ba fumana bohale ba Jehova ’me ba bolelloa hore ba ke ke ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Hamorao Aarone o shoela Thabeng ea Hore, ’me mora oa hae Eleazare o nka mesebetsi ea moprista e moholo.
26. Ke liketsahalo life tse tšoaeang ho hlahlathela ho potoloha Edomo?
26 Iseraele e retelehela bochabela ’me e batla ho feta le naheng ea Edomo empa ea haneloa. Joale ha e hlahlathela e potoloha Edomo, batho ba kena khathatsong hape ha ba belaela khahlanong le Molimo le Moshe. Ba khathetse ke manna, ’me ba nyoriloe. Ka lebaka la borabele ba bona Jehova o romela linoha tse chefu har’a bona, hoo ho shoang ba bangata. Qetellong, ha Moshe a kena lipakeng, Jehova o mo laela hore a etse noha ea koporo e khubelu ’me a e behe palong ea pontšo. Ba lonngoeng empa ba talima noheng ea koporo ba bolokoa ba phela. Ba lebile leboea, Baiseraele baa sitisoa, ka ho latellana, ke marena a halefileng Sihone oa Baamore le Oge oa Bashane. Iseraele e ba hlōla ka bobeli ntoeng, ’me Iseraele e nka libaka tsa tsona ho ea ka bochabela ho Phula ea Rift.
27. Jehova o ile a etsolla merero ea Balake joang mabapi le Balaame?
27 Liketsahalo Mahoatateng a Moabe (22:1–36:13). Ka tebello e khōlō ea ho kena ha bona Kanana, Baiseraele joale ba bokana mahoatateng a lefeella a Moabe, ka leboea ho Leoatle le Shoeleng le ka bochabela ho Jordane malebana le Jeriko. Ha ba bona liahelo tsena tse khōlōhali li namme ka pele ho bona, Bamoabe ba ikutloa ba tšohile ka mokhoa o kulisang. Morena oa bona Balake, hoba a bonane le Bamidiane, o romela ho Balaame hore a sebelise bonohe ’me a rohake Iseraele. Le hoja ka ho toba Molimo o bolella Balaame, “U ke ke ua ea le bona,” o batla ho ea. (22:12) O batla moputso. Qetellong oa ea, hore feela a eo thibeloa ke lengeloi le hore esele ea hae e tšehali e bue le eena ka mohlolo e mo khalemela. Ha qetellong Balaame a khona ho rohaka Iseraele, moea oa Molimo oa mo susumelletsa, e le hore lipolelo tsa hae tse ’ne tsa maele li profete litlhohonolofatso feela bakeng sa sechaba sa Molimo, esita le ho bolela esale pele hore naleli e ne e tla tsoa ho Jakobo le hore lere la borena le ne le tla tsoa Iseraele ho busa le ho timetsa.
28. Ke leraba lefe le sa bonahaleng le tlisoang ho Iseraele ka tlhahiso ea Balaame, empa seoa se emisoa joang?
28 Hoba a halefise Balake ka ho hlōleha ho rohaka Iseraele, Balaame joale o batla mohau ho morena ka ho etsa tlhahiso ea hore Bamoabe ba sebelise ba batšehali ba bona ho hohela banna ba Iseraele hore ba kopanele litšebeletsong tse hlephileng tse amehang borapeling ba Baale. (31:15, 16) Mona, moeling oa Naha e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba qala ho oela boitšoarong bo bobe bo tebileng le ho rapela melimo ea bohata. Ha bohale ba Jehova bo ba tukela ka seoa, Moshe o batla hore bafosi ba otloe haboima. Ha Finease, mora oa moprista e moholo, a bona mora oa molaoli oa lebotho a tlisa mosali oa Momidiane tenteng ea hae ka hare ho liahelo, oa ba latela ’me oa ba bolaea, a hlaba mosali ho phunyelletsa likarolo tsa hae tsa botšehali. Ka ketso ena, seoa sea khaotsa, empa eseng pele ho e-shoa ba 24 000.
