Ha e le Hantle ke Mang ea li Qapileng?
Lilemong tsa morao tjena bo-rasaense le lienjiniere ba ’nile ba lumella limela le liphoofolo hore li hle li ba rute. (Jobo 12:7, 8) Ha ba leka ho qapa lihlahisoa tse ncha kapa ho ntlafatsa tse seng li ntse li leng teng, ba ithuta tsela eo lintho tse fapa-fapaneng tsa tlhaho li entsoeng ka eona ebe ba leka ho li etsisa—e leng lefapha le bitsoang biomimetics (ho etsisa lintho tsa tlhaho). Ha u ntse u hlahloba mehlala e latelang, ipotse, ‘Ke mang ea hlileng a tšoaneloang ke thoriso ka lebaka la tsela eo lintho tsee li entsoeng ka eona?’
Ho Ithuta Mapheong a Leruarua
Baetsi ba lifofane ba ka ithuta eng leruarueng? Ho bonahala ba ka ithuta ho hongata. Boima ba leruarua le hōlileng ke lithane tse 30—e leng boima bo lekanang le ba teraka e tletseng thepa—’me le na le ’mele o sataletseng o nang le mapheo a maholo. Phoofolo ena e limithara li 12 ka bolelele e matjato a hlollang metsing.
Se khahlileng bafuputsi ka ho khetheha e bile tsela eo ka eona ’mele o sataletseng oa leruarua o khonang ho etsa lilikalikoe tse nyenyane ha le ntse le pota-pota ka metsing ka tsela eo ho bonahalang eka e ke ke ea khoneha. Ba ile ba fumana hore lekunutu le mapheong a leruarua. Ho ella ntlheng, mapheo ana ha a boreleli joaloka a sefofane, empa a lisakha, a bile a na le makukuno a kolokileng.
Ha leruarua le thala metsing, makukuno ana a mapheong a le nolofalletsa ho nyoloha a bile a etsa hore le be bobebe ka metsing. Joang? Makasine ea Natural History e hlalosa hore makukuno ana a etsa hore metsi a lelemele feela ha a ntse a potoloha mapheong, esita le haeba leruarua le nyoloha tlaase-tlaase le lopaletse.10
See seo ba se fumaneng se ka ba thusa joang? Ha mapheo a sefofane a ka etsoa joaloka a leruarua, ho hlakile hore a tla hloka lintho tse fokolang feela tse se thusang ha se phahama le ha se lula, kapa tse se thusang ho laola moea ha se fofa. Mapheo a joalo e tla ba a sireletsehileng le a lokisehang habonolo. John Long, eo e leng setsebi sa tšebetso ea mesifa ’meleng, o lumela hore haufinyane “re ka ’na ra bona sefofane se seng le se seng se seholo se e-na le makukuno a tšoanang le a mapheong a leruarua.”11
Ho Etsisa Mapheo a Letata la Leoatleng
Ha e le hantle mapheo a sefofane a se a ntse a entsoe joaloka a linonyana. Leha ho le joalo, lienjiniere li sa tsoa ntlafatsa mapheo ana. Makasine ea New Scientist ea tlaleha: “Bafuputsi Univesithing ea Florida ba qapile sefofane se senyenyane se laoloang ke motho ea fatše, seo joaloka letata la leoatleng, se khonang ho ema nģa e le ’ngoe se ntse se le moeeng, ho tsubella le ho nyoloha ka potlako.”12
Matata a leoatleng a fofa ka tsela e hlollang ka ho koba mapheo a ’ona litsoeng le manonyeletsong a mahetla. Makasine eo e re ka ho etsisa letata la leoatleng le khonang ho koba mapheo a lona habonolo, “sefofane seo se boholo ba linōkō tse 24 [lisenthimithara tse 60] se sebelisa enjene e nyenyane ho laola litšepe tse ngata tse tsamaisang mapheo.” Mapheo ana a entsoeng ka bohlale a etsa hore sefofane sena se senyenyane se khone ho ema nģa e le ’ngoe moeeng le ho tsubella pakeng tsa mehaho e melelele. Mafapha a mang a sesole a batla ho etsa sefofane se khonang ho tsoelipana joalo, se ka sebelisoang ho batla libetsa tsa lik’hemik’hale le tsa likokoana-hloko metseng e meholo.
Ho Etsisa Menoto ea Letata la Leoatleng
Letata la leoatleng ha le hatsele esita le ha le eme leqhoeng. Nonyana ee e etsa’ng hore e lule e futhumetse? Mokhoa o mong oo e o sebelisang ke o hlollang oo liphoofolo tse ngata tse lulang moo ho batang li o sebelisang.
Mokhoa oo o sebetsa joang? E le hore u utloisise sena, nahana ka liphaephe tse peli tsa metsi tse tlameletsoeng hammoho. Ka phaepheng e ’ngoe ho tsamaea metsi a chesang, ha ka ho e ’ngoe e le a batang. Haeba metsi a chesang le a batang a leba nģa e le ’ngoe, hoo e ka bang halofo ea mocheso metsing a chesang e tla fetela metsing a batang. Empa haeba metsi a chesang le a batang a fapana ka litsela, hoo e ka bang mocheso kaofela oa metsi a chesang o tla ea ho a batang.
