Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 9—Thuto ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale le Tlaleho e Bululetsoeng
Ho ithuta lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale le litlaleho tsa boholo-holo tsa histori ea lefatše tse tšehetsang tlaleho ea Bibele.
1. Ke eng se boleloang ka (a) thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale ea Bibele? (b) mesebetsi ea matsoho?
THUTO ea ho epolloa ha lintho tsa khale ea Bibele ke ho ithuta lichaba le liketsahalo tsa linakong tsa Bibele ka mengolo, lisebelisoa, mehaho, le mesaletsa e meng e fumanoang mobung. Letšolo la ho batla mesaletsa ea boholo-holo, kapa mesebetsi ea matsoho libakeng tsa boholo-holo tsa Bibele le akarellelitse lipatlisiso tse ngata le ho tlosa mobu o mongata. Mosebetsi oa matsoho ke ntho leha e le efe e bontšang tšebetso ea motho le e fanang ka bopaki ba se ka etsoang ke motho le ba bophelo ba hae. Mesebetsi ea matsoho e ka kopanyelletsa lintho tse kang mesebetsi ea letsopa, lithako, mangetana, mengolo, litokomane, liemahale, le litlaleho tse ngotsoeng lejoeng.
2. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale ea Bibele ke ea bohlokoa bofe?
2 Qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e ne e ntšelitsoe pele hore e be lefapha la bohlokoa la ho ithuta, le nang le maeto a ho ea linaheng tsa Bibele a tšehelitsoeng ka lichelete ke liunivesithi tse khōlō le litsi tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa tse Europe le Amerika. Ka baka leo, baepolli ba lintho tsa khale ba koahollotse letlotlo la boitsebiso bo hlakisang tsela eo lintho li neng li le ka eona linakong tsa Bibele. Ka linako tse ling lintho tse fumanoeng ka ho epolloa ha lintho tsa khale li bontšitse bonnete ba Bibele, li bontša ho nepahala ha eona le boitsebisong bo bonyenyane ka ho fetisisa.
THUTO EA HO EPOLLOA HA LINTHO TSA KHALE LE MANGOLO A SEHEBERU
3. Ke masupi afe le litlaleho tsa boholo-holo tse tiisang boteng ba litora tsa litempele tsa mohaho o phahameng o motsu ka holimo Babylona ea boholo-holo?
3 Tora ea Babele. Ho ea ka Bibele, Tora ea Babele e ile ea e-ba mosebetsi o moholo oa kaho. (Gen. 11:1-9) Ka ho thahasellisang, baepolli ba lintho tsa khale ba koahollotse ka hare le ho pota masupi a Babylona ea boholo-holo libaka tse ’maloa tsa litora tsa litempele tse nang le mekato tse tšoanang le mohaho o phahameng o motsu ka holimo, ho kopanyelletsa le tempele e entsoeng lesupi ea Etemenanki, e neng e le ka hare ho marako a Babylona. Litlaleho tsa boholo-holo tse mabapi le litempele tse joalo hangata li na le mantsoe a reng, “Tlhōrō ea eona e tla fihla maholimong.” Morena Nebukadnezare o tlalehoa a ile a re, “Ke emisitse tlhōrō ea Tora ea mekato Etemenanki hore tlhōrō ea eona e fete maholimo.” Sekotoana se seng se hlalosa ho oa ha tora e joalo ea tempele e nang le mekato e tšoanang le mohaho o phahameng o motsu ka holimo ka mantsoe ana: “Ho hahoa ha tempele ena ho ile ha khopisa melimo. Bosiu melimo e ile ea heletsa se neng se hahiloe. E ile ea ba qhalanyetsa hōle, ’me ea ferekanya puo ea bona. Ea thibela tsoelo pele.”a
4. Ke litšibollo life tsa ho epolloa ha lintho tsa khale tse ileng tsa etsoa Gihone, ’me tsee li ka ba le kopano efe le tlaleho ea Bibele?