29. (a) Ke eng se senoloang ke palo ea sechaba qetellong ea selemo sa bo40? (b) Joale ho etsoa tokisetso efe bakeng sa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng?
29 Joale Jehova o laela Moshe le Eleazare hore ba bale sechaba hape, joalokaha ho ile ha etsoa lilemo tse ka bang 39 tse fetileng Thabeng ea Sinai. Palo ea ho qetela e bontša hore ha hoa ka ha e-ba le keketseho maemong a bona. Ho fapana le moo, ho ngolisitsoe banna ba 1 820 ka tlaase. Ha ho ba setseng ho ba ngolisitsoeng Sinai bakeng sa tšebeletso ea sesole, ntle ho Joshua le Kalebe. Joalokaha Jehova a ne a bontšitse hore ho ne ho tla etsahala, kaofela ha bona ba shoetse lefeelleng. Jehova o boetse o fana ka litaelo mabapi le ho arola naha e le lefa. O boetse oa pheta hore Moshe a ke ke a kena Naha e Tšepisitsoeng ka lebaka la ho hlōleha ha hae ho halaletsa Jehova metsing a Meriba. (20:13; 27:14, NW, botlaaseng ba leqephe) Joshua o rongoa e le mohlahlami oa Moshe.
30. Taba le Bamidiane e lokisoa joang, ’me ho abjoa ha libaka ho etsoa joang ka bochabela ho Jordane?
30 Ka Moshe, Jehova o boetse o hopotsa Iseraele ka bohlokoa ba melao ea Hae e mabapi le mahlabelo le mekete le ho teba ha likano. O boetse o re Moshe a lokise litaba le Bamidiane ka lebaka la karolo ea bona ea ho thetsa Iseraele ka Baale-Peore. Ba batona bohle ba Midiane ba bolaoa ntoeng, hammoho le Balaame, ’me ho bolokoa banana ba baroetsana feela, ba 32 000 ba bana ba isoa botlamuoeng hammoho le thepa e akarelletsang liphoofolo tse 808 000. Ha ho Moiseraele le ea mong ea tlalehoang a lahlehile ntoeng ena. Bara ba Rubene le Gade, ba ruileng mehlape, ba kōpa ho lula sebakeng se ka bochabela ho Jordane, ’me ka mor’a ho lumela ho thusa ho hapa Naheng e Tšepisitsoeng, ho amoheloa kōpo ea bona, e le hore merabe ena e ’meli, hammoho le halofo ea morabe oa Manasse, ba fuoa sehlaba sena se nonneng e le leruo la bona.
31. (a) Ha e kena naheng eo, Iseraele e tlameha ho tsoela pele ho bontša kutlo joang? (b) Ho fanoa ka litaelo life mabapi le mafa a morabe?
31 Ka mor’a ho hlahloba libaka tseo ho emisitsoeng ho tsona leetong la lilemo tse 40, tlaleho e boetse e tsepamisa tlhokomelo hore hoa hlokahala ho utloa Jehova. Molimo o ba fa naha, empa ba tlameha ho ba balihi ba likahlolo tsa Oona, ba leleka baahi ba hlephileng boitšoarong, ba rapelang bademona le ho timetsa moneketsela o mong le o mong oa bolumeli ba bona ba litšoantšo. Ho boleloa meeli e qaqileng ea naha eo ba e filoeng ke Molimo. Ba lokela ho e arolelana ka lotho. Balevi, ba se nang bojalefa ba morabe, ba lokela ho fuoa metse e 48 hammoho le makhulo a eona, e 6 ea eona e be metse ea setšabelo bakeng sa ’molai eo e seng oa ka boomo. Sebaka se tlameha ho lula e le sa morabe o itseng, ho se le ka mohla se ka fetisetsoang ho o mong ka lenyalo. Haeba ho se na mojalefa e motona, joale barali ba amohelang lefa—ka mohlala, barali ba Tselofkade—ba lokela ho nyaloa ka hare ho morabe oa habo bona. (27:1-11; 36:1-11) Numere e qetella ka litaelo tsena tsa Jehova ka Moshe le bara ba Iseraele bao qetellong ba emetseng ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
