Khaolo ea Pele
Moprofeta oa Boholo-holo ea Nang le Molaetsa oa Kajeno
1, 2. (a) Ke boemo bofe ba litaba bo utloisang bohloko boo re bo bonang lefatšeng kajeno? (b) Setho se seng sa senate sa United States se ile sa hlalosa kameho ea sona joang ka ho senyeha ha sechaba?
KE MANG kajeno ea sa labalabeleng ho lokoloha mathateng ao moloko oa batho o talimaneng le ’ona? Empa ke hangata hakaakang lintho tseo re li lakatsang li sa phethahaleng! Re lakatsa khotso, empa re hlaseloa ke ntoa. Re rata molao le taolo, empa re sitoa ho thibela keketseho e sa khaotseng ea bosholu, peto le polao. Re batla ho tšepa baahisani ba rōna, empa re lokela ho notlela mamati bakeng sa ho itšireletsa. Re rata bana ba rōna ’me re leka ho ba ruta mekhoa e metle, empa hangata rea tsieleha ha re bona ba inehela tšusumetsong e mpe ea lithaka tsa bona.
2 Ka ho loketseng re ka lumellana le Jobo, ea ileng a bolela hore bophelo ba motho bo bokhutšoanyane bo “khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Ho bonahala ho le joalo haholo-holo kajeno, kaha sechaba se ntse se senyeha ka tekanyo e e-s’o ka e bonoa pele. Setho se seng sa senate sa United States se ile sa hlokomela: “Joale Ntoa ea Mantsoe e felile, empa ka bomalimabe bo boholo, hona joale lefatše le fetohile sebaka se loketseng bakeng sa boiphetetso ba merabe, ba meloko le ba bolumeli le bobatana. . . . Re theotse litekanyetso tsa rōna tsa boitšoaro ho fihlela moo bacha ba rōna ba bangata ba ferekaneng, ba nyahameng ba bileng ba leng bothateng bo tebileng. Re kotula liphello tsa ho se tsotelle ha batsoali, tsa tlhalo, tsa tlhekefetso ea bana, tsa ho ithoala ha bacha, tsa bacha ba tlohelang sekolo ka lehare, tsa lithethefatsi tse seng molaong, le tsa literata tse tletseng pefo. Ho joalokaha eka ntlo ea rōna, e phonyohileng tšisinyeho e khōlō ea lefatše eo re e bitsang Ntoa ea Mantsoe, joale e hlaseloa ke bohloa.”
3. Ke buka efe ea Bibele eo ka ho khetheha e fanang ka tšepo bakeng sa nako e tlang?
3 Leha ho le joalo, ha rea sala re se na tšepo. Lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng, Molimo o ile a bululela monna e mong oa Bochabela bo Hare hore a bolele letoto la boprofeta bo nang le moelelo o khethehileng bakeng sa mehla ea rōna. Melaetsa ena e tlalehiloe bukeng ea Bibele e reheletsoeng ka moprofeta eo—Esaia. Esaia e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha re ka bolela hore boprofeta ba hae, bo tlalehiloeng lilemong tse fetileng tse ka bang likete tse tharo, bo fana ka leseli ho moloko oohle oa batho kajeno?
Monna ea Lokileng Linakong Tsa Pherekano
4. Esaia e ne e le mang, hona o sebelelitse e le moprofeta oa Jehova neng?
4 Temaneng ea pele ea buka ea hae, Esaia o itsebahatsa e le “mora oa Amoze,”a ’me o re bolella hore o sebelelitse e le moprofeta oa Molimo “matsatsing a Uzia, Jothame, Akaze le Ezekiase, marena a Juda.” (Esaia 1:1) Sena se ne se tla bolela hore Esaia o ile a tsoela pele e le moprofeta oa Molimo sechabeng sa Juda ka lilemo tse seng ka tlaase ho 46, mohlomong ho tloha bofelong ba puso ea Uzia—hoo e ka bang ka selemo sa 778 B.C.E.
5, 6. E tlameha ebe bophelo ba lelapa ba Esaia bo ne bo le joang, hona hobane’ng?
5 Ha ho bapisoa le seo re se tsebang ka baprofeta ba bang, re tseba se fokolang ka bophelo ba Esaia ba botho. Rea tseba hore e ne e le monna ea nyetseng le hore o ile a bua ka mosali oa hae e le “moprofeta oa mosali.” (Esaia 8:3) Ho ea ka Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong, tlotla ena e bontša hore bophelo ba Esaia ba lenyalo “bo ne bo sa lumellane le mosebetsi oa hae feela, empa hore bo ne bo tlamahane haufi-ufi le oona.” Ho ka etsahala hore ebe, joaloka basali ba bang ba tšabang Molimo ba Iseraele ea boholo-holo, mosali oa Esaia o ne a e-na le kabelo ea hae ea boprofeta.—Baahloli 4:4; 2 Marena 22:14.