4 Likotopo tsa Metsi Selibeng sa Gihone. Ka 1867 sebakeng se Jerusalema, Charles Warren o ile a sibolla mocha oa metsi o mathang ho tsoa Selibeng sa Gihone ho khutlela leralleng, o nang le mokoti o nyolohelang Motseng oa Davida. Kamoo ho bonahalang ka teng, mona, ke tsela eo banna ba Davida ba ileng ba qala ho kenella motseng ka eona. (2 Sam. 5:6-10) E ne e le ka 1909-11 ha mecha eohle ea likotopo tse tlohang selibeng sa Gihone e ne e hloekisoa. Kotopo e ’ngoe e khōlō, e lekanang le limithara tse 1,8 ka bolelele, e ile ea betloa ka limithara tse 533 har’a lefika le thata. E ne e tloha Gihone e leba Letšeng la Siloame Khohlong ea Tyropoeone (e ka har’a motse) ’me kamoo ho bonahalang ka teng ke eo Ezekiase a e hahileng. Mongolo o ngotsoeng ka Seheberu sa pele-pele o ile oa fumanoa leboteng la kotopo e patisaneng. Karoloana ea oona e baleha tjena: “’Me ke ka tsela ena e neng e phuntsoe:—Ha [ . . . ] (ba) sa ntse ba [ . . . ] (li)selepe, motho ka mong a shebane le oa habo, leha ho ne ho sa ntsane ho e-na le linōkō tse tharo tse lokelang ho phunngoa, [ho ile ha utloahala] lentsoe la monna ea bitsang oa habo, hobane lefika le ne le sa lekane ka ho le letōna [le ka ho le letšehali]. ’Me ha kotopo e ntse e ntšetsoa-pele, banna ba mokoari ba ile ba cheka (lefika), motho ka mong a lebane le oa habo, ho lla selepe feela; ’me metsi a ile a phalla ho tsoa selibeng ho leba letamong ka litsoe tse 1 200, ’me bolelele ba lefika ka holim’a (li)hlooho ea banna ba mokoari e ne e le litsoe tse 100.” Ke ketso e babatsehang hakaakang ea ho haha ho sebelisoa mechine bakeng sa mehla eo!b—2 Mar. 20:20; 2 Likron. 32:30.
5. Ke bopaki bofe bo teng ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo fumanoeng Karnak ka phutuho ea Shishake le mabitso a libaka tsa Bibele?
5 Setšoantšo se Betliloeng sa Tlhōlo sa Shishake. Shishake, morena oa Egepeta, o boleloa ka makhetlo a supileng ka Bibeleng. Ka lebaka la hore Morena Roboame o ile a lahla molao oa Jehova, Jehova o ile a lumella Shishake hore a futuhele Juda, ka 993 B.C.E., empa e seng ho e etsa lesupi ka ho felletseng. (1 Mar. 14:25-28; 2 Likron. 12:1-12) Ho fihlela lilemong tsa morao-rao, ho ne ho bonahetse tlaleho ea Bibele e le eona feela e buang ka phutuho ena. Eaba joale ho fumanoa tokomane e khōlō ea Faro eo Bibele e ’mitsang Shishake (Sheshonk 1). Ena e ne e le ka sebopeho sa setšoantšo se betliloeng se setle se entsoeng ka mongolo oa litšoantšo le ka litšoantšo leboteng le ka boroa la tempele e khōlō ea Egepeta e Karnak (Thebes ea boholo-holo). Setšoantšong sena se seholo se betliloeng, ho bontšitsoe molimo oa Egepeta Amone, o tšoereng ka letsohong la oona le letona sabole e bōpehileng joaloka sekele. O tlisa ho Faro Shishake batšoaruoa ba Palestina ba 156 ba tlamiloeng ka mahlaahlela, ba tlamelletsoeng ka mehala letsohong la hae le letšehali. Motšoaruoa ka mong o emela motse kapa motsana, oo lebitso la oona le bontšitsoeng ka mongolo oa litšoantšo. Har’a e ka ’nang ea baloa le ho tsejoa ho na le Rabbithe (Josh. 19:20); Thaanake, Bethe-Sheane, le Megiddo (Josh. 17:11); Shuneme (Josh. 19:18); Rehobe (Josh. 19:28); Hafaraime (Josh. 19:19); Gibeone (Josh. 18:25); Bethe-Horone (Josh. 21:22); Ajalone (Josh. 21:24); Soko (Josh. 15:35); le Arade (Josh. 12:14). Tokomane eo e boetse e bua ka “Tšimo ea Abrame,” mona e le lekhetlo la pele moo ho buuoang ka Abrahama litlalehong tsa Egepeta.c
6, 7. Histori ea Lejoe la Moabe ke efe, ’me le fana ka boitsebiso bofe mabapi le ntoa pakeng tsa Iseraele le Moabe?