Ha letata la leoatleng le eme leqhoeng, methapo e khethehileng e menotong ea lona e futhumatsa mali ha a khutla maotong a batang. Methapo eo e etsa hore ’mele oa letata o lule o futhumetse ebile e thibela serame se tsoang maotong hore se se ke sa kena ’meleng. Arthur P. Fraas, eo e leng moenjiniere oa mechine le lifofane, o re mokhoa ona “oa ho futhumatsa ke o mong oa e sebetsang hantle ka ho fetisisa lefatšeng.”13 Mokhoa ona o atleha haholo hoo lienjiniere li o kopilitseng.
Thoriso e Lokela ho Lebisoa ho Mang?
Ho sa le joalo, mokhatlo oa National Aeronautics and Space Administration, o ntse o nahana ho etsa roboto e maoto a mangata e tsamaeang joaloka phepheng ’me lienjiniere tsa Finland tsona li se li qapile terekere e mabili a tšeletseng eo joaloka kokoanyana e khōlō e ka khonang ho hloa lintho tse ka e emang ka pele. Bafuputsi ba bang ba qapile lesela le nang le mameno a manyenyane a bulehang le ho koaleha ka tsela e tšoanang le ea tholoana ea sefate sa phaene. Lesela le joalo le khona ho feto-fetoha le mocheso oa ’mele oa motho ea le apereng. K’hamphani e ’ngoe e etsang likoloi e ntse e qapa koloi e tla tsamaea ka tsela e thellang joaloka tlhapi e bitsoang boxfish. ’Me bafuputsi ba bang ba ntse ba batlisisa mokhoa oo khetla e sireletsang khofu ea leoatle ka oona, e le hore ba tle ba etse tšireletso ea sefuba ea mohlabani, e thata empa e le bobebe.
Bafuputsi ba ithutile lintho tse ngata haholo tlhahong hoo ba seng ba bokeletse boitsebiso k’homphieutheng, ba bile ba thathamisitse litsela tse ngata tse fapaneng tseo lintho tse phelang li etsang lintho ka tsona. Makasine ea The Economist e re bo-rasaense ba ka hlahloba boitsebiso bona ho fumana “tharollo ea tlhaho mathateng ao ba thulanang le ’ona ha ba qapa.” Boitsebiso bo bokeletsoeng k’homphieutheng bo bontšang litsela tseo lintho tsa tlhaho li sebetsang ka tsona bo bitsoa litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang. Ka tloaelo, ha k’hamphani kapa motho a ngolisa ka molao khopolo e ncha kapa mochine o mocha, o fuoa tokelo ea eona ea molao. Ha e tšohla boitsebiso bona bo k’homphieutheng boo lintho tsa tlhaho li nang le tokelo ea molao ea bona, The Economist e re: “Ka ho bitsa mekhoa ea ho etsisa lintho tsa tlhaho ‘litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang,’ ha e le hantle bafuputsi ba hatisa ntlha ea hore tlhaho ke eona e nang le litokelo tsa molao.”14
Lintho tsee tsa tlhaho li fumane bohlale bo bokaale hokae? Bafuputsi ba bangata ba tla re bohlale bo bonahalang linthong tsa tlhaho bo bile teng ha lintho li ntse li iphetola ka lilemo tse limilione li leka sena le sane. Leha ho le joalo, bafuputsi ba bang bona ba fihlela qeto e fapaneng. Setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo, Michael J. Behe, se ngotse tjena ho The New York Times ea la 7 February, 2005: “Boqapi bo boholo bo bonahalang [pōpong] bo fana ka lebaka le le leng feela le utloahalang: haeba e shebahala joaloka letata, e tsamaea le ho lla joaloka lona le hona ho se na bopaki bo utloahalang ba hore ha se lona, joale ha ho lebaka la hore re belaele hore ehlile ke letata.” Ntlha ea hae ke efe? “Ha ho totobetse hore ntho e qapiloe, ha ho motho ea lokelang ho iphapanyetsa seo.”15
Ka sebele, moenjiniere ea qapang lepheo le sireletsehileng, le sebetsang hamolemo la sefofane o lokela ho fuoa tlotla bakeng sa ntho eo a e qapileng. Ka ho tšoanang, moqapi oa lesela la liaparo le bonojoana, kapa oa koloi e sebetsang hantle haholoanyane o tšoaneloa ke tlotla ka seo a se qapileng. Ha e le hantle, mohlahisi oa ntho leha e le efe ea etsisang ntho e qapiloeng ke motho e mong ebe ha a bolele moqapi oa eona kapa ho lebisa thoriso ho eena a ka nkoa e le motlōli oa molao.
