KHAOLO EA 10
Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
“Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto . . . kapele.”—MOEKLESIA 4:12.
1, 2. (a) Tabeng ea manyalo a macha, ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa eng, hona hobane’ng? (b) Re tla tšohla lipotso life khaolong ee?
NA U thabela ho ea machatong? Ba bangata baa ho thabela, hobane liketsahalo tse joalo li ka ba monate haholo. U bona banyali ba apereng hantle haholo. Hase hoo feela, le lifahleho tsa bona li tletse thabo! Letsatsing lena, hlathe e lelekisa tsebe, ’me ho bonahala eka lintho li tla ba tsamaela hantle.
2 Leha ho le joalo, ho ke ke ha latoloa hore maemong a mangata, lenyalo le tletse pherekano kajeno. Le hoja re tšepa hore lintho li tla tsamaela banyalani ba bacha hantle, ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa: ‘Na thabo e tla ba teng lenyalong lee? Na le tla tšoarella?’ Likarabo tsa lipotso tseo li tla itšetleha ka hore na monna eo le mosali eo ba tšepa keletso eo Molimo a fanang ka eona ea lenyalo le hore na baa e sebelisa. (Liproverbia 3:5, 6) Ba lokela ho etsa joalo e le hore ba lule leratong la Molimo. Hona joale, a re ke re tsepamiseng maikutlo karabong ea Bibele lipotsong tsena tse ’nè: Motho o kena lenyalong ka lebaka lefe? Haeba u kena lenyalong, ke mang eo u lokelang ho mo khetha hore e be molekane oa hao? U ka lokisetsa lenyalo joang? Hona ke eng e ka thusang banyalani hore ba lule ba thabile lenyalong?
MABAKA A HO KENA LENYALONG
3. Ke hobane’ng ha e se bohlale ho kena lenyalong ka mabaka a sa utloahaleng?
3 Batho ba bang ba nahana hore lenyalo ke la bohlokoa hore motho a thabe, ba re u ke ke ua thaba kapa ua khotsofala bophelong ntle le hore u fumane molekane. Taba eo hase ’nete ho hang! Jesu, eo e neng e le monna oa lesoha, o ile a re bosoha ke mpho ’me o ile a khothatsa ba ka khonang hore ba bo etsetse sebaka. (Matheu 19:11, 12) Moapostola Pauluse le eena o ile a bua ka melemo ea bosoha. (1 Bakorinthe 7:32-38) Jesu le Pauluse ha baa ka ba etsa molao oa hore motho a lule e le lesoha; ha e le hantle, ho “hanela [batho] ho nyala” ke e ’ngoe ea “lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1-3) Leha ho le joalo, bosoha bo bula menyetla e mengata haholo bakeng sa ba ratang ho sebeletsa Jehova ntle ho tšitiso. Kahoo, e ke ke ea e-ba bohlale ho kena lenyalong ka mabaka a sa utloahaleng, a kang khatello ea lithaka.
4. Lenyalo le atlehileng le rala motheo oa mofuta ofe bakeng sa ho hōlisa bana?
4 Ka lehlakoreng le leng, na ho na le mabaka a utloahalang a ho kena lenyalong? E, a teng. Lenyalo le lona ke mpho e tsoang ho Molimo oa rōna ea lerato. (Genese 2:18) Kahoo le na le melemo e itseng ’me le ka tlisetsa batho thabo. Ka mohlala, lenyalo le atlehileng ke motheo o motle ka ho fetisisa oa bophelo ba lelapa. Bana ba hloka sebaka se tsitsitseng seo batsoali ba ka ba hōlisetsang ho sona, ba ba rata, ba ba khalemela le ho ba tataisa. (Pesaleme ea 127:3; Baefese 6:1-4) Leha ho le joalo, ho hōlisa bana hase lona feela lebaka la ho kena lenyalong.
5, 6. (a) Ho ea ka Moeklesia 4:9-12, melemo e meng ea setsoalle se haufi ke efe? (b) Lenyalo le ka tšoana le thapo e meloho e meraro joang?