6 Lejoe la Moabe. Ka 1868 moromuoa oa Lejeremane F. A. Klein o ile a sibolla ntho e hapang tlhokomelo ea mongolo oa boholo-holo o lejoeng Dhiban (Dibon). Lena le tsejoa e le Lejoe la Moabe. Mongolo oa lona o ile oa kopitsoa ka ho tšolloa, empa lejoe ka bolona le ne le ile la pshatloa ke Babedouine pele le ka tlosoa. Leha ho le joalo, likarolo tse ngata tsa lona li ile tsa fumanoa, ’me hona joale lejoe lena le bolokiloe Louvre, Paris, le entsoeng joaloka lona le Setsing sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani, London. Qalong le ne le emisitsoe Dibon, Moabe, ’me le fana ka tlaleho ea Morena Mesha ha a fetohela Iseraele. (2 Mar. 1:1; 3:4, 5) Karoloana ea lona e baleha tjena: “’Na (ke) Mesha, mora oa Kemoshe-[ . . . ], morena oa Moabe, Modibone . . . Ha e le ka Omri, morena oa Iseraele, o kokobelitse Moabe ka lilemo tse ngata (ha e le hantle, matsatsi), hobane Kemoshe [molimo oa Moabe] o ne a halefetse lefatše la hae. ’Me mora oa hae o ile a mo latela ’me le eena o itse, ‘Ke tla kokobetsa Moabe.’ Nakong ea ka o buile (tjena), empa ke mo hlōtse le ntlo ea hae, ha Iseraele e felile ka ho sa feleng! . . . ’Me Kemoshe o itse ho ’na, ‘Tsamaea, u nke Nebo ho Iseraele!’ Kahoo ke ile ka tsamaea le bosiu ’me ka e loantša ho tloha ha ho hlaha mafube ho fihlela motšehare o moholo, ka e hapa ’me ka bolaea bohle . . . ’Me teng ka nka [lipitsa] tsa Yahweh, ka li hulanyetsa pel’a Kemoshe.”d Hlokomela ho boleloa ha lebitso la Molimo polelong ea ho qetela. Lena le ka bonoa setšoantšong sena sa Lejoe la Moabe. Le ka Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo, ho ea ka ho le letona la tokomane, moleng oa bo18.
7 Lejoe la Moabe le boetse le bolela ka libaka tse latelang tsa Bibele: Atharothe le Nebo (Num. 32:34, 38); Arnone, Aroere, Medeba, le Dibone (Josh. 13:9); Bamothe-Baale, Bethe-Baale-Meone, Jaatse, le Kiryathaime (Josh. 13:17-19); Betsere (Josh. 20:8); Horonaime (Esa. 15:5); le Bethe-Diblathaime le Keriothe (Jer. 48:22, 24). Ka hona e tšehetsa bonnete ba histori mabapi le libaka tsena.
8. Bibele e tlaleha eng mabapi le Sankeribe, ’me ho cheka ntlong ea hae ea borena ho senotse eng?
8 Moqomo o Likhutlo oa Morena Sankeribe. Bibele e tlaleha ka ho batsi ka phutuho ea Baassyria tlas’a Morena Sankeribe selemong sa 732 B.C.E. (2 Mar. 18:13–19:37; 2 Likron. 32:1-22; Esa. 36:1–37:38) Ke ka 1847-51 ha moepolli oa lintho tsa khale oa Lenyesemane A. H. Layard a cheka masupi a ntlo e khōlō ea borena ea Sankeribe Ninive naheng ea Assyria ea boholo-holo. Ho ile ha fumanoa hore ntlo eo ea borena e na le likamore tse ka bang 70, ka mabota a ka holimo ho limithara tse 3 000 a manehiloeng matlapa a entsoeng litšoantšo. Litlaleho tsa selemo le selemo tsa liketsahalo, tsa Sankeribe, li ne li ngoloa meqomong e chitja ea letsopa, kapa meqomong e likhutlo. Ho ngoloa ha ho qetela ha litlaleho tsena tsa selemo le selemo, tseo kamoo ho bonahalang ka teng li entsoeng pejana ho lefu la hae, li hlaha ho se tsejoang e le Moqomo o Likhutlo oa Taylor, o bolokiloeng Setsing sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani, empa Oriental Institute ea Univesithi ea Chicago e na le kopi e ntle haholoanyane moqomong o likhutlo o sibollotsoeng pel’a Ninive ea boholo-holo, motse-moholo oa ’Muso oa Assyria.