6 Esaia le mosali oa hae, bonyane ba ne ba e-na le bara ba babeli, e mong le e mong a rehiloe lebitso le nang le moelelo oa boprofeta. Oa letsibolo, Sheare-jashube, o ne a tsamaea le Esaia ha a ne a phatlalatsa melaetsa ea Molimo ho Morena Akaze ea khopo. (Esaia 7:3) Ho totobetse hore Esaia le mosali oa hae ba ne ba entse hore borapeli ba Molimo e be taba ea lelapa—mohlala o motle ho banyalani kajeno!
7. Hlalosa maemo a neng a le Juda mehleng ea Esaia.
7 Esaia le lelapa la hae ba ne ba phela nakong ea pherekano historing ea Juda. Ho hloka botsitso lipolotiking ho ne ho atile, tjotjo e silafalitse makhotla ’me boikaketsi bo sentse motheo oa bolumeli sechabeng. Litlhōrō tsa maralla li ne li koahetsoe ke lialetare tsa melimo ea bohata. Esita le marena a mang a ne a buella borapeli ba bohetene. Ka mohlala, hase feela hore Akaze o ne a lumella borapeli ba litšoantšo har’a bafo ba hae empa eena ka boeena o ne a kopanela ho bona, a ‘fetisa bana ba hae mollong’ sehlabelong sa neano se etsetsoang molimo oa Bakanana, Moloke.b (2 Marena 16:3, 4; 2 Likronike 28:3, 4) ’Me tsena tsohle li ne li etsahala har’a batho ba neng ba le kamanong ea selekane le Jehova!—Exoda 19:5-8.
8. (a) Morena Uzia le Morena Jothame ba ile ba beha mohlala ofe, hona na batho ba ile ba latela ketello-pele ea bona? (b) Esaia o ile a bontša sebete joang har’a batho ba marabele?
8 Ke ho babatsehang hore ebe ba bang ba batho ba mehleng ea Esaia—ho akarelletsa le babusi ba seng bakae—ba ile ba leka ho khothalletsa borapeli ba ’nete. E mong oa bona e ne e le Morena Uzia, ea ileng a etsa “se lokileng mahlong a Jehova.” Ho ntse ho le joalo, nakong ea puso ea hae batho ba ne “ba etsa mahlabelo ’me ba etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.” (2 Marena 15:3, 4) Morena Jothame le eena o ile “a ’na a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Leha ho le joalo, “batho ba ne ba sa ntse ba etsa ka mokhoa o senyang.” (2 Likronike 27:2) E, ho pholletsa le karolo e khōlō ea tšebeletso ea Esaia ea boprofeta, ’muso oa Juda o ne o le boemong bo bobe ba moea le ba boitšoaro. Ka kakaretso, batho ba ne ba hlokomoloha tšusumetso leha e le efe e ntle e neng e tsoa ho marena a bona. Hoa utloahala hore ebe ho fana ka melaetsa ea Molimo ho batho bana ba manganga e ne e ke ke ea e-ba kabelo e bonolo. Leha ho le joalo, ha Jehova a ne a botsa, “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Esaia ha aa ka a tsilatsila. O ile a hooa: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esaia 6:8.
Molaetsa oa Poloko
9. Ke’ng se boleloang ke lebitso la Esaia, ’me see se amana le sehlooho sa buka ea hae joang?
9 Lebitso la Esaia le bolela “Poloko ea Jehova,” ’me seo ka tšoanelo se ka bitsoa sehlooho sa molaetsa oa hae. Ke ’nete hore boprofeta bo bong ba Esaia bo bua ka kahlolo. Ho ntse ho le joalo, sehlooho sa poloko ke sona se hlaheletseng haholo. Khafetsa, Esaia o ile a hlalosa kamoo ka nako e loketseng Jehova a neng a tla lokolla Baiseraele botlamuoeng Babylona, a lumelle masala hore a khutlele Sione ’me a tsosolosetse naha khanyeng ea eona ea pele. Ntle ho pelaelo, tokelo ea ho bua le ho ngola ka boprofeta bo amanang le ho tsosolosoa ha Jerusalema ea habo e ratoang e ile ea thabisa Esaia ka ho fetisisa!