5 Nahana ka lengolo la sehlooho la khaolo ena hammoho le seo le buang ka sona: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae. Empa ho tla ba joang ka a le mong feela ea oang ha ho se na e mong ea mo emisang? Ho feta moo, haeba ba babeli ba robala hammoho, ka sebele le bona ba tla futhumala; empa a le mong feela a ka futhumala joang? Haeba e mong a ne a ka hlōla a le mong feela ka matla, ba babeli ba leng hammoho ba ne ba ka ema khahlanong le eena. Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto tse peli kapele.”—Moeklesia 4:9-12.
6 Ntho e ka sehloohong eo lengolo lena le buang ka eona ke bohlokoa ba setsoalle. Ha e le hantle, lenyalo ke setsoalle se haufi ka ho fetisisa. Joalokaha litemana tsena li bontša, tlamahano e joalo e ka thusa banyalani hore ba thusane, ba tšelisane le ho sireletsana. Lenyalo le tiea haholo ha e se tlamahano e pakeng tsa batho ba babeli feela. Thapo e meloho e ’meli, joalokaha temana ena e bolela, e ka ’na ea khaoha. Empa ho ka ba thata haholo ho khaola maqhoele a mararo a lohelletsoeng hammoho. Ha monna le mosali ba amehile haholo ka ho khahlisa Jehova, lenyalo la bona le tšoana le thapo e meloho e meraro. Jehova o phetha karolo ea bohlokoa lenyalong leo, kahoo, tlamahano e ba matla haholo.
7, 8. (a) Ke keletso efe eo Pauluse a ileng a e ngolla Bakreste ba masoha ba nang le bothata ba ho ba le takatso ea ho kopanela liphate? (b) Bibele e re fa kutloisiso efe ea sebele ka lenyalo?
7 Hape, lenyalong ke hona feela moo ho ka khotsofatsoang litakatso tsa ho kopanela liphate ka tsela e nepahetseng. Lenyalong, ke hona moo ho kopanela liphate ho ka nkoang e le mohloli oa thabo ea sebele. (Liproverbia 5:18) Ha motho oa lesoha a se a fetile seo Bibele e reng ke “palesa ea bocha”—e leng nako eo ka eona litakatso tsa ho kopanela liphate li leng matla haholo—o ntse a ka ’na a ba le bothata ba ho ba le takatso ea ho kopanela liphate. Ha motho a sa laole takatso eo, a ka ’na a oela boitšoarong bo sa hloekang kapa bo sa lokelang. Pauluse o ile a bululeloa hore a ngolle masoha keletso ena: “Haeba ba se na boitšoaro, ba ke ba kene lenyalong, kaha ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.”—1 Bakorinthe 7:9, 36; Jakobo 1:15.
8 Ho sa tsotellehe hore na ke mabaka afe a susumetsang motho hore a kene lenyalong, ho hotle hore a shebe lintho ka leihlo la sebele. Ho ea ka mantsoe a Pauluse, ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakorinthe 7:28) Batho ba lenyalong ba thulana le mathata ao masoha a ke keng a kopana le ’ona. Leha ho le joalo, haeba u khetha ho kena lenyalong, u ka fokotsa mathata joang ’me u eketse thabo? Tsela e ’ngoe ke ka ho khetha molekane ka bohlale.
KE MANG EO E KA BANG MOLEKANE EA MOLEMO OA LENYALO?
9, 10. (a) Pauluse o ile a etsa papiso ka eng ho bontša kotsi ea ho etsa setsoalle se haufi le batho ba sa lumelang? (b) Hangata phello e ba efe ha motho a hlokomoloha keletso ea Molimo ea hore a se ke a nyalana le ea sa lumelang?