9. Sankeribe o tlaleha eng, tumellanong le tlaleho ea Bibele, empa o hlōleha ho bolela eng, hona hobane’ng?
9 Litlalehong tsena tsa ho qetela tsa selemo le selemo, Sankeribe o fana ka tlaleho ea hae ea boithoriso ea ha a futuhela Juda: “Ha e le ka Ezekiase, Mojode, ha a ka a ikokobelletsa joko ea ka, ke ile ka thibella e 46 ea metse ea hae e matla, liqhobosheane tse entsoeng ka marako le metsana e menyenyane e se nang palo e haufinyane, ’me ka (e) hlōla ka thuso ea litututsoana (tsa mobu) tse katiloeng hantle, le ka litšepe tsa ho heletsa marako tse tlisitsoeng (ka hona) pel’a (marako) (ho kopanyelletsa le) tlhaselo ka masole a sa palamang, (ke sebelisa) mekoti e kenellang moo lira li leng teng, bokamorao ba libetsa haesitana le likotopo tse kenellang liqhobosheaneng tsa lira. Ke ile ka leleka batho ba 200 150 (metseng eo), ba banyenyane le ba baholo, ba batona le ba batšehali, lipere, limmoulo, liesele, likamele, likhomo tse khōlō le tse nyenyane tse se nang palo, ’me ka (li) nka e le khapo. Eena [Ezekiase] ke ile ka mo etsa motšoaruoa Jerusalema, lehae la hae la borena, joaloka nonyana e koaletsoeng ntloaneng ea eona. . . . Metse ea hae eo ke neng ke e hapile, ke ile ka e amoha naha ea hae ka e fetisetsa ho Mitinti, morena oa Ashdode, Padi, morena oa Ekrone, le Sillibele, morena oa Gaza. . . . Ezekiase ka boeena . . . a nthomella hamorao, Ninive, motseng oa ka oa borena, litalenta tse 30 tsa gauda, litalenta tse 800 tsa silevera, mahakoe, antimony, lipetle-petle tsa lejoe le lefubelu, litulo tse (khabisitsoeng) ka manaka a tlou, litulo tsa nimedu (tse khabisitsoeng) ka manaka a tlou, matlalo a litlou, lehong la ebony, lehong la box (le) mefuta eohle ea matlotlo a bohlokoa, barali (bao e leng) ba hae, lirethe, libini tsa banna le tsa basali. E le ho fana ka nyehelo le ho ikokobetsa joaloka lekhoba o ile a romela setitimi sa hae sa (botho).”e Ha e le ka nyehelo ena e ileng ea batloa ke Sankeribe ho Ezekiase, Bibele e tiisa litalenta tse 30 tsa gauda empa e bolela feela litalenta tse 300 tsa silevera. Hape, e bontša hore sena ke pele Sankeribe a etsa tšokelo ea ho thibella Jerusalema. Tlalehong e sa otlolohang ea Sankeribe ea histori ea Assyria, ka morero o tlohela ho bolela ka tlhōlo ea hae e soabisang Juda, ha ka bosiu bo le bong lengeloi la Jehova le bolaea masole a hae a 185 000, ka hona le mo tlama ho balehela Ninive joaloka ntja e shapiloeng. Leha ho le joalo, tlaleho ena ea boithoriso e ngotsoeng Moqomong o Likhutlo oa Sankeribe e bontša ho futuheloa ho hoholo ha Juda pele Jehova a khutlisa Baassyria ka mor’a hore ba sokele Jerusalema.—2 Mar. 18:14; 19:35, 36.
10, 11. (a) Mangolo a Lakishe ke eng, ’me a bontša eng? (b) A tšehetsa ho ngola ha Jeremia joang?