32. Ke ka litsela life Jesu le sehlabelo sa hae a tšoantšelitsoeng ho Numere?
32 Jesu o buile ka Numere ka makhetlo a ’maloa, le baapostola ba hae le bangoli ba bang ba Bibele ba bontšitse ka ho hlaka kamoo tlaleho ea eona e nang le moelelo le kamoo e nang le molemo ka teng. Moapostola Pauluse ka ho toba o ile a bapisa tšebeletso ea Jesu e tšepahalang le ea Moshe, eo boholo e tlalehiloeng ho Numere. (Ba-Heb. 3:1-6) Mahlabelong a liphoofolo le ho fafatsoeng ha melora ea khongoana e khunong ho Numere 19:2-9, re boetse re bona e tšoantšetsa tokisetso e khōlōhali bakeng sa ho hloekisa ka sehlabelo sa Kreste.—Ba-Heb. 9:13, 14.
33. Ke hobane’ng ha ho ntšoa ha metsi lefeelleng e le ntho eo re e thahasellang kajeno?
33 Ka ho tšoanang, Pauluse o bontšitse hore ho hlahisoa ha metsi lefikeng lefeelleng ho na le ho hongata hoo ho ho bolelang ho rōna, a re: “Ba ne ba e-noa metsi a lefika la moea le ba latelang, ’me lefika leo e ne e le Kreste.” (1 Ba-Kor. 10:4; Num. 20:7-11) Ka ho tšoanelehang, e ne e le Kreste ka boeena ea itseng: “E mong le e mong ea noang metsi ao ke mo neang ’ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla o le mong, ’me metsi ao ’na ke mo neang ’ona, e tla ba ka ho eena seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.”—Joh. 4:14.
34. Jesu o bontšitse joang hore noha ea koporo e ne e e-na le moelelo oa boprofeta?
34 Jesu o boetse a bua ka ho toba ka ketsahalo e tlalehiloeng ho Numere e neng e tšoantšetsa tokisetso e babatsehang eo Molimo o neng o e etsa ka eena. O itse: “Joale ka ha Moshe a na a fanyehe noha feelleng, Mor’a motho e ka khona a fanyehoe joalo; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena . . . a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:14, 15; Num. 21:8, 9.
35. (a) Bakreste ba lokela ho itebela khahlanong le eng, joalokaha ho bontšitsoe ke Baiseraele lefeelleng, hona hobane’ng? (b) Mangolong a bona, Juda le Petrose ba ile ba bua ka mehlala efe ea meharo le borabele?
35 Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba ahloleloa ho lelera lefeelleng lilemo tse 40? Ka lebaka la ho haelloa ke tumelo. Moapostola Pauluse o fane ka keletso e matla ntlheng ena: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo e mpe ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang; le mpe le khothatsane ka matsatsi ’ohle.” Ka lebaka la ho se utloe ha bona le ka lebaka la ho hloka tumelo ha bona, Baiseraele bano ba ile ba shoela lefeelleng. “A re ke re itlhahaneleng [“re etse sohle se matleng a rōna,” NW] ke hona ho kena phomolong eo, e se be e mong a tšoha a e-oa ke ho ea ka mohlala oa bao ba sa kang ba lumela.” (Ba-Heb. 3:7–4:11; Num. 13:25–14:38) Ha a lemosa ka batho ba hlokang bomolimo ba buang hampe ka lintho tse halalelang, Juda o ile a bua ka meharo ea Balaame bakeng sa moputso le ka puo ea borabele ea Kore khahlanong le mohlanka oa Jehova Moshe. (Juda 11; Num. 22:7, 8, 22; 26:9, 10) Petrose le eena o ile a bua ka Balaame e le “ea ratileng moputso oa bokhopo,” le ka Jesu ea tlotlisitsoeng tšenolong ea hae ka Johanne e le ea ‘beang khopiso pel’a bana ba Iseraele ea melimo ea bohata le bohlola.’ Ka sebele phutheho ea Bokreste kajeno e lokela ho lemosoa khahlanong le ba joalo ba sa halaleleng.—2 Pet. 2:12-16; Tšen. 2:14.