10, 11. (a) Ke hobane’ng ha re thahasella buka ea Esaia kajeno? (b) Buka ea Esaia e lebisa tlhokomelo ho Mesia joang?
10 Empa melaetsa ee ea kahlolo le poloko e re ama joang? Hoa thabisa hore ebe Esaia ha a profete feela molemong oa ’muso o entsoeng ka meloko e ’meli oa Juda. Ho fapana le hoo, melaetsa ea hae ke ea bohlokoa ka ho khethehileng mehleng ea rōna. Esaia o fana ka tlhaloso e hlakileng ea kamoo haufinyane ’Muso oa Molimo o tlang ho tlisa litlhohonolofatso tse khōlō lefatšeng la rōna. Tabeng ena, karolo e khōlō ea seo Esaia a se ngotseng e lebisa tlhokomelo ho Mesia ea boletsoeng esale pele, ea neng a tla busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. (Daniele 9:25; Johanne 12:41) Ka sebele hase ntho e iketsahaletseng feela tjee hore ebe mabitso ana Jesu le Esaia a batla a e-na le moelelo o tšoanang, kaha lebitso Jesu le bolela “Jehova ke Poloko.”
11 Ke ’nete hore Jesu o hlahile hoo e ka bang lilemo tse makholo a supileng ka mor’a mehla ea Esaia. Leha ho le joalo, boprofeta ba Bomesia bo fumanehang bukeng ea Esaia bo na le makolopetso a mangata ’me bo nepahetse hoo bo balehang joalokaha eka ke tlaleho ea paki e boneng ka mahlo bophelo ba Jesu lefatšeng. Mohloli o mong o ile oa hlokomela hore ka lebaka lena, ka linako tse ling buka ea Esaia e bitsoa “Kosepele ea Bohlano.” Kahoo, ha ho makatse hore ebe Esaia e ne e le eona buka ea Bibele eo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba e qotsa hangata ka ho fetisisa e le hore ba tsebahatse Mesia ka ho hlaka.
12. Ke hobane’ng ha re qalisa ho ithuta buka ea Esaia ka mafolofolo?
12 Esaia o fana ka tlhaloso e khanyang ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” moo ‘morena a tla busa ka ho loka’ le likhosana li buse bakeng sa toka. (Esaia 32:1, 2; 65:17, 18; 2 Petrose 3:13) Kahoo buka ea Esaia e bua ka tšepo e thobang pelo ea ’Muso oa Molimo, tlas’a Mesia Jesu Kreste e le Morena ea lutseng teroneng. Ke ho re khothatsang hakaakang ho phela letsatsi ka leng re letetse ka thabo “poloko e tsoang ho [Jehova]”! (Esaia 25:9; 40:28-31) Ka hona, ka mafolofolo a re hlahlobeng molaetsa oa bohlokoahali o bukeng ea Esaia. Ha re ntse re etsa joalo, ho tšepa ha rōna litšepiso tsa Molimo ho tla tiisoa haholo. Hape, re tla thusoa ho hōlisa kholiseho ea rōna ea hore ka sebele Jehova ke Molimo oa poloko ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Amoze, ntat’a Esaia, ha aa lokela ho ferekanngoa le Amose ea ileng a profeta qalong ea puso ea Uzia le ea ngotseng buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena.
b Ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ho ‘feta mollong’ ho bolela tšebeletso ea tlhoekiso feela. Leha ho le joalo, ho bonahala hore boemong bona poleloana eo e bolela sehlabelo sa sebele. Ha ho pelaelo hore Bakanana le Baiseraele ba bakoenehi ba ne ba etsa mahlabelo ka bana.—Deuteronoma 12:31; Pesaleme ea 106:37, 38.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Esaia e ne e le Mang?
SE BOLELOANG KE LEBITSO LA HAE: “Poloko ea Jehova”
LELAPA: O ne a nyetse, bonyane a e-na le bara ba babeli
SEBAKA SA BOLULO: Jerusalema
LILEMO TSA TŠEBELETSO: Lilemo tse seng ka tlaase ho 46, ho tloha hoo e ka bang ka 778 B.C.E. ho fihlela ka mor’a 732 B.C.E.
MARENA A JUDA A MEHLENG EA HAE: Uzia, Jothame, Akaze, Ezekiase
BAPROFETA BA MEHLENG EA HAE: Mikea, Hose, Odede
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Esaia le mosali oa hae ba ile ba etsa borapeli ba Molimo taba ea lelapa