10 Mangolo a Lakishe. Motse oa qhobosheane o tummeng oa Lakishe o boleloa ka makhetlo a fetang 20 ka Bibeleng. O ne o le lik’hilomithara tse 44 bophirima bo ka boroa-bophirima ba Jerusalema. Masupi a chekiloe ka ho pharalla. Ka 1935, ka matlung a mabeli a balebeli a hekeng, ho ile ha fumanoa mangetana a 18 a ngotsoeng (a mang a mararo a ile a fumanoa ka 1938). Ho ile ha fumaneha hore ana ke mangolo a ’maloa a ngotsoeng ka litlhaku tsa boholo-holo tsa Seheberu. Pokello ena ea a 21 hona joale e tsejoa e le Mangolo a Lakishe. Lakishe e ne e le e ’ngoe ea liqhobosheane tsa ho qetela tsa Juda tse ileng tsa tšoarella khahlanong le Nebukadnezare, e ileng ea siuoa e le qubu ea masupi a cheleng nakong ea 609-607 B.C.E. Mangolo ana a bonahatsa ho potlaka ha linako. Ho bonahala e le mangolo a ileng a ngoloa matlung a setseng a balebeli ba mabotho a Judea a eang ho Yaoshe, molaoli oa lekhotla ea neng a le Lakishe. Le leng la ’ona (la nomoro IV) karoloana ea lona e baleha tjena: “YHWH [Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo, “Jehova”] morena oa ka a ke a utloe joale litaba tse monate. . . . re lebelletse lipontšo tsa mollo tsa Lakishe, ho latela lipontšo tsohle tseo morena oa ka a fanang ka tsona, hobane ha re sa bona Azeka.” Hona ho tiisa ka ho hlollang Jeremia 34:7, e bolelang Lakishe le Azeka e le metse e entsoeng liqhobosheane ea ho qetela e ’meli e setseng. Kamoo ho bonahalang ka teng lengolo lena le bontša hore Azeka e ne e oele. Lebitso la Molimo, ka sebopeho sa Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso leo, le hlaha hangata mangolong ana, ho bontša hore lebitso Jehova le ne le sebelisoa letsatsi le leng le le leng ke Bajode nakong eo.
11 Lengolo le leng (la nomoro III) le qala ka mokhoa ona: “YHWH [ke hore, Jehova] ha a ke a etse hore morena oa ka a utloe litaba tsa khotso! . . . ’Me ho tlalehetsoe mohlanka oa hao ha thoe, ‘Molaoli oa lebotho, Konia mora oa Elnathane, o theohile e le hore a kene Egepeta le ho Hodavia mora oa Akija ’me o rometse banna ba hae ho re ba nke [thepa] ho tsoa ho eena.’” Lengolo lena ho bonahala le tiisa hore Juda e ile ea theohela Egepeta bakeng sa thuso, ho tlōleng taelo ea Jehova le ho felisoeng ha eona. (Esa. 31:1; Jer. 46:25, 26) Mabitso a Elnathane le Hosea, a hlahang tabeng e ngotsoeng e felletseng ea lengolo lena, a boetse a fumanoa ho Jeremia 36:12 le Jeremia 42:1. Mabitso a mang a mararo a boletsoeng mangolong ana a boetse a fumanoa bukeng ea Bibele ea Jeremia. Ke Gemaria, Neria, le Jaazania.—Jer. 32:12; 35:3; 36:10.f
12, 13. Tlaleho ea Nabonidus e hlalosa eng, ’me ke ka baka la’ng ha e le ea bohlokoa bo ikhethang?
12 Tlaleho ea Nabonidus. Karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo, ho chekoa ho entsoeng pel’a Baghdad ho hlahisitse lintho tse ngata tsa bohlokoa tsa matlapa a letsopa le tsa meqomo tse hlakisitseng haholo histori ea Babylona ea boholo-holo. E ’ngoe ea tsena ke tokomane ea bohlokoahali e tsejoang e le Tlaleho ea Nabonidus, eo hona joale e leng Setsing sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani. Morena Nabonidus oa Babylona e ne e le ntate oa ’musi-’moho le eena, Belshatsare. O ile a phela halelele ho feta mora oa hae, ea ileng a bolaoa ka bosiu boo mabotho a Cyruse oa Mopersia a neng a hapa Babylona ka bona, ka la 5 October, 539 B.C.E. (Dan. 5:30, 31) Tlaleho ea Nabonidus, tlaleho e nakong ka ho makatsang ea ho oa ha Babylona, e re thusa ho beha letsatsi leo ketsahalo ena e etsahetseng ka lona. Ho latelang ke phetolelo ea karolo e nyenyane ea Tlaleho ea Nabonidus: “Khoeling ea Tashritu [Tishri (September-October)], ha Cyruse a futuhela lebotho la Akkade Opis e Tigris . . . letsatsing la bo14, Sippare e ile ea haptjoa ntle ho ntoa. Nabonidus o ile a baleha. Letsatsi la bo16 [la 11 October, 539 B.C.E., almanakeng ea Julius, kapa la 5 October, almanakeng ea Gregory] Gobryase (Ugbaru), ’musisi oa Gutiuma le lebotho la Cyruse ba ile ba kena Babylona ntle ho ho loana. Ka morao ho mona Nabonidus o ile a tšoaroa Babylona ha a ne a khutlela (teng). . . . Khoeling ea Arahshamnu [Marchesvan (October-November)], letsatsi la bo3 [la 28 October, almanakeng ea Julius], Cyruse o ile a kena Babylona, makhasi a matala a ne a aliloe ka pele ho eena—boemo ba ‘Khotso’ (sulmu) bo ne bo kentsoe ka mahahapa motseng. Cyruse o ile a romela litumeliso Babylona eohle. Gobryase, ’musisi oa hae, a hloma bo-’musisi (ba tlaasana) Babylona.”g
13 Ho ka hlokomeloa hore Dariuse Momede ha a boleloe tlalehong ena, ’me ho fihlela mona, ha ho moo ho fumanoang ho buuoa ka Dariuse enoa mengolong leha e le efe eo e seng ea Bibele, leha e le hona hore oa boleloa tokomaneng leha e le efe ea histori ea lefatše ea pele ho Josephus (rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo C.E.) Ka hona ba bang ba hlahisitse hore e ka ’na eaba ke Gobryase ea boletsoeng tlalehong e ka holimo. Le ha boitsebiso bo teng ka Gobryase bo bonahala bo lumellana le bo mabapi le Dariuse, qeto e ke ke ea theoa holim’a ho lumellana ho joalo.h Leha ho ka ba joang, histori ea lefatše ka ho tobileng e tiisa hore Cyruse e ne e le ea hlahelletseng ha ho hapuoa Babylona le hore ka mor’a moo o ile a busa teng e le morena.
14. Ho ngotsoe eng Moqomong oa Cyruse?
14 Moqomo oa Cyruse. Nako e itseng ka mor’a hore a qale ho busa e le morena oa ’Muso oa Lefatše oa Persia, ho hapa Babylona ha Cyruse ka 539 B.C.E. ho ile ha tlalehoa moqomong oa letsopa. Tokomane ena e ikhethang le eona e bolokiloe Setsing sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani. Karolo ea taba e ngotsoeng e fetoletsoeng e baleha tjena: “Ke ’na Cyruse, morena oa lefatše, morena e moholo, morena ka molao, morena oa Babylona, morena oa Sumere le Akkade, morena oa meeli e mene (ea lefatše), . . . Ke ile ka khutlela ho [e meng e boletsoeng pejana] ea metse e halalelang e ka lehlakoreng le leng la Tigris, eo linģalo tsa eona tse halalelang e bileng masupi ka nako e telele, eo litšoantšo (li neng li tloaetse) ho lula teng le ho e etsetsa linģalo tse halalelang tsa ka mehla. Ka (boela) ka bokella baahi ba eona (ba pele) ’me ka (ba) khutlisetsa mahaeng a bona.”i
15. Moqomo oa Cyruse o senola eng ka Cyruse, ’me sena se lumellana joang le Bibele?
15 Ka hona Moqomo oa Cyruse o tsebahatsa mokhoa oa tšebetso oa morena oa ho khutlisetsa batho ba bathōpuoa libakeng tsa bona tsa pele. Tumellanong le sena, Cyruse o ile a ntša taelo ea hae ea hore Bajode ba khutlele Jerusalema le ho tsosa ntlo ea Jehova moo. Ka ho thahasellisang, lilemo tse 200 pejana, Jehova ka boprofeta o ile a bolela Cyruse ka lebitso e le ea neng a tla hapa Babylona le ho tlisa tsosoloso ea batho ba Jehova.—Esa. 44:28; 45:1; 2 Likron. 36:23.
THUTO EA HO EPOLLOA HA LINTHO TSA KHALE LE MANGOLO A SEGERIKE A BOKRESTE
16. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e hlakisitse eng mabapi le Mangolo a Segerike?
16 Joalokaha e entse ka Mangolo a Seheberu, thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e hlakisitse mesebetsi e mengata ea matsoho e thahasellisang e tšehetsang tlaleho e bululetsoeng e teng Mangolong a Segerike a Bokreste.
17. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e tšehetsa puo ea Jesu potsong ea lekhetho joang?