36. Pauluse o ile a lemosa ka mekhoa efe e kotsi, ’me re ka rua molemo joang keletsong ea hae?
36 Ha ho hlaha boitšoaro bo bobe ka phuthehong ea Korinthe, Pauluse o ile a ba ngolla ka “ho lakatsa tse mpe,” a supa Numere ka ho toba. O ile a eletsa: “Hape, re se ke ra etsa bootsoa, joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba ineela jona, ’me ka tsatsi le le leng ha oa ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro.” (1 Ba-Kor. 10:6, 8; Num. 25:1-9; 31:16)b Ho thoe’ng ka lekhetlo leo batho ba neng ba belaela ka hore ho utloa litaelo tsa Molimo ho na le mathata a botho le hore ha baa khotsofala ka tokisetso ea Jehova ea manna? Mabapi le sena, Pauluse o re: “Le hona re se ke ra leka Jehova, joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba mo leka, ’me ba bolailoe ke linoha.” (1 Ba-Kor. 10:9, NW; Num. 21:5, 6) Joale Pauluse o tsoela pele: “Hape, le se ke la korotla joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba korotla, ’me ba bile ba timetsoa ke motimetsi.” Liphihlelo tsa Iseraele li bile bohloko hakaakang ka lebaka la ho korotlela Jehova, baemeli ba hae, le litokisetso tsa hae! Lintho tsena tse neng “li ba hlahele hore e be litemoso” li lokela ho ema e le temoso e hlakileng ho rōna bohle kajeno, e le hore re ka tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka tumelo e tletseng.—1 Ba-Kor. 10:10, 11; Num. 14:2, 36, 37; 16:1-3, 41; 17:5, 10.
37. Bontša kamoo Numere e re thusang ho utloisisa litemana tse ling tsa Bibele.
37 Numere e boetse e fana ka semelo seo ka sona litemana tse ngata tsa Bibele li ka utloisisoang hamolemo.—Num. 28:9, 10—Matt. 12:5; Num. 15:38—Matt. 23:5; Num. 6:2-4—Luka 1:15; Num. 4:3—Luka 3:23; Num. 18:31—1 Ba-Kor. 9:13, 14; Num. 18:26—Ba-Heb. 7:5-9; Num. 17:8-10—Ba-Heb. 9:4.
38. Ke ka litsela life tse khethehileng buka ea Numere e leng molemo, hona e lebisa tlhokomelo ea rōna kae?
38 Se tlalehiloeng ho Numere ka sebele se bululetsoe ke Molimo, ’me se molemo bakeng sa ho re ruta bohlokoa ba ho utloa Jehova le ho hlompha bao a ba beileng balebeli har’a batho ba hae. Ka mohlala, e khalemela ho etsa phoso, ’me ka liketsahalo tse nang le bohlokoa ba boprofeta, e lebisa tlhokomelo ea rōna ho Eo Jehova a faneng ka eena e le Mopholosi le Moeta-pele oa batho ba Hae kajeno. E fana ka sehokelo se hlokahalang le se laeang tlalehong e lebisang ho hlongoeng ha ’Muso o lokileng oa Jehova matsohong a Jesu Kreste, eo A mo khethileng e le ’Muelli le Moprista e Moholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 540-2.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 233.