9 Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole molao-motheo oa bohlokoa o lokelang ho sebelisoa ha ho khethoa molekane oa lenyalo: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” (2 Bakorinthe 6:14) Papiso ea hae e ne e thehiloe ho se etsahalang temong. Haeba liphoofolo tse peli tse sa lekaneng ka matla le ka boholo li panoa hammoho, li tla utloa bohloko li le peli. Ka ho tšoanang, haeba molumeli a kopanngoa lenyalong le ea sa lumelang, ha ho pelaelo hore ho tla ba le likhohlano le matšoenyeho. Haeba molekane e mong a batla ho lula leratong la Jehova ’me e mong a sa tsotelle hakaalo kapa a sa natse seo, lintho tsa bohlokoa bophelong ba bona li ke ke tsa tšoana, ’me ho ka ’na ha e-ba le mahlomola a mangata. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a khothalletsa Bakreste hore ba nyale “feela Moreneng.”—1 Bakorinthe 7:39.
10 Maemong a mang, Bakreste ba masoha ba entse qeto ea hore ho kena jokong e sa lekaneng ho ka ba molemo ho feta bolutu boo ba bo utloang hona joale. Ba bang ba etsa qeto ea ho hlokomoloha keletso ea Bibele, ’me ba nyalana le motho ea sa sebeletseng Jehova. Hangata, liphello li ba bosula. Batho ba joalo ba iphumana ba nyalane le motho eo ba ke keng ba bua le eena ka lintho tsa bohlokoahali bophelong. Bolutu boo ba bo utloang bo ka ’na ba e-ba boholo ho feta boo ba neng ba e-na le bona pele ba nyalana le motho eo. Hoa thabisa hore ebe ntlheng ena ho na le Bakreste ba masoha ba likete-kete ba tšepang keletso e tsoang ho Molimo le ba e khomarelang ka botšepehi. (Pesaleme ea 32:8) Le hoja ba e-na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng ba tla kena lenyalong, ba lutse e le masoha ho fihlela ba fumana molekane har’a barapeli ba Jehova Molimo.
11. Ke eng e ka u thusang ho khetha molekane oa lenyalo ka bohlale? (Bona le lebokose le leqepheng la 114.)
11 ’Nete ke hore hase mohlanka e mong le e mong oa Jehova eo e ka bang molekane oa lenyalo ea tšoanelehang. Haeba u nahana ho kena lenyalong, batla motho eo botho ba hae, lipakane tsa hae tsa moea le lerato leo a ratang Molimo ka lona, li lumellanang le tsa hao. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se hatisitse lingoliloeng tse ngata tsa bohlokoa mabapi le taba ena, ’me ke bohlale hore u rapele ha u nahana ka keletso ea tsona ea Mangolo, u e lumelle hore e u tataise ha u etsa qeto ena ea bohlokoa.a—Pesaleme ea 119:105.
12. Linaheng tse ngata ho atile moetlo ofe mabapi le lenyalo, ’me ke mohlala ofe oa Bibele o fanang ka tataiso tabeng ee?
12 Linaheng tse ngata, ke moetlo hore batsoali ba khethele bana ba bona molekane. Batho ba litso tsena ka kakaretso ba lumela hore batsoali ba bohlale ebile ba na le boiphihlelo bo boholo bakeng sa ho etsa qeto ena ea bohlokoa. Joalokaha manyalo a lokiselitsoeng ke batsoali a ne a atleha mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, le kajeno aa atleha. Mohlala oa Abrahama ha a ne a romela mohlanka oa hae hore a e’o batlela Isaka mosali, ke thuto ho batsoali ba ka ’nang ba e-ba boemong bo tšoanang kajeno. Abrahama o ne a sa tšoenyeha ka chelete le boemo. Ho e-na le hoo, o ile a ikitlaelletsa ho fumanela Isaka mosali har’a batho ba rapelang Jehova.b—Genese 24:3, 67.
U KA LOKISETSA JOANG LENYALO LE TLA ATLEHA?
13-15. (a) Molao-motheo o ho Liproverbia 24:27 o ka thusa mohlankana ea nahanang ho nyala joang? (b) Moroetsana a ka etsa’ng ho itokisetsa lenyalo?