17 Chelete ea Denare e Nang le Mantsoe a Tiberiuse. Bibele e bontša ka ho hlakileng hore tšebeletso ea Jesu e ile ea etsahala nakong ea puso ea Tiberiuse Cesare. Ba bang ba bahanyetsi ba Jesu ba ile ba leka ho mo cheha ka taba ea ho lefa lekhetho ho Cesare. Tlaleho e baleha tjena: “Empa eena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekela’ng na? Ntlisetseng denare, ke e bone. Ba e tlisa. Eaba o re ho bona: Setšoantšo sena ke sa mang, le lengolo [“mantsoe,” NW] lena ke la mang? Ba re ho eena: Ke la Cesare. Eaba Jesu o ba araba, a re: Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo. ’Me ba mo tsota.” (Mar. 12:15-17) Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane chelete ea denare ea silevera e nang le hlooho ea Tiberiuse Cesare! E ile ea sebelisoa ka hoo e ka bang ka 15 C.E. Hona ho lumellana le nako eo Tiberiuse a neng a busa e le moemphera, e qalileng ka 14 C.E., ’me e fana ka tšehetso e eketsehileng tlalehong e bolelang hore tšebeletso ea Johanne Mokolobetsi e qalile selemong sa bo15 sa Tiberiuse, kapa selemo ka 29 C.E.—Luka 3:1, 2.
18. Ke tšibollo efe e entsoeng mabapi le Ponse Pilato?
18 Mantsoe a Ponse Pilato. E ne e le ka 1961 ha ho etsoa tšibollo ea pele ea boepolli ba lintho tsa khale e mabapi le Ponse Pilato. Ena e ne e le letlapa la lejoe le Caesarea, le neng le e-na le lebitso la Selatine la Ponse Pilato.
19. Ke eng e sa ntsaneng e setse Athene, ho tiisa kemiso ea Liketso 17:16-34?
19 Areopago. Pauluse o ile a fana ka e ’ngoe ea lipuo tsa hae tse tlalehiloeng tse tummeng ka ho fetisisa Athene, Greece, ka 50 C.E. (Lik. 17:16-34) Ke ha Baathene ba bang ba tšoara Pauluse ’me ba mo isa Areopago. Areopago, kapa Leralla la Ares (Leralla la Mars), ke lebitso la leralla le majoe le se nang joang, le ka bang limithara tse 113 ho ea holimo, ka leboea-bophirima feela ho Acropolis ea Athene. Litepisi tse entsoeng lejoeng li lebisa ka holimo, moo ho ntseng ho ka bonoa litulo tse makukuno tse betliloeng lefikeng, tse mahlakore a mararo a lekanang. Areopago e sa ntsane e le teng, e tiisa tlaleho ea Bibele ka boemo ba puo e tummeng ea Pauluse.
20. Khoro ea Tite e tsoela pele ho paka eng, hona e le joang?
20 Khoro ea Tite. Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa senngoa ke Baroma ba laoloang ka Tite, ka 70 C.E. Ka selemo se latelang, a le Roma, Tite o ile a keteka tlhōlo ea hae, ’moho le ntat’ae, Moemphera Vespasian. Batšoaruoa ba Bajode ba khethiloeng ba 700 ba ile ba tsamaisoa mokolokong oa tlhōlo. Lithōtō tsa se hapiloeng ntoeng le tsona li ile tsa bontšoa, ho kopanyelletsa le matlotlo a tempele. Tite ka boeena e ile ea e-ba moemphera, ho tloha ka 79 ho ea ho 81 C.E., ’me ka mor’a lefu la hae sefika se seholo, Khoro ea Tite, se ile sa qetoa ’me sa neheloa ho divo Tito (ho Tite ea entsoeng molimo). Mokoloko oa hae oa tlhōlo o bontšoa lejoeng, le betliloeng lehlakoreng ka leng la tselana ho theosa le Khoro ena. Ka lehlakoreng le leng, ho bontšitsoe masole a Roma a tšoere marumo a se nang metsu ’me a roesitsoe meqhaka ea makalana a sefate sa laurel, a nkile thepa e halalelang e tsoang tempeleng e Jerusalema. Ena e kopanyelletsa le seluloana sa mabone se makala a supileng le tafole ea mahobe a pontša, eo holim’a eona ho bonoang literompeta tse halalelang. Lejoe le betliloeng ka lehlakoreng le leng le bontša Tite oa mohlōli a eme ka kariking e huloang ke lipere tse ’nè ’me e khannoa ke mosali ea emelang motse oa Roma.j Selemo ka seng batho ba likete-kete ba bonang libaka tsa bohlokoa ba sheba Khoro ena ea Tite ea tlhōlo, eo le joale e ntseng e eme Roma e le bopaki ba ho phethahala ha boprofeta ba Jesu le ho phethahatsoa ho tšabehang ha kahlolo ea Jehova ho Jerusalema ea bofetoheli.—Matt. 23:37–24:2; Luka 19:43, 44; 21:20-24.