Joale ak’u nahane ka lintlha tsena: Bafuputsi ba rutehileng haholo ba etsisa lintho tsa tlhaho ho rarolla mathata a bona a maholo ha ba qapa lintho. Leha ho le joalo, ba bang ba re bohlale bo fumanoang tlhahong bo bile teng ka ho iphetola ha lintho kantle ho tataiso ea moetsi ea bohlale. Na u utloa e le ntho e utloahalang? Haeba ho etsisa tlhaho ho hloka moqapi ea bohlale, joale ho thoe’ng ka ntho e etsisoang? Ha e le hantle, ke mang ea tšoaneloang ke tlotla pakeng tsa moqapi e moholo le seithuti se etsisang ntho e qapiloeng?
Qeto e Utloahalang
Ka mor’a ho hlahloba bopaki ba hore lintho tsa tlhaho li na le motho ea li qapileng, batho ba bangata ba nahanang ka ho teba ba lumellana le mantsoe a mongoli oa Bibele, Pauluse, ea ileng a re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.”—Baroma 1:19, 20.
U Tla Araba Joang?
◼ Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore bohlale bo bonahalang linthong tsa tlhaho bo bile teng ka tšohanyetso feela?
◼ U tla arabela joang motho ea reng lintho tse phelang li mpa feela li bonahala eka li na le moqapi?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Ke mang ea nang le tokelo ea molao ea lintho tsa tlhaho?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Na e qapiloe?
Haeba ho etsisa tlhaho ho hloka moqapi, joale ho thoe’ng ka ntho e etsisoang?
Likhoele
◼ Ntho e entsoeng ke motho: Kevlar ke khoele e thata e qapiloeng ke motho e sebelisoang ha ho etsoa lintho tse kang liaparo tse thibelang likulo. Ho hlokahala mocheso o moholo le lik’hemik’hale tse matla e le hore ho etsoe khoele ea Kevlar.
◼ Ntho ea tlhaho: Likho tse lohang tepo li hlahisa mefuta e supileng ea silika. Tepo e tiileng ka ho fetisisa e bobebe ho feta k’hothone, empa grama e le ’ngoe ea eona e matla ho feta grama ea tšepe ea setala ebile e matla ho feta khoele ea Kevlar. Haeba tepo eo e ka hōlisoa hore e lekane le lebala la bolo ea maoto—e le botenya ba senthimithara ’me likhoele tsa teng li arohane ka lisenthimithara tse ’nè—e ka emisa sefofane se seholo sa jete! Likho tsona li etsa tepo ea tsona mochesong o itekanetseng ’me li sebelisa metsi feela.
[Setšoantšo]
Setšoantšo se hōlisitsoeng se bontšang ha sekho se etsa tepo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Copyright Dennis Kunkel Microscopy, Inc.
Lintho tse fofang
◼ Ntho e entsoeng ke motho: Lifofane tse ling tsa baeti li na le k’homphieutha e tataisang sefofane ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, se be se lule ho se na mokhanni. E ’ngoe ea lik’homphieutha tse ileng tsa sebelisoa ho etsa hore sefofane se itsamaise e lekana le karete ea banka.
◼ Ntho ea tlhaho: Ho na le serurubele se seholo se sebelisang boko bo ka lekanang le hloohoana ea pene ha se nka leeto la lik’hilomithara tse 3 000 se tloha Canada se ea morung o monyenyane o Mexico. Letsatsi ke lona le thusang serurubele sena leetong la sona ha se fofa ’me se khona ho tsamaisana le letsatsi ho sa tsotellehe hore na le hokae.
Lilense
◼ Ntho e entsoeng ke motho: Lienjiniere li entse mochine o nang le lilense tse 8 500 o lekanang le hloohoana ea phini. Lilense tseo li ka sebelisoa hore li khone ho bona lintho tse fetang ka lebelo, hape li ka sebelisoa le lik’hamereng tse nyenyane haholo tse khonang ho nka lintho foto ka mahlakoreng ’ohle.
◼ Ntho ea tlhaho: Leihlo ka leng la lefehlo le na le lilense tse ka bang 30 000. Lilense tsena li bontša lintho tse ngata tseo ha leihlo le li kopanya li hlahisang setšoantšo se seholo se hlakileng. Mahlo a lefehlo a ipabola ka ho bona ntho leha e le efe e sisinyehang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Mocheso o fella ’meleng
Serame se fella maotong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Fotosearch
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Koloi eo ho nahanoang hore e ka tsamaea ka tsela e thellang le e tsitsitseng joaloka tlhapi e bitsoang boxfish.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Boxfish and car: Mercedes-Benz USA
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
Tsela eo li-dolphin li sebelisang maqhubu a molumo ka eona ho utloa lintho tse ka metsing e feta hōle eo batho ba e sebelisang
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Bo-rasaense ba ntse ba batlisisa mokhoa oo khetla e sireletsang khofu ea leoatle ka oona
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Checheiki e ka manama moo ho leng boreleli haholo e sebelisa matla a limolek’hule tse maotong a eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]
Plane: Kristen Bartlett/University of Florida
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]
Gecko foot: © Fotosearch; hummingbird: Laurie Excell/Fogstock/age fotostock