13 Haeba u nahana ka matla ka ho kena lenyalong, u lokela ho ipotsa, ‘Na kannete ke se ke loketse ho kena lenyalong?’ Hore na u se u loketse ho kena lenyalong ha hoa itšetleha feela ka hore na maikutlo a hao ke afe ka lerato, ka ho kopanela liphate, ka botsoalle, kapa ka ho hōlisa bana. Ho e-na le hoo, ho na le lipakane tse itseng tseo monna kapa mosali e mong le e mong ea lebeletseng ho kena lenyalong a lokelang ho nahana ka tsona.
14 Mohlankana ea batlang mosali o lokela ho nahana ka hloko ka molao-motheo ona: “Lokisa mosebetsi oa hao ka ntle, ’me u itokisetse oona tšimong. Ka mor’a moo u boele u hahe lelapa la hao.” (Liproverbia 24:27) Maele aa a bolela’ng? Mehleng eo, ha monna a ne a batla ho ‘haha lelapa la hae,’ kapa ho theha lelapa ka hore a nyale, o ne a lokela ho ipotsa, ‘Na ke boemong ba ho hlokomela le ho phelisa mosali le bana leha e le bafe ba ka ’nang ba hlaha?’ O ne a lokela ho qala ka ho sebetsa hore a hlokomele masimo a hae, kapa lijalo tsa hae. Molao-motheo oo oa sebetsa le kajeno. Monna ea batlang ho nyala o lokela ho itokisetsa ho jara boikarabelo boo. Hafeela a sa kule ’meleng, o tla tlameha ho sebetsa. Lentsoe la Molimo le bolela hore monna ea sa hlokomeleng litlhoko tsa nama, tsa maikutlo le tsa moea tsa lelapa la hae, o mobe ho feta motho ea se nang tumelo!—1 Timothea 5:8.
15 Ka ho tšoanang, mosali ea etsang qeto ea ho nyaloa o lumela hore o tla jara boikarabelo bo bongata bo boima. Bibele e babatsa bokhoni bo bong le makhabane a mang tseo mosali a ka ’nang a li hloka ha a hlokomela lelapa la hae a bile a thusa monna oa hae. (Liproverbia 31:10-31) Ha e le hantle, banna le basali ba potlakelang lenyalo ba sa lokisetsa ho jara boikarabelo bo amehang, ke baithati, ba hlōloa ho nahana ka seo ba ka se etsetsang batho bao e ka ’nang ea e-ba balekane ba bona. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoahali ke hore batho ba rerang ho kena lenyalong, ba be ba khona ho sebelisa melao ea Molimo bophelong ba lenyalo.
16, 17. Ba itokisetsang lenyalo ba lokela ho nahanisisa ka melao-motheo efe ea Mangolo?
16 Ho lokisetsa lenyalo ho akarelletsa ho nahanisisa ka boikarabelo boo Molimo a bo fileng monna le mosali. Monna o lokela ho tseba hore na ho bolela’ng ho ba hlooho ea lelapa la Bokreste. Boikarabelo bona ha bo lumelle ho iketsa ’mampoli. Ho e-na le hoo, o lokela ho etsisa mokhoa oo Jesu a sebelisang bohlooho ka oona. (Baefese 5:23) Ka ho tšoanang, mosali oa Mokreste o lokela ho utloisisa boikarabelo bo hlomphehang boo mosali a nang le bona. Na o tla ikemisetsa ho ikokobelletsa ‘molao oa monna oa hae’? (Baroma 7:2) O se a ntse a le tlas’a molao oa Jehova le oa Kreste. (Bagalata 6:2) Bolaoli ba monna oa hae ka lapeng le bona ke molao o mong. Na a ka mo tšehetsa le ho ikokobetsa ha a laoloa ke monna ea sa phethahalang? Haeba taba eo e sa mo khahle, ho molemo hore a se ke a nyaloa.