21. (a) Ke ka tsela efe thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e sebelitseng haufi le ho fumanoa ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho? (b) Re lokela ho ba le boikutlo bofe bo loketseng mabapi le thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale?
21 Ka tsela e tšoanang le ea ha ho fumanoa ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho ho ile ha thusa ho tsosolosa taba e ngotsoeng e hloekileng, ea pele ea Bibele, le ho fumanoa ha mesebetsi ea matsoho ka bongata hangata ho bontšitse hore lintho tse boletsoeng tabeng e ngotsoeng ea Bibele li tšepahala le litabeng tse fokolang haholo tsa histori, ho baloa ha linako, le jeokrafi. Leha ho le joalo, e ka ba phoso ho etsa qeto ea hore thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e lumellana le Bibele litabeng tsohle. Ho tlameha ho hopoloa hore thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale hase lefapha la thuto le sa foseng. Se fumanoang ka ho epolloa ha lintho tsa khale se sekametse litlhalosong tsa batho, ’me tse ling tsa litlhaloso tsena li ’nile tsa fetoha nako le nako. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale ka linako tse ling e ’nile ea fana ka tšehetso e sa hlokahaleng bonneteng ba Lentsoe la Molimo. Hape, joalokaha ho boletsoe ke mofu Sir Frederic Kenyon, motsamaisi le hlooho ea laebrari ea Setsi sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani ka lilemo tse ngata, thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e entse hore Bibele “e be e ka utloisisoang habobebe haholoanyane ka baka la tsebo e tletseng haholoanyane ea semelo sa eona le kemiso ea eona.”k Empa tumelo e lokela ho beoa Bibeleng, e seng thutong ea ho epolloa ha lintho tsa khale.—Ba-Roma 10:9; Ba-Heb. 11:6.
22. Ke bopaki bofe boo ho tla buuoa ka bona thutong e latelang?
22 Bibele ka hare ho eona e na le bopaki bo sa itoantšeng ba hore ka sebele ke “lentsoe la Molimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng,” le nang le bonnete joalokaha re tla bona thutong e latelang.—1 Pet. 1:23.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bible and Spade, 1938, S. L. Caiger, leq. 29.
b Ancient Near Eastern Texts, 1974, J. B. Pritchard, leqephe 321; Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 941-2, 1104.
c Light From the Ancient Past, 1959, J. Finegan, maqephe 91, 126.
d Ancient Near Eastern Texts, leqephe 320.
e Ancient Near Eastern Texts, leqephe 288.
f Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 151-2; Light From the Ancient Past, maqephe 192-5.
g Ancient Near Eastern Texts, leqephe 306.
h Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 581-3.
i Ancient Near Eastern Texts, leqephe 316.
j Light From the Ancient Past, leqephe 329.
k The Bible and Archaeology, 1940, leqephe 279.
[Litšoantšo tse leqepheng la 333]
Lejoe la Moabe
Khōliso ea Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo, tse hlahang mengolong ea boholo-holo, moleng oa bo18, ho ea ka ho le letona
[Setšoantšo se leqepheng la 334]
Moqomo o Likhutlo oa Morena Sankeribe
[Setšoantšo se leqepheng la 335]
Tlaleho ea Nabonidus
[Setšoantšo se leqepheng la 336]
Chelete ea denare e nang le mantsoe a Tiberiuse
[Setšoantšo se leqepheng la 337]
Khoro ea Tite
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 337]
Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng bakeng sa Thuto ea 9 li thathamisitsoe ka maqephe:
leqephe 333, Musée du Louvre, Paris;
leqephe 334, Courtesy of the Oriental Institute, University of Chicago;
leqephe 335, Courtesy of the Trustees of The British Museum;
leqephe 336, Courtesy of the Trustees of The British Museum.