17 Ho feta moo, molekane e mong le e mong o lokela ho lula e le malala-a-laotsoe ho fa molekane oa hae lintho tse khethehileng tseo a li hlokang. (Bafilipi 2:4) Pauluse o ngotse: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” Molimo o ile a bululela Pauluse hore a bone hore ntho ea bohlokoa eo monna a e hlokang, ke hore a utloe hore mosali oa hae o mo hlompha ka ho tebileng. Ntho ea bohlokoa eo mosali a e hlokang, ke hore a utloe hore monna oa hae oa mo rata.—Baefese 5:21-33.
Ka bohlale, batho ba bangata ba lokisetsa hore ho be le molebeli nakong eo e sa ntsaneng e le mohlankana le kharebe
18. Ke hobane’ng ha batho ba ratanang ba lokela ho ba le boitšoaro nakong eo e ntseng e le kharebe le mohlankana?
18 Kahoo, nako ea ha batho ba ratana e le kharebe le mohlankana, hase feela nako ea ho ithabisa. Ke nako ea hore mohlankana le kharebe ba ithute ho sebelisana hantle, le hore ba bone hore na ebe ke bohlale hore ba nyalane. E boetse ke nako ea ho ba le boitšoaro! Teko ea ho amana ka ’mele, e ka ’na ea e-ba matla haholo hobane, ha e le hantle, ho hohelana ka tsela eo ke ha tlhaho. Leha ho le joalo, batho ba ratanang e le kannete ba tla qoba liketso tsohle tse ka etsang hore kamano ea Molimo le motho eo ba mo ratang, e senyehe. (1 Bathesalonika 4:6) Kahoo, haeba ho e-na le motho eo u ratanang le eena, u be le boitšoaro hobane tšobotsi eo e tla u tsoela molemo bophelong bohle ba hao, ebang u kena lenyalong kapa che.
U KA ETSA JOANG HORE LENYALO LE TŠOARELLE?
19, 20. Maikutlo a Mokreste ka lenyalo a lokela ho fapana joang le a batho ba bangata lefatšeng la kajeno? Bontša.
19 Haeba banyalani ba batla ho etsa hore lenyalo la bona le tšoarelle, ba lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka hore na ho etsa boitlamo ho bolela’ng. Hangata, libuka le libaesekopo li bontša lenyalo e le qetello e thabisang eo batho ba e lakatsang. Leha ho le joalo, bophelong ba sebele, lenyalo hase qetello, ke qalo—qalo ea ntho eo Jehova a lokiselitseng hore e lule e le teng. (Genese 2:24) Ka masoabi, batho ha ba na maikutlo a joalo lefatšeng la kajeno. Batho ba litso tse ling, ba tšoantša lenyalo le liropo tse peli tse tlamiloeng lefito. Hobane’ng? Le hoja lefito le tlanngoeng hantle le lokela ho lula le tiile ha ho hlokahala, ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke hore le ka tlangoa la ba la tlamolloa habonolo.
20 Kajeno batho ba bangata ba nka hore lenyalo ke ntho ea nakoana. Ba kena ho lona habonolo feela hobane ba nahana hore le tla khotsofatsa litlhoko tsa bona, empa ba lebeletse hore hang ha ho bonahala ho le thata ba tla monyola ka hloohong. Leha ho le joalo, hopola papiso ea thapo, eo Bibele e e sebelisetsang tlamahano e kang lenyalo. Lithapo kapa liropo tsa likepe li etsetsoa hore li tšoarelle, li se ke tsa thatoloha le haeba sefefo se ka ba matlahali. Ka tsela e tšoanang, lenyalo le lona le etselitsoe hore le tšoarelle. Hopola hore Jesu o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:6) Ha u kena lenyalong, u lokela ho ba le maikutlo a joalo ka lenyalo. Na boitlamo ba mofuta oo bo etsa hore lenyalo e be moroalo? Che.
21. Monna le mosali ba lokela ho lula ba e-na le maikutlo afe e mong ka e mong, ’me ba ka thusoa ke eng hore ba etse joalo?
21 Monna le mosali ba lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng e mong ka e mong. Haeba e mong le e mong a loanela ho tsepamisa maikutlo makhabaneng a e mong, lenyalo e tla ba le thabisang le le khathollang. Na ho ba le maikutlo a matle ka molekane ea sa phethahalang ke ho se shebe lintho ka leihlo la sebele? Ha ho mohla Jehova a sa shebeng lintho ka leihlo la sebele, empa ke habohlokoa ho rōna hore a lule a e-na le maikutlo a matle ka rōna. Mopesaleme o ile a botsa: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3) Banna le basali ba lokela ho ba le maikutlo a matle joalo e mong ka e mong le ho tšoarelana.—Bakolose 3:13.
22, 23. Abrahama le Sara ba ile ba behela banyalani mohlala o motle joang kajeno?
22 Ha lilemo li ntse li feta, lenyalo e ka ba le thabisang le le khotsofatsang haholo. Bibele e re bolella ka lenyalo la Abrahama le Sara ha ba se ba hōlile. Hase hore bophelo ba bona bo ne bo se na mathata le litsietsi. Nahana feela hore na ho ne ho le joang ho Sara—mosali eo e ka ’nang eaba o ne a le lilemong tsa bo-60—hore a tlohe lehaeng la hae le khotsofatsang motseng o ruileng oa Ure a e’o lula litenteng bophelo bohle ba hae. Leha ho le joalo o ile a ikokobelletsa bohlooho ba monna oa hae. Kaha e ne e le motlatsi le mothusi oa ’nete oa Abrahama, o ile a mo thusa ka tlhompho hore liqeto tsa hae li atlehe. Boikokobetso ba hae e ne e se ba mahlong feela. Esita le “ka pelong” o ne a bitsa monna oa hae morena oa hae. (Genese 18:12; 1 Petrose 3:6) O ne a hlompha Abrahama ho tsoa pelong.
23 Ha e le hantle, sena ha se bolele hore Abrahama le Sara ba ne ba lumellana kamehla. Ka lekhetlo le leng Sara o ile a etsa tlhahiso e neng e sa ‘khahlise’ Abrahama. Leha ho le joalo, ka taelo ea Jehova, Abrahama ka boikokobetso o ile a mamela lentsoe la mosali oa hae, le ileng la tsoela lelapa la bona molemo. (Genese 21:9-13) Banna le basali kajeno, esita le bao e leng lilemo ba nyalane, ba ka ithuta ho hongata ho banyalani bana ba neng ba tšaba Molimo.
24. Ke manyalo a mofuta ofe a tlotlisang Jehova Molimo, hona hobane’ng?
24 Phuthehong ea Bokreste, ho na le batho ba likete ba thabileng manyalong a bona—e leng manyalo ao ho ’ona mosali a hlomphang monna oa hae ka ho tebileng, monna a ratang mosali oa hae a bileng a mo tlotlang ’me bobeli ba bona ba tšoarisane ho etelletsa pele thato ea Jehova bophelong ba bona. Haeba u etsa qeto ea hore u tla kena lenyalong, e se eka u ka khetha molekane ka bohlale, ua lokisetsa lenyalo la hao hantle, ’me ua sebeletsa ho ba le lenyalo le nang le khotso le lerato, le tla tlotlisa Jehova Molimo. Ha u etsa joalo, ka sebele lenyalo la hao le tla u thusa hore u lule leratong la Molimo.
a Bona khaolo ea 2 bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Bapatriareka ba bang ba tšepahalang ba ne ba e-na le basali ba fetang a le mong. Jehova o ile a lumella sethepu ha a ne a sebelisana le bapatriareka le Iseraele ea nama. Hase eena ea ileng a se qala, empa o ile a se laola. Leha ho le joalo, Bakreste baa hopola hore Jehova ha a sa lumella sethepu har’a barapeli ba hae.—Matheu 19:9; 1 Timothea 